11.Hud

  1. Alif. Lam. Ra. Lena ke Lengolo, la litemana tse phethahetseng tse bileng li hlalositsoeng. Le tsoa ho Ea Mong Ea Seli, Ea Tsebang Lintho Tsohle
  2. Hore le se khumamele mong ntle ho Allah.” Ruri ke rometsoe ho tsoa ho Eena, ho hlokomelisa le ho tlisa litaba tse molemo
  3. Le shomaele joana: “Kopang ts’oarelo ho Mong`a lona, le retelehele ho Eena ka boinyatso. Hore A tle A le nehe nyakallo ea ‘nete ho fihlela nako ea pallo. A le putse ka nala ea Hae ho bohle ba khabane. Empa ha le kheloha, Ke ts’aba Kotlo ea Letsatsi le Mahlonoko e tlang ho lona
  4. Ho Allah ke poelo ea lona, etsoe o na le Matla holima lintho tsohle.”
  5. Bonang! ba ititile lifuba moo ba patelang Allah menahano ea bona. Ka ona motsotso oo ba ipopileng ka liaparo tsa bona, Allah U tseba tseo ba li patileng le tseo ba li phatlalatsang. U hlokolosi ka tse kahar’a lifuba tsa batho
  6. Ha ho phoofolo efe kapa efe lefats’eng e sa fumaneng boipheliso ho Allah. U tseba nako le sebaka sa eona sa tulo sa nakoana le sa bofelo. Kaofela li ngolisitsoe kahar’a buka e hlakileng
  7. Ke Eena ea hlotseng maholimo le lefats’e ka matsatsi a ts’eletseng – Terone ea Hae e ne e le holim’a metsi – hore A tle A le behe tekong ea hore na ke mang har’a lona ea boits’oaro bo hloekileng. Empa ha u re ho bona: “Le tla tsosoa hape kamor’a lefu!” Ruri mahana-tumelo a tla re: “Sena ha se letho haese boloi bo pepenene.”
  8. Haeba re ka liehisa timelo ea bona ho fihlela nako ea pallo, Ruri ba tla re: “E ts’oareletsoe ke eng?” Ruri mohla letsatsi leo e tla ba fihlela, e ke ke ea ba phonyoha, seo ba neng ba se soma se tla ba etsetsa lesakana-la-nkope
  9. Ha Re kile Ra latsoisa motho mohau oa Rona, hamorao Ra mo amoha ona, bonang! O ba mesarelong hoo a beng a nyefole
  10. Ha Re ka mo latsoisa lereko la Rona kamor’a hoba a oeloe ke bomalibe bo eitseng, o re: “Ke folile maloetse.” Bonang! O’a ithorisa, e bile o’a ikhohomosa
  11. Haese feela ba nang le mamello ba bile ba etsa liketso tse lokileng. Ruri moputso o moholohali ke oa bona le eona ts’oarelo
  12. Ka mohlomong u ikutloa hore u ka ‘na oa nyahlatsa karoloana ea seo u ileng oa se senoleloa, pelo ea hau e ikutloa e le bothateng ka eona hobane ba re: “Hobaneng ho sa kang ha romelloa letlotlo ho eena, kapa lona lenyoloi la tla le eena?” Ruri uena u mpa u le mohlokomelisi, Allah U ikarabella holim’a lintho tsohle
  13. Kapa bare: “O iqapetse eona.” E re: “Tlisang ke hona litemana tse leshome tse ts’oanang le tsena tsa boiqapelo ba lona le bitse ope oa boikhethelo ntle ho Allah haeba le hlile le bua ‘nete ho tla le thusa.”
  14. Haeba melimo ea lona esa arabele thapelo ea lona tsebang hore ts`enolo ena e senotsoe feela ka tsebo ea Allah; etsoe ha ho na `Mopi e mong ntle le Eeena. Na joale le tla ba har’a ba inehetseng
  15. Ba labalabelang bophelo ba lefats’e lena le bokhabane ba lona, re tla ba putsa ho latela liketso tsa bona lefats’eng, moo teng ba ke ke ba qhekelloa
  16. Ba har’a bao ho seng letho bophelong Bo-tlang haese Mollo. Merero eohle eo ba e etsang lefats’eng ke lefeela, le liketso tsohle tseo ba li etsang ke mafeela
  17. Na ea amohelang Lengolo le hlakileng le tsoang ho Mong`a hae, a ka ts’oana le bona; a bile a le pheteloa ke paki e tsoang ho Allah; pele ho lona ho tlile molao oa Moshe, Torah e le mohlala ekasitana le ona mohau? Ba kholoang ho lona; empa ba lequloana le latolang; – Mollo ke sebaka seo ba ts’episitsoeng kopano. u se be le khoao hobane Ke ‘nete e tsoang ho Mong`a lona; empa bongata hara batho ha ba kholoe
  18. Ke bo mang ba etsang phoso e mpehali ho feta ba qapang leshano khahlanong le Allah? Ruri! Ba tla tlisoa kapel’a Mong`a bona, lipaki li tla re: “Bana ke ba ileng ba buoa leshano ka Mong`a bona”. Bonang! thohako ea Allah e holim’a baetsa phoso! –
  19. Ba sitisang batho tseleng ea Allah, ba tsoma ho eona se khopameng, bana ke ba latotseng Bo-tlang
  20. Ba ke ke ba phonyoha lefats’eng lena, kapa hona hoba le metsoalle e ka ba ts’ireletsang kathoko ho Allah. Kotlo ea bona e tla menahangoa. Ba lahlehtsoe ke kutlo, ha ba ea ka ba bona
  21. Ke ba lahlehetsoeng ke meea ea bona, le mepoto eo ba e qapileng eba siile shalabeng
  22. Kantle ho khoao, bana ke batla lahleheloa ho feta ho Bo-tlang
  23. Haele ba kholoang ba bile ba etsa liketso tse nepahetseng le ho ithoba kapel’a Mong`a bona: e tla ba Balekane ba Serapa; ba tla phela ka sera teng kahosafeleng
  24. Papiso ea mekha ena e ‘meli e ka ts’oants’oa le lifofu le litholo, le ba boning ba bile ba utloa. Na ba a lekana ha ba bapisoa? Na le sa tla ke le amohele tlhokomeliso
  25. Re ile ra romella Nooe ho batho ba habo: “Ke tlile ho lona ka tlhokomeliso e hlakileng
  26. Hore le se sebeletse mong ntle ho Allah. Ruri! Ke ts’aba kotlo ea Letsatsi le Mahlonoko e tobaneng le lona”
  27. Empa Marena a mahana-tumelo har’a batho ba habo a re: “Ha ho seo re se bonang ho uena haese motho ea ts’oanang le rona, e bile ha re bone ope ea u setseng morao haese bafutsana har’a rona, ba shebelang litaba bophoqong. Etsoe ha ho bohlokoa boo re bo bonang ho lona bo ka holim’a rona – che, re nahana hore le mashano
  28. A re: “Oho batho ba heso! Lemohang haeba ke its’etlehile holim’a sesupo se hlakileng se tsoang ho Mong`a ka, le hoba Mohau o tlile ho ‘na o tsoang ho bo teng ba Hae, le hore Mohau oo o mpa o entsoe hore o sirehe ponong ea lona; re ka le qobella ho o amohela le hoja le le khahlanong le ona
  29. Oho hle batho ba heso! Ha ke le kope matlotlo. Moputso oa ka o ho Allah feela, e bile nke ke ka leleka ba kholoang: Ruriba lokela ho kopana le Mong`a bona empa ke bona hore le bothoto
  30. Oho batho ba heso! Ke ofe ea neng a ka mpholosa ho Allah haeba ke ne ke balelekile? Na le sa tla ke le lemohe
  31. Ha ke ea es’o re ho lona: “Matlotlo A Allah a ho ‘na, kapa hona ho tseba Masabonoeng, kapa ke re ho lona Ke Lenyeloi! Kapa hona hore batho ba eisehang mahlong a lona, Allah A ke ke A ba neha tse molemo; Allah U tseba hantle tsohle tse kahar’e ho lipelo tsa bona – Ke ne ke tla be ke le har’a baetsa phoso.”
  32. Ba re: “Nooe! U re phehisa khang, u ea lolololo ho re phehisa khang; joale a k’u re tlisetse seo u ‘nileng oa re ts’osa ka sona, haeba u hlile u bolela ‘nete.”
  33. Nooe a re: “Ruri Allah U tla se tlisa holima lona ha A rata joalo, ha ho kamoo le ka se phonyohang kateng
  34. Keletso ea ka e ke ke ea le atlehisa le hoja ke ne ke ratile ho le eletsa, ha feela eba thato ea Allah e le ho le lesa tahlehong. Ke Mong`a lona eo kaofela ha lona le tlang ho khutlela ho Eena
  35. Kapa ba re: “O iqapetse eona?” E re: “Haeba ke iqapetse eona, lits’ito tsa ka li be holim’a ka; empa ke pholohile libeng tsohle tseo le leng molato oa tsona.”
  36. Ho ile ha senoloa ho Nooe, hore: “Ha ho le’a mong oa batho ba heno ea tla kholoa, kantle le eo ebang o se a ntse a kholoa ka botlalo. Kahoo u se its’oenye ka liketso tsa bona
  37. Uena aha Areka kapel’a mahlo a Rona, ka ts’usumetso ea Rona; u se hlole u buoa le ‘na ka ba oetseng sebeng. Ruri batla metsoa ke morallo oa metsi.”
  38. Eaba u qalella ho aha Areka: ka linako tsohle Marena a Batho ba habo ha a ne a feta pela hae; bane ba mo tlepa lits’eo. A re: “Le hoja le re ts`eha, rona re tla le tlepa lits’eo le hoja le keketehile hakaalo
  39. Empa haufinyane le tla tseba hore na ke mang eo Kotlo e tlang ho mo koahela ka masoabi, ke mang eo kotlo e sa feleng e tlang ho mo oela.”
  40. Khabareng, bonang! Taelo ea Rona ea phethahatsoa, mehloli ea ts’akhunya metsi, – Ra Re: “Palamisa ka bobeli mohlobo o mong le o mong, bobeli e tona le e ts’ehali, u be u kene le lelapa la hau kantle le bao lentsoe le seng le ile khahlanong le bona ka botlalo, le bohle ba kholoang.” Empa bane bafokola ba neng kholoa le eena
  41. Eaba u re: “Palamang Arekeng! Lebitsong la Allah; e emeng kapa e tsamaea. Mong`a ka U Ts’oarela joalo-joalo, U Khaphatseha Mohau.”
  42. Areka e ile ea sesa ka bona holim’a maqhubu a phahameng joaloka lithaba, Nooe a hoeletsa mor’a oa hae, – ea neng a ikarotse ho bona: “Oho mora’ka! Palama le rona, u se be har’a mahana-tumelo.”
  43. Eaba mora’hae o re: “Ke tla nyolohela ho e ‘ngoe ea lithaba e tla mpholosa metsing. Nooe a re: “Letsatsing lena ha ho letho le tla pholoha taelong ea Allah haese feela bao Mohau oa Hae o leng ho bona. Eaba maqhubu a fihla lipakeng tsa hae le mora, mora oa hae a khangoa ke morallo oa metsi
  44. Eaba lentsoe le re: “Lefats’e! Koenya metsi a hau, leholimo! Khaotsa ho nesa pula! Eaba metsi a theoha ho fihlela boemong. Joale eaba taelo e phethahalitsoe. Areka ea lula holim’a thaba ea Judi, lentsoe la re: “Larita ho baetsa-phoso!”
  45. Eaba Nooe o bitsa ho Mong`a hae, a re: “Mong`a ka! Ruri Mora’ka ke oa lelapa la ka! Ts’episo ea Hau ke’a ‘nete, Ke Uena Moahloli Ea Toka ka ho fetisisa.”
  46. Allah A re: “Nooe! Ha se e mong oa lelapa la hau; hobane liketso tsa hae li fosahetse, kahoo u se ke oa nkopa seo u senang tsebo ka sona. Ke’A u eletsa esere mohlomong oa ba har’a maoatla.”
  47. Nooe a re: “Mong`a ka! Ruri ke kopa ts’ireletso ho Uena ka sebe seo nka tlohang ka U kopa sona seo ke senang tsebo holim’a sona. Ntle le hore U nts’oarele le hona hoba mohau ho ‘na, Ruri ke tlaba har’a ba lahlehileng.”
  48. Lentsoe la re: “Nooe! Theoha ka Khotso le tlhohonolofatso e tsoang ho Rona e holim’a hau le lichabeng tse tla tsoaloa ke batho bao u nang le bona. Ho tla ba teng lichaba tse ling tseo Re tla li neha nyakallo, hamorao ebe ba oeloa ke kotlo e mahlonoko e tsoang ho Rona.”
  49. Tsena ke litaba tsa Masabonoeng tseo re u senolelang tsona. Le hoja uena le batho ba heno le ne le sa li tsebe pele ho lena. Kahoo tiisetsang ka mamello. Hobane Qetello ke ea ba etsang botle
  50. Sechabeng sa Ade Re ile Ra romella Hud ngoana’bo bona. A re: “Oho batho ba heso! Khumamelang Allah! Hobane ha le na `Mopi e mong ntle ho Eena. Lona ha ho seo le se etsang haese boqapi
  51. Oho batho ba heso! Ha ho moputso oo ke le kopang ona. Moputso oa ka o ho Ea Mpopileng. Na le sa tla ke le utloisise
  52. Oho batho ba heso! Kopang ts’oarelo ho Mong`a lona, le retelehele ho eena ka boinyatso; U tla nesa lipula tsa litloebelele tse tsoang marung, U tla le ekeletsa matla holim’a matla ao le nang le oona. Kahoo se khutleleng sebeng!”
  53. Ba re: “Hud! Ha u es’o tlise sesupo se hlakileng ho rona, re ke ke ra furalla melimo ea rona ho latela lentsoe la hau feela; ‘Ebile re ke ke ra u kholoa!”
  54. Ha ho seo re ka se bolelang haese hore mohlomong e mong oa melimo ea rona o o fapantse kelello.” Hud a re: “Ruri ke bitsa Allah hoba paki, le lona hape le be lipaki tsa hore ke itlhotlholla ho tsohle tseo le li bapisang le Allah.”
  55. ‘Melingoana e le batletsetsi! Kahoo lohang leano khahlanong le ‘na, ka ho fela ha lona, le se ‘nehe phomolo
  56. Ke behile ts’epo ea ka ho Allah, Mong`a ka ebile e le Mong`a lona. Ha ho phoofolo eo a sa e kakatlelang ka moetse! Bonang! Ruri Ke Mong`a ka ea Tseleng e otlolohileng
  57. Haeba le ka koeneha, Ruri `na ke tla be ke phatlalalitse molaetsa oo ke romiloeng ka ona ho lona, sebakeng sa lona Mong`a ka U tla hlahisa batho ba bang. Le ke ke la Mo utloisa bohloko le hanyenyane. Hobane Mong`a ka ke mohlokomeli le molekoli holim’a lintho tsohle.”
  58. Eitse hoba taelo ea Rona e fihle, Re ile ra pholosa Hud le bohle ba neng ba kholoa le eena ka Mohau oa Rona; Re ile Ra ba pholosa kotlong e ts’abehang
  59. Bao ebile batho Ba-Ade. Ba ile ba latola lits’enolo tsa Mong`a bona le ho nyelisa Moromuoa oa Hae, eaba ba latela taelo ea e mong le e mong ea tsoileng tseleng ea matla a bokhopo
  60. Ba ile ba oeloa ke thohako lefats’eng lena; – ekasitana le mohla Letsatsi la Kahlolo. Bonang! Ba-Ade ba ile ba latola Mong`a le ‘Maballi oa bona. Bonang! Ba ile ba phumuloa Ba – Ade, batho ba habo Hud
  61. Le ho sechaba sa Ba-Thamud, Re ile Ra romella ngoana’bo bona Salih. A re: “Oho batho ba heso! Khumamelang Allah, hobane ha le na `Mopi e mong ntle hoEeena. Ke Eena Ea le hlolileng lefats’eng le ho le jakisa ho lona. Kahoo kopang ts’oarelo ho Eena le be le khutlele ho Eena ka boinyatso. Bonang! Mong`a ka U haufinyane ka linako tsohle, ebile U ikemiselitse ho Araba.”
  62. Ba re: “Salih! U bile e mong oa rona, u le eo re behileng ts’epo ea rona ho eena. Na joale u se u re hanela ho khumamela melimo eo bo-ntat’a rona ba neng ba e khumamela? Bona! Ruri rona re na le pelaelo e kholo mabapi le seo u re bitsetsang ho sona
  63. A re: “Oho batho ba heso! Na le’a bona? – Haeba ke na le sesupo se hlakileng se tsoang ho Mong`a ka? A bile A romeletse Mohau ho ‘na o tsoang ho Eena; hana ke mang ea tla ntopolla ho Allah haeba ke sa mo mamele? Lona ha ho seo le ka nkekeletsang sona haese tahleho
  64. Oho batho ba heso! Kamele ena e ts’ehali ke sesupo ho lona se tsoang ho Allah, kahoo e lokolleng ho fula lefats’eng la Allah, le se ke be la e hlahisa kotsi esere ka mohlomong kotlo e hauts’oane ea tloha ea le oela
  65. Empa ba ile ba e hlokofatsa, eaba o re: “Natefeloang ke bophelo ka matlung a lona matsatsi a mararo! Sena ke ts’episo eo e ke keng ea fetoha leshano.”
  66. Eitse hoba pallo ea Rona e fihle, Re ile Ra pholosa Salih le bohle ba neng ba kholoa le eena ka Mohau o tsoang ho Rona tlotlollong ea mohla letsatsi leo. Bonang! Ruri Mong`a lona U na le matla, etsoe U matla Oohle
  67. Eaba ho thoathoaretsa ho ts’abehang ho timetsa bohle ba neng ba etsa libe, hoo eitseng ka meso ba fumanoa baletse mofela malapeng a bona
  68. Joaloka ha eka haesale ba ne ba es’o phele moo. Bonang! Ruri Ba-Thamud ba ile latola Mong`a bona. Bonang ba phumuloa Ba-Thamud
  69. Baromuoa ba Rona ba ile ba etela Abrahama ka litaba tse molemo. Eaba ba re: “Khotso!” A araba: “Khotso!” Eaba o potlakela hoba phomosetsa a ba tlisetsa namane e besitsoeng
  70. Empa ha a bona matsoho a bona a sa ngoathe lijo tseo, a fihleloa ke ho se ba ts’epe. Eleng moo ba ileng ba re: “Se ts’ohe letho! Hobane re romeletsoe ho batho ba habo Lota.”
  71. Mosali oa Abrahama, Sara o ne a eme pel’a hae, eaba o’a keketeha nakong eo Re neng Re mo neha litaba tse molemo tsa tsoalo ea Isaaka, kamorao ho eena ka Jakobo
  72. Sara a re: “Oho ke mohlolo ka ‘na! Nka beleha ngoana joang empa ke se ke le setsoatsana, le monna oa ka e se e le leqheku? Ruri! Hona ke taba e mohlolo!”
  73. Ba ile ba re: “Na u ka makalla taelo ea Allah? Ruri Mohau le mahlohonolo a Allah li ke li le aparele oho lona batho ba ntlo ena! Bonang! Ruri ke Allah ea lokeloang ke lithoriso, Mong`a tlotla eohle!”
  74. Eitse hoba letsoalo le siruhele Abrahama, litaba tse molemo li mo fihlele; eaba o etsa thapeli ho Rona malebana le batho ba habo Lota
  75. Abrahama kantle ho khoao o ne a le pelo-tlhomohi, a bile a kopa ka mosa oohle le ka boinyatso
  76. Oho Abrahama! Se batle sena! Taelo ea Mong`a hau e se e tsoile, malebana le bona ho tla kotlo e ke keng ea hlola e khutlisoa
  77. Hoba Baromuoa ba Rona ba fihle ho Lota, o ile a sareloa hoo a ileng a hloka tsebo ea hore na o tla ba hlokomela joang. A re: “Lena ke letsatsi la mahlomola.”
  78. Eaba batho ba habo ba tla baphaletse ho eena, – ka ha ba ne ba tloaetse ho etsa linyonts’a – – A re: “Oho batho ba heso! Barali ba ka ke bana! Ba hloekile sebakeng sa lona. Ts’abang Allah, le se nkapese ka masoabi kapel’a baeti ba ka. Na ha ho monna le’a mong har’a lona ea boits’oaro bo nepahetseng
  79. Batho ba habo ba re: “Ruri u tseba hantle hore ha re batle barali ba hau, ebile u tseba hantle seo re se batlang.”
  80. A re: “Hoja ke na le matla a ho le sitisa, kapa ebe nka ba le bots’ehetsi bo matla!”
  81. Baromuoa ba re: “Oho Lota! Re Baromuoa ba Mong`a hau; ba ke ke ba u ama. Kahoo, tsamaea le lelapa la hau karolong ea bosiu, u se ke be oa lumella le’a mong oa lona ho hetla, – empa har’a bona bohle mohatsa’o o tla salla morao. ho eena ho tla etsahala se tla etsahalla batho bohle. Meso ke nako eo ba e hloaetsoeng. Na meso ha e haufinyane?”
  82. Hoba taelo ea Rona e fihle, ebile Re nyebekolla metse eo le hona hoba nesetsa sebabole sa lenyeta, mokhahlelo kamor’a mokhahlelo
  83. Mong`a lona o ts’oaile joalo ka mollo: Etsoe ha ba thoko hakaalo le baetsa-phoso
  84. Ho batho ba Mediane Re ile Ra romella ngoana’bo bona Shuaib. A re: “Oho batho ba heso! Khumamelang Allah. Etsoe ha le na `Mopi e mong ntle ho Eena! Ananyetsanong, le se ke la fana ka tekanyo e fokolang le haele ka boima bo fokolang. Ke bona hantle hore le har’a katleho, empa Ruri ke ts’aba Kotlo e lebaneng le lona ea Letsatsi le tlang ho le etsetsa lesakana-la-nkope
  85. Oho hle batho ba heso! Fanang ka tekanyo e feletseng le ka boima bo feletseng ka toka, le se qhekelle batho bao le ananyetsanang le bona thepa ea bona. Le se bake pherekano lefats’eng; ka ho fehla merusu
  86. ‘Seo Allah a le sitsitseng ka sona, se molemo ho lona hoja ebe le na le tumelo; ‘na ha ke’a tla le alosa.”
  87. Ba re: “Shuaib! Na tsela ea thapelo ea hau e u laela hore re nyahlatse seo bo-ntat’a rona ba neng ba tloaetse ho se etsa, kapa re nyahlatse ho etsa seo re se ratang ka maruo a rona? Ruri! Uena u na le pelo-tlhomohi, ebile u tataisetsa boits’oarong bo nepahetseng
  88. A re: “Oho batho ba heso! Na le’a bona: haeba ke na le sesupo se hlakileng se tsoang ho Mong`a ka? Eba u mphile boipheliso bo hloekileng bo tsoang ho Eena? Ha ke lakatse hore ke be khahlanong le lona ka ho etsa seo ke le hanelang ho se etsa. Ke mpa ke le lakaletsa hoba chatsi ka hohle kamoo nka khonang. `na katleho ea ka e ho Allah feela. Ho Eena ke behile ts’epo ea ka, ke retellehela ka ho Eena
  89. Oho lona batho ba heso! Se lumelleng lehloeo la lona ho ‘na ho le khannela sebeng, esere mohlomong la tloha la oeloa ke koluoa e ileng ea oela batho ba habo Nooe, Hud, Salih le batho ba habo Lota ba seng hole hakaalo le lona
  90. Kopang ts’oarelo ho Mong`a lona le be le retellehele ho eena ka boinyatso. Hobane Ruri Mong`a ka o khaphatseha mohau, o tletse lerato.”
  91. Ba re: “Shuaib! Boholo ba seo u se buoang ha re se utloisise, ebile har’a rona ha u na matla a letho. Empa hoja e se be ka lelapa leno, re ka be re u tlepelitse ka majoe; hobane uena ha u na matla har’a rona.”
  92. A re: “Oho batho ba heso! Na lelapa leso ho lona le hlompheha ho feta Allah? Ke kahoo le Mo lahlelang thoko morao-rao ho lona ka tello! Ruri Mong`a ka o etselitse tsohle tseo le li etsang lesakana-la-nkope
  93. Oho batho ba heso! Sebetsang ho latela matla a lona, hobane le ‘na ke kene khabong. Haufi le tla tseba eo Kahlolo ea tlotlollo e tla theohela ho eena, le hore na ke mang ea leshano. Le lebelle! Le ‘na ke lebeletse le lona.”
  94. ‘Hoba taelo ea Rona e fihle, Ra pholosa Shuaib le bao a neng a kholoa le bona ka Mohau o tsoang ho Rona; ho thoathoaretsa ho ts’abehang ho ile ha nanola bohle ba entseng bokhopo, hoo eitseng ka meso ba fumanoeng ba rapaletse mofela malapeng a bona
  95. Joaloka ha eka ba ne ba es’o phele moo. Bonang! na Ba- Mediane ba phumutsoe, joaloka ha ho ile ha phumoloa Ba- Thamud
  96. Re ile Ra romella Moshe ka lits’enolo tsa Rona le matla a tsepameng
  97. Ho batho ba Faro le Matona a hae, empa ba ile ba latela taelo ea Faro; taelo ea Faro e ne e se tataiso e nepahetseng
  98. Ruri Faro o tla etella batho ba hae pele mohla Letsatsi la Kahlolo ho ba isa mollong. Empa Ruri ba tla ea khanneloa sebakeng se rohakehileng
  99. Ba setsoe morao ke thohako lefats’eng lena, esita le mohla Letsatsi la Kahlolo. Ruri o nyonyehang moputso oo ba tlang ho o fuoa
  100. Tsena ke tse ling tsa litaba tsa lichaba tseo Re u phetelang tsona. Tse ling tsa tsona li sa eme ha tse ling li kotutsoe
  101. Ha se rona ba ba foselitseng empa ke bona baiphoselitseng ka bo-bona; le melimo ea bona eo ba neng ba bitsa ho eona ba sa natse Allah, ha e ea ka ea ba thusa ka letho nakong eo taelo ea Allah e neng e fihlile; ha ho letho leo melimo ea bona e ileng ea ba phaella ka lona haese mats’oenyeho qha
  102. E joalo khalemo ea Mong`a lona nakong eo a khalemang lichaba tse bobeng ba tsona. Khalemo ea hae e mahlonoko, ebile e matla a hlollang
  103. Ho seo ho teng sesupo ho bohle ba ts’abang Kotlo ea Bo- tlang. Leo etlaba letsatsi leo ka lona batho bohle ba tlang ho bokelloa ‘moho, e tla ba letsatsi la bopaki
  104. Re ke ke Ra le liehisa haese feela ka nako ea pallo
  105. Mohla letsatsi leo, ha ho moea o tla buoa haese feela ka tumello ea Allah; ba bang ba bona ba tla be ba le mahlomoleng, ha ba bang bona ba tla be ba thabile
  106. Ba tla beng ba le mahlomoleng mohla letsatsi leo, ba tla ba har’a mollo; karolo ea bona e tla ba ho etimola le eona mefehelo kamoo
  107. Ba tla phela kamoo ka linako tsohle tseo maholimo le lefats’e a tlang ho ba teng ntle le haeba Thato ea Mong`a lona ekaba ka mokhoa o mong. Ruri Mong`a lona ke Moetsi oa lintho tsohle tseo A li ratang
  108. Ba tla beng ba thabile ka letsatsi leo, ba tla kena kahar’a Serapa. Ba tla phela kamoo ka linako tsohle tseo maholimo le lefats’e a tlang hobateng ntle le haeba Thato ea Mong`a lona ekaba ka mokhoa o mong: e le mpho e se nang pheletso
  109. Kahoo uena u se its’oenye ka tseo batho bana ba se khumamelang. Ba mpa khumamela seo bo-ntat’a bona ban eng ba se khumamela. Ruri re tla ba lefa moputso oa bona kaofela kantle ho phokotso
  110. Re ile ra nehelana ka Lengolo ho Moshe, le hoja ho bile le likhang holim’a lona; hoja e ne e se ka Lentsoe le ne le sa tsoa ho Mong`a hau, taba e ka be e ahlotsoe lipakeng tsa bona; empa bana le khoao e tebileng malebana le lona
  111. Ruri Mong`a lona U tla lefa e mong le e mong ho latela mesebetsi ea hae ka botlalo. U tsebisisa hantle tsohle tseo ba li etsang
  112. Emang le tiile tseleng e otlolohileng joaloka ha le laetsoe,- Uena le bohle baretellehelang ho Allah; ba sa tlole molao. U bona tsohle tseo le li etsang
  113. Le se sekamele ka ho ba etsang liphoso esere la nanoloa ke mollo; kapa la hloka mots’oalle ea ka le ts’ireletsang kamtle ho Allah, kapa la sitoa ho thusoa
  114. Phethahatsang thapelo ka liqoleng tse peli tsa mathetho a letsatsi le phalimehong ea bosiu. Hobane Ruri liketso tse hloekileng li hlakola tse fosahetseng. Sena ke khopotso ho ba hopolang Mong`a bona
  115. U tiiee mamellong, hobane Ruri Allah ha a lahle moputso oa ba etsang ho loka
  116. Hobaneng ho sa ka haeba; har’a meloko pele ho lona Batho ba likelello li tsitseng, ho thibela pherekano lefats’eng – haese ba ‘maloa feela har’a bona bao Re ileng Ra ba pholosa? Baetsalibe bona ba lelekisana monate oa bophelo oa tseo ba li filoeng. Ba tsitlellele sebeng
  117. Mong`a hau U ne a ke ke a ripitla metse ka lebaka la tsi’to e le ng’oe, ha baahi ba eona bane ba ka loka
  118. Hoja ebile thato ea Mong`a hau, A ka be A entse batho ho ba Sechaba se le Seng: empa ha ba khaotse ho baka likhohlano
  119. Kantle ho bao Mong`a hau a ba sitsitseng ka Mohau oa Hae; e leng seo A ba hloletseng sona. Lentsoe la Mong`a hau le se le phethahalitsoe: “Ruri ke tla tlatsa lihele ka li-jinn le batho hammoho.”
  120. Lintho tsohle tseo Re u phetetseng tsona litabeng tsa Baromuoa, ke tseo Re u matlafatsang pelo ka tsona. Mona teng ‘nete e tla ho uena, le eona khothatso `moho le sona sehopotso ho ba kholoang
  121. Ho Mahana-tumelo e re: “Etsang kamoo le ka khonang: Re tla etsa karolo ea rona
  122. Le be le lete! Le rona re tla leta.”
  123. Masabonoeng; tsohle tsa maholimo le tsa lefats’e ke tsa Allah, litaba tsohle li tla khutlela ho Eena. Kahoo, Mo khumameleng le hona ho beha ts’epo ea lona ho Eena. Mong`a lona Ha A iphapanyetsa tsohle tseo le li etsang