13.The Thunder

  1. Alif. Lam. Mim. Ra. Tsena ke likhaolo tsa Lengolo: Tseo u li senoletsoeng ke Mong`a hau ke ‘Nete, empa batho ba bangata ha ba kholoe
  2. Ke Allah ea phahamisitseng maholimo ntle ho lits’iea tseo u ka li bonang, U tsepame Terone; A beha tlas’a molao oa Hae letsatsi le ngoeli, e ’ngoe le e ’ngoe e pitikoloha tseleng ea eona ho latela nako ea eona ea pallo; Ke Eena ea laolang lintho tsohle le hona ho hlahlamanya lits’enolo e le hore le tle le tiee tumelong ea hore le tla kopana le Mong`a lona
  3. Ke Eena ea alileng lefats’e le hona ho hloma holim’a lona lithaba tse tsepameng le melatsoana e phallang, le tsona litholoana tsa mefuta eohle ka bo-beli (tse tona le tse ts’ehali). U apesa bosiu ka mots’eare. Bonang! Ruri kahar’a lintho tsena ke lits’upiso ho le batho ba nahanang
  4. Lefats’eng ho teng masaba-saba a bapileng, le masimo a merara le ona masimo a jetsoeng lipalema tsa mefuta e sa ts’oaneng, masimo a noesetsoang ka metsi a le mang. Re entse hore litholoana tse ling tsa tsona li latsoehe ha monate ho feta tse ling. Bonang! Ruri kahar’a lintho tsena ke Lits’upiso ho batho banang le utloisisang
  5. Ha u ka makalla lipuo tsa bona: “na ha re se re le lerole, re tla boela re tsosoa hape hoba lihloliloeng tse nchafalitsoeng?” Bana ke ba latolang Mong`a bona; Ba tla tlamelloa lijoko melaleng ea bona; ke balekane-ba-mollo ka botlalo, batla phela kamoo kahosafeleng
  6. Ba u kopa ho potlakisa bobe ho fapana le botle, le hoja mehlala e mengata ebile teng pele ho bona. Empa bona! Mong`a hau Eena U na le ts’oarelo e khaphatsehang liketsong tsa bona tse fosahetseng, Ruri Mong`a hau U na le Matla Ohle kahlolong
  7. Ba latolang tumelobare: “hoja feela ebe sesupo se kile sa romeloa ho eena se tsoang ho Mong`a hae!” Uena u mpa feela u le mohlokomelisi ekasitana le eena motataisi oa batho bohle
  8. Allah U tseba ka botlalo bopaki ba e mong le e mong ea mots’eali a se imang le tseo lipopelo li haelloang ke tsona, le tseo li tlang ho li hlahisa. Ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe kapel’a hae e se ntse e lekanyelitsoe nako
  9. Ke Eena motsebi oa Masabonoeng le tse bonoang, o moholo, ebile o phahame ka ho fetisisang
  10. Ho oa ts’oana ho Eena hore na ope oa lona o shoa le mantsoe, kapa o’a phanyaola, ebang o lara a ipatile bosiu, kapa ebang o itsamaela ka bolokolohi mots’eare
  11. Sebakeng sa ea itsamaelang ka bolokolohi mots’eare, ho teng manyeloi ka tatellano ka pele le kamor’a hae a mo lebetseng ka taelo ea Allah. Bonang! Ruri Allah A ke ke A fetola boemo ba batho kantle le hore e be bona ba ka fetolang seo se ka lipelong tsa bona pele; hoja ebe Allah A ka lakaletsa batho bomalimabe, ha ho ea ka bo qhelelang thoko, kapa hona ho ba le Mots’ireletsi kantle le Eena
  12. Ruri ke Eena ea le bonts’ang lehalima le le bakelang letsoalo le eona ts’epo, ebe U nyolla maru a lutsang pula
  13. Lekirietsane lona le bina korotlane lithoriso tsa Hae le ona manyeloi a etsa joalo ka ho makala le ka hlompho e babatsehang ho Eena. O jala tlali e kirietsang ka li’a luma, ka eona A ranthanye ea Ikhethetseng Eena... Ba ts`oere khang ka Allah, ka Matla a Hae
  14. Thapelo ea ‘nete e lebisoa ho Eena. Ba bitsang emong kantle ho Eena se ba mamele, ba joaloka ha eka otlolla matsoho a bona ho atametsa metsi haufi le melomo ea bona, empa a sa fihle. Hobane thapelo ea ba senang Tumelo ke mofufutso o tsoelang boeeng joaloka oa ntja
  15. Libopuoa tsohle tse maholimong le lefats’eng li ithapalatsa tlas’a Allah li rata kapa li sa rate, liriti tsa bona tse phethahatsang mesong le lihoreng tsa mantsiboea
  16. E re: “Ke mang eo e leng Mong`a maholimo le lefats’e?” A re: “Ke Allah! E re: “Na le ka nka ba bang ntle ho Eena hoba ba ts’ireletsi, bao ka bo-bona ba ke keng ba iketsetsa botle kapa hona ho hlahisa kotsi?” U boele u re: “Na sefofu se ka lekana le ea bonang, kapa lona lefifi la bonka-ntjana le ka lekana le leseli? Kapa ebe ba maneha Allah le batlatsetsi bao eka bang le bona ba hlotse tse ts’oanang le lihloliloeng tsa Hae, hoo lihloliloeng tseo ba li entseng le lihloliloeng tsa Hae li ka shebahalang li ts’oana mahlong a bona? E re: “Ruri Allah ke `Mopi oa lintho tsohle, ke Eena A Inotsi, Ea Matla Oohle.”
  17. Ke Eena ea romellang pula lefats’eng e theoha marung, ebe melatsoana e phalla ho latela tekanyo ea eona, likhohola li lelemele li kheleletse makoeba a phaphametse, – ebe li bopa mothofu oo bao o qhibilihisang mollong ho iketsetsa lipetja le lipitsana tse ts’oehletseng makoeba joaloka tsona, – ke kamoo Allah A etsang lipapiso kateng e le hona ho totobatsa ‘nete le leshano. Makoeba ona a tla feta joaloka mahoholi holim’a mabopo, lintho tsa bohlokoa ho batho li tla sala mobung
  18. Sebakeng sa ba ananelang pitso ea Allah ho teng nyakallo e ts’abehang; ba sa ananeleng pitso ea Hae bona, – le haeba ba ne ba ka rua lintho tsohle tse teng mona lefats’eng, kapa eba li ngata ho feta moo,-ba ne ba tla sitoa ho itefella ka tsona. Ba joalo, kahlolo ea bona e tla ba e ts’abehang, lehae la bona e tla ba liheleng, lehae le bosula
  19. Na ea tsebang hore seo u se senoletsoeng ho tsoa ho Mong`a hau ke ‘nete, a ka ts’oana le’a foufetseng? Ke feela batho ba nang le kutloisiso ba tla utloa
  20. Joaloka ba phethahatsang Selekane sa Allah, ba bile ba sa fose
  21. Ba kopanyang tsohle tseo Allah a laetseng hore ba li kopanye, ba bile ba ts’aba Mong`a bona ekasitana le hona ho ts’aba kahlolo e ts’abehang
  22. Ba bile ba tsitlallela ho tsomana le sefahleho sa Mong`a bona le hona ho phetha lithapelo, le ho nyehela tseo Re ba putsitseng ka tsona sephiring le pepeneng, ba bile ba koahela bobe ka botle. Ruri tebello ea bona e tla ba lehae la bosafeleng
  23. Ba tla kena Lirapeng tsa thabo e sa feleng: le bohle ba etsang botle har’a bo-ntat’a bona le basali ba bona esitana le eona tsoala ea bona. Manyeloi a tla ba etela ka likhoro tsohle
  24. “Khotso ebe le lona hobane le bile le mamello.” Ahe, le babatseha hakakang lehae la bosafeleng
  25. Haele ba koenehelang selekane sa Allah kamor’a hoba ba itlame ka lona, ba bile ba arohanya tseo Allah a laetseng hore ba li kopanye le hona ho fehla pherekano lefats’eng: Ruri thohako e holim’a bona le lona lehae le nyonyehang
  26. Allah U ekeletsa ope ea khahloang ke Eena boipheliso, le hona ho bo nyenyefaletsa ope ea khahloang ke Eena; bophelong ba lefats’e lena ba ea nyakalla, athe bophelo ba lefats’e lena ha se letho haese nyakallo e fokolang ha bo bapisoa le Bo-tlang
  27. Mahana-tumelo a re: “Hoja empe be sesupo se ile sa romelloa ho eena se tsoang ho Mong`a hae!” E re: “Ruri Allah U lesa ope ea khahloang ke Eena ho kheloha, empa o tataisetsa bohle ho Eena ba boelang ho Eena ka boinyatso
  28. Bohle ba kholoang, ebile lipelo tsa bona li fumana khotsofalo khopolong ea Allah. Etsoe Ruri ha ho khoaolipelo li fumana khotsofalo khopolong ea Allah
  29. Ba kholoang ba bile baetsa toka: tlhonolofalo ke’a bona, etsoe pheletso ea leeto la bona ke e bohehang.”
  30. Eleng kahoo Re u romeletseng ho sechaba, seo pele ho sona ho bileng teng lichaba tse seng li fetile, hore u tle u ba phetele seo Re u senoletseng sona, le hoja ba ntse ba latola Allah. E re: “Ke Mong`a ka; ha ho `Mopi e mong ntle ho Eena. Ke behile ts’epo ea ka ho Eena, ke tla boela ho Eena.”
  31. Ha ho ne ho ena le Qura’n ho suthisa lithaba, kapa lefats’e la nyebekolloa le bafu ba buoa. Empa taelo ke’a Allah. Na ebe ba kholoang ha batsebe hore haeba Allah A ne A lakalitse, eka be ba U ile a tataisa batho bohle? Mahana-tumelo ona koluoa e ka be e sa phetse ho ba nanola ho latela liketso tseo ba li etsang, kapa hona hoba hauts’oane le malapa a bona ho fihlela ts’episo ea Allah e phethahala. Bonang! Allah ha A e s’o sitoe ts’episong
  32. Baromuoa ba Allah ba ‘nile ba songoa le pele ho uena, empa Ke ile Ka fana Ka nyehlisetso ho mahana-tumelo. Empa khabareng Ke ile Ka baotla, hana e ile ea ts’abeha hakakang kahlolo ea Ka
  33. Na ea hlokolosi holim’a meea eohle, A ka ts’oana le’a seng hlokolosi ka letho? Leha ho le joalo, ba ntse ba maneha Allah batlatsetsi. E re: “Ba bitseng ka mabitso. Na ebe le ka mo tsebisa se seng seo A sa se tsebeng lefats’eng? Kapa empa e le bokheleke feela? Haele ba sa kholoeng boikhakanyo ba bona bo shebahala bo khahleha, ba qheletsoe thoko le tsela e nepahetseng. Bao Allah A ba lesitseng ho kheloha, ha ho tataiso
  34. Bophelong ba lefats’eng lena ho teng kotlo ho bona, Ruri timelo ea bophelo Bo-tlang ke e mahlonoko a ts’abehang, ebile ba ke ke ba eba le mots’ireletsi khahlanong le Allah
  35. Papiso ea Serapa se ts’episitsoeng ba tsitlalletseng ka mamello ho Allah: tlas’a sona ho phalla linoka; nyakallo e sa feleng ‘moho le moriti oa tsona; ona ke pheletso ea ba mamellang ka tieo, pheletso ea Mahana-tumelo ele mollo
  36. Bao Re faneng ka Lengolo ho bona, banyakaletse ke seo re u senoletseng sona. Empa ho teng ba bang har’a meloko ba latolang karolo ea lona. E re: “Ke laetsoe ho sebeletsa Allah feela, ke se mo kopanye le batlatsetsi. Ke bitsa ho Eena, poelo eaka e ho Eena
  37. Ke kamoo Re le senotseng kateng, ho ba kahlolo kantle le tika-tiko ka se-Arabia; ha u ka sala morao litakatso tsa bona kamor’a ho ba tsebo e finyelle ho uena, Ruri u ke ke oa eba le mots’ireletsi ea ka u khahlanong le Allah
  38. Re ile Ra romella Baromuoa ho batho pele ho uena, Ra ba abela basali le bana, ho ne ho se moromuoa ea filoeng hore a ka tlisa Sesupo kantle le takatso ea Allah. Nakong engoe le engoe ho na le Lengolo
  39. Allah U hlakola le ho Tiisa se ratoang ke Eena: Ho Eena ke mohloli oa Mangolo
  40. E bang Re ka U bonts’a karolo ea seo Re ba ts’episitseng sona, kapa Ra etsa hore u shoe. Mosebetsi oa hau ke ho phatlalatsa molaetsa: Karolo ea Rona ke ho ba bitsetsa boikarabellong
  41. Na ha ba bone kamoo Re chakelang naha kateng, Re ntse Re fokotsa butle-butle meeli e ka mathoko? Nakong eo Allah A fanang ka timelo, ha ho mong le mong ea ka busetsang timelo ea hae morao, o akofela boikarabellong
  42. Bohle ba bileng teng pele ho bona ba ile ba rera; Empa merero eohle ke’A Allah. O tseba ka botlalo seo moea ka mong o se kotulang. Haufinyane Mahana-tumelo a tla tseba hore na ke bo mang majalefa a lehae
  43. Mahana-tumelo a re: “Uena ha u Moromuoa.” E re: “Allah U lekane e le paki lipakeng tsa ka le lona le bohle ba nang le tsebo ea Lengolo.” Ka lebitso la Allah, ea leroko, Mong`a hao