14.Abraham

  1. Alif. Lam. Ra. Lena ke Lengolo le halalelang leo Re u senoletseng lona, hore ka lona u tle u inole batho lefifing la bo-nka-ntjana u ba tlise leseling ka tumello ea Mong`a hau, u ba tlise Tseleng ea Ea Matla Oohle, Ea Loketsoeng ke Thoriso
  2. Allah, Eo lintho tsohle tse maholimong le tsohle tse lefats’eng li ikarabellang ho Eena. Mahana-tumelo kotlo e mahlonoko ke ea bona
  3. Bohle ba labalabelang bophelo ba lefats’e lena ho feta bophelo Bo-tlang, ba bile ba sitisa batho tseleng ea Allah le hona ho e etsa ts’opholi: ba hlahlathela thoko-thoko
  4. Ha Re’a s’o romelle Moromuoa ka puo e ‘ngoe e fapaneng le ea batho ba habo, e le hore a tle a totobatse molaetsa hantle ho bona. Ke Allah ea romellang ea ikhethelang eena thoko-thoko le tsela e otlolohileng, le hona ho tataisa ea khahloang ke eena. Ruri U Matla Oohle, U Seli
  5. Re ile Ra romella Moshe ka lits’enolo tsa Rona: “Inola batho ba heno botebong ba lefifi u ba tlise leseling. U ba hopotse matsatsi a Allah.” Ruri! Kahar’a tsona ho teng lits’enolo ho ba tiileng mamellong le tsona liteboho
  6. Hopola! Moshe a ileng a re batho ba habo: “Hopolang molemo oa Allah holim’a lona mohla a neng a le lopolla ho batho ba Faro ba neng ba le sotla ka kotlo e ts’abehang, ba bile ba bolaea bara ba lona le hona ho siea baroetsana feela; Ruri seo ebile teko e ts’abehang kahofetisisa e tsoang ho Mong`a lona.”
  7. Le hopole mohla Mong`a lona a neng a phatlalatsa hore: “Haeba le ka fana ka liteboho, ke tla le neha ho feta moo; empa haeba le ka hloka liteboho, Ruri! Kahlolo ea ka e ea ts’abeha.”
  8. Eaba Moshe a re: “le hoja lona le batho bohle ba teng mona lefats’eng le bonts’a ho hloka teboho, Ruri Allah U Tsepame, Mong`a Lithoriso Tsohle
  9. Na pale ea batho ba bileng teng pele ho lona e se ile ea finyella ho lona? – Ea batho ba habo Nooe, le meloko ea Ba-Ad le Ba-Thamude le bohle ba bileng teng kamor’a bona? – Ha ho ope ea ba tsebang ntle ho Allah. Baromuoa ba habo bona ba ile ba ba etela ka lits’upiso tse hlakileng, empa ba ile ba moma matsoho a bona, eaba ba re: “Bonang! Re latola seo le neng le romeletsoe ho rona ka sona, re na le khoao e totobetseng ka seo le re bitsetsang ho sona.”
  10. Baromuoa ba bona ba re: “Na khoao eka ba teng ka Allah, `Mopi oa maholimo le lefats’e? O le bitsa joalo, e le ho tla le ts’oarela libe tsa lona le hona ho behella nako ea pallo morao.” Ba re: “U motho joaloka rona, u le laba-labela ea hore khelosa ho melingoana eo bo-ntat’a rona ba neng ba e rapela. Joale hlahisang sesupo se hlakileng.”
  11. Baromuoa ba habo bona ba re ho bona: “Ke ‘nete re batho joaloka lona, Allah U fana ka lereko ho eo A khahloang ke eena har’a makhabunyane a Hae. Rona ha re na matla a ho ka etsa mohlolo kantle le ka tumello ea Allah. Ba kholoang ba behe ts’epo ea bona ho Allah
  12. Re ke keng ra beha ts’epo ea rona ho Allah hobane e le eng feela A re bonts’itse litsela tsa rona? Ruri re tla mamella tseo le re etsetsang tsona. Ba behang ts’epo ba ts’oanetso ho e beha ho Allah!”
  13. Mahana-tumelo a re ho baromuoa: “Ruri re tla le phalalisa kahar’a naha ea rona, kantle leha le ka la sokolohela tumelong ea rona.” Empa Mong`a bona a ba nyenyeletsa: “Ruri re tla ripitla baetsa-libe
  14. “Ruri re tla le etsa majalefa kahar’a naha kamorao ho bona. Sena ke sebakeng sa ea ts’abang eo ba tlang ho ema kapela Setulo sa Kahlolo, – le hona ho ts’aba likahlolo tsa ka.”
  15. Empa ba batla tlholo le qeto, pherekano e ile ea eba kabelo ea e mong le e mong ea matla ea tlolang molao
  16. Kapele ho ea joalo ke Lihele, o tla noesoa metsi a bohla a belang
  17. Ka methamo a tlang ho a noa, a ke ke a a koenya: lefu le tla mo tjamela ka mahlakore ohle; empa a ke ke a shoa; kapel’a hae ho teng kahlolo e tlotlollang
  18. Papiso ea ba latolang Mong`a bona: mesebetsi ea bona e ts’oana le molora o fefoloang ke moea o matla mohla letsatsi le (fifetseng) ke lerole. Ha ba na matla holim’a seo ba se kotutseng. Seo ke sekhobo se tlotlollang
  19. Ha ba bone hore Allah U hlotse maholimo le lefats’e ka ‘Nete? Etsoe ha A rata A ka le tlosa, A tlisa lihloliloeng tse ncha hape
  20. Seo ha se taba e thata ho Allah
  21. Bohle batla boela ho Mong`a bona. Ke moo ba bileng bo oatla ba tla re ho ba neng ba ikakasa ka boikhants’o: “Re ne re le balateli ba lona, na joale le ke keng la mpa la re sireletsa kahlolong ea Allah?” Ba tla re: “Hoja ebe Allah U ne A re tataisitse, Ruri re ka be re ile ra le tataisa. Ebang re ka koata kapa ra tsitlallela ka mamello, ho rona ho oa ts’oana; ha re na sets’abelo
  22. Ke moo Satane a tla re, ha litaba li se li le mosenekeng: “Allah U ne a le ts’episitse ts’episo ea ‘nete; le ‘na ke ne ke le ts’episitse, empa ke le sitetsoe. Ke ne ke se na matla holim’a lona kantle le hoba ke ile ka le bitsa, lona le ile la ‘mamela. Se mpeheng molato, empa iteleleng e le lona. Ha ho kamoo nka le thusang kateng, le lona ha ho kamoo le nka nthusang kateng. Ruri! Ke ile ka nyelisa seo lona pele le neng le se kopanya le ‘na. Sebakeng sa baetsang liphoso ho teng kahlolo e mahlonoko
  23. Empa ba kholoang ba ba etsa mesebetsi e lokileng ba tla kena kahar’a Lirapa tseo linoka li phallang tlas’a tsona, ba ikamahantse le tumello ea Mong`a bona, tumeliso ea bona kamoo e tlaba: Khotso
  24. Na ha u bone kamoo Allah A ithehelang papiso: “Puo e babatsehang, e ts’oana le sefate se babatsehang seo methapo ea sona e tsepameng ka tieo, seo makala a sona a nanabetsang leholimo
  25. Se fanang ka litholoana tsa sona linsko tsohle, ka tumello ea Mong`a sona? Ruri Allah U theha lipapiso sebakeng sa batho, e le hore ba tle ba amohele khalemo
  26. Papiso ea puo e mpe e ts’oana le’a sefate se fosahetseng, seo methapo ea sona e sa tebang tlas’a lefats’e hoo se sa tsepamang
  27. Ruri Allah U hlapanyetsa ba kholoang ka puo e tsepameng ma bophelong ba lefats’e lena le Bo-tlang, Allah U lesa ba etsang liphoso ho kheloha. ‘Allah U etsa seo a se ratang
  28. Ha eso retelehetse mahlo a hau ka ho ba fetotseng lereko la Allah ho nyefolo, ba khelosa batho ba habo bona Lehaeng la Tahlehelo
  29. Liheleng? Ba tla cha teng,-sebakeng se mahlonoko ho holola teng
  30. Ba ipetlela melingoana ba e lekanya le Allah hore ba tle bakhelose batho tseleng ea Hae. E re: “Natefeloang! Pheletso ea lona e topile ho ea Liheleng.”
  31. Bua le makhabunyane A ka a khotsoeng, ho phethahatsa lithapelo le hona ho nyehela ka tseo Re banehileng tsona, lekunutung kapa ponts’eng, pele ho fihla ha Letsatsi leo ka lona ho senang hobale khoebisano kapa ho theha setsoalle
  32. Ke Allah ea hlotseng maholimo le lefats’e le hona ho nesa pula e theohang marung, eo ka eona A hlahisang litholoana tseo e leng lijo ho lona, le hona ho bebofaletsa likepe ts’ebetso ea lona, e le hore li tle li sese holim’a leoatle tlas’a taelo ea Hae, le tsona linoka tse phallang ts’ebeletsong ea lona
  33. A ba A etsa letsatsi le ngoeli tse tsepameng tlas’a ts’ebetso ea tsona li setse morao tsela ea tsona, A le etsetsa bosiu le mots’eare
  34. O le neha tsohle tseo le li kopang, empa ha le bala nala ea Allah, le ke ke la e qeta. Ruri motho o inehetse ho hloka toka le teboho
  35. Hopolang hore Abrahama o ile a re: “Oho Mong`a ka! Etsa motse ona oa khotso le polokeho: U mpaballe le bara baka khahlanong le ho khumamela melingoana
  36. Oho Mong`a ka! Ruri e khelositse ba bangata har`a batho; Ea ntatelang o na le ‘na. Haele ea ntatolanng, –empa Ruri ke Uena ea Ts’oarelang joalo-joalo, U Khaphatseha Mohau
  37. Oho Mong`a rona! Ke ahetse ba bang ba bana baka ka har’a phula e senang bolema haufinyane le Ntlo ea Hau e Halalelang. Mong`a rona! E le hore ba tle ba phethahatse lithapelo; Ts’ollela moea oa lerato kahar’a lipelo tsa batho ba tle ba be le qenehelo ho bona, U ba fepe litholoana hore ba tle ba fane ka liteboho
  38. Mong`a rona! Ruri Ke Uena ea tsebang seo re se patang le seo re se utullang. Etsoe ha ho ntho e patehileng ho Allah, ekaba lefats’eng kapa leholimong
  39. Lithoriso li be ho Allah ea mphileng Ishmaele le Isaaka lilemong tsa botsofali ba ka! Mong`a ka ka tieo U Utloa Thapelo
  40. Mong`a ka! A k’u etse hore ke phethahatse lithapelo ka mehla eohle ekasitana le bana ba ka; Mong`a rona! Amohela thapelo eaka
  41. Mong`a rona! Re apese ka ts’oarelo, – `na le batsoali ba ka le bakholoang, mohla Letsatsi leo Lipallo li theoleloang.”
  42. Ha le nahane hore Allah ha A elelloe liketso tseo ba khopo ba li etsang. Empa U sa banehile khefutso e fokolang ho fihlela mohla Letsatsi leo mahlo a tla beng a lebelletse ka matsoalo
  43. Ba mathela pele melala ea bona e thamolohile ka sekhahla, ba lelalitse lihlooho ba bile ba hloka pono hoo lipelo tsa bona li emeng ntsi
  44. U hlokomelise batho ka Letsatsi leo Khalefo e tlang ho ba fihlela, ba entseng libe bona ba tla re: “Mong`a rona! A k’u re nehe khefutso hanye-nyane. Re tla mamela Pitso ea Hau le hona ho latela Baromuoa.” Karabelo e tla re: “na ha le’a ka la ikana esale pele ka hore ho ke ke ha eba le pheletso mabapi le lona
  45. Le phetse liahelong tsa ba foselitseng meea ea bona; le ile la supisoa hantle kamoo Ra sebetsa ka bona le hona ho le etsetsa mehlala!”
  46. Ba ile ba rera, empa merero ea bona e ne e le ponts`eng ho Allah, le hoja e ne e le oo lithaba li neng li ka ‘na tsa ritsa ke ona
  47. Se nahane hore Allah U tla sitoa ho phethahatsa ts’episo ea Hae ho Baromuoa ba Hae. Bonang! Allah U Matla Oohle, Mong`a Kotlo
  48. Ka Letsatsi le leng lefats’e le tla fetoleloa sebopehong se sele, ka ho ts’oana le leholimo le tla fetoloa; bohle ba tla hlahela kapel’a Allah, Ea Inots’i, Ea Matla Oohle
  49. Ka Letsatsi leo o tla bona ba etsa libe ba tlamiloe ha ‘moho ka liketane
  50. Ba apere liaparo tsa boka, lifahleho tsa bona li koahetsoe ke khanare ea mollo
  51. Allah a tla putsa moea ka mong seo o se kotutseng. Bonang! Ruri Allah U akofela boikarabellong
  52. Ona ke molaetsa o hlakileng sebakeng sa batho: ba tle banke Tlhokomeliso, le hona hore ba be le tsebo ea hore ke Eena Allah A Inots’i le hore batho banang le kutloisiso ba tle ba utloe. Ka lebitso la Allah, Ea Lereko, Mong`a hao