15.The Rock

  1. Alif. Lam. Ra. Tsena ke litemana tsa Qura’n, – tseo eleng manollo e hlakileng
  2. Mahana-tumelo a tla tlaloa ke takatso ea hore ba ke beba ile ba inamela thatong ea Allah, Islamong
  3. Ba tloheleng ba je le hona ho natefeloa le ho ithabisa. Ha Ts’epo ea bohata e ba thabise: Haufi ba tla ruoa tsebo
  4. Ha Re’a ka Ra timetsa sechaba empa ho sa ka ha eba le pallo malebana le ona
  5. Etsoe ho se sechaba se ka itlhophelang nako eo ea pallo, kapa hona hore ba e liehise
  6. Ba re: “Hela uena eo molaetsa o senotsoeng ho uena, Ruri u’a hlanya
  7. Hobaneng u sa tlise manyeloi ho rona, haeba u le e mong oa ba nang le ‘Nete?”
  8. Ha Re ke Re romela manyeloi haese feela ka lebaka le tiileng, ha ane a ka tla, Bonang! ba ne ba tla hloka phomolo
  9. Re theoletse Molaetsa ona kantle ho qeaqeo; Ruri Re balebeli ba oona
  10. Re romeletse Baromuoa pele ho uena har’a batho ba litumelo tsa khale
  11. Ha ho le’a mong oa baromuoa eo ba sa kang ba mo soma
  12. Ke kamoo re etsang hore e kene lipelong tsa ba molato
  13. Hore ha ba kholoe ho oona, le hoja mohlala oa batho ba khale o se o fetile pele
  14. Le haeba Re ne Re ba buletse khoro ea leholimo, bane ba tla qeta letsatsi lohle ho nyolohela teng
  15. Ba re: “Mahlo a rona a tahiloe: che, re mpa re loiloe.”
  16. Ke Rona ba thalehileng maholimo ka Mats’oao a Linaleli, Ra le ntlafatsa sebakeng sa babohi
  17. Re A ts’irelelitse malebana le meea eohle ea liabolosi e lits’ila
  18. Empa ea fumanang kutlo ka bokhukhuni, o salangoe ke khanare ea lelakabe
  19. Haele lefats’e lona re le alile joaloka moseme, eaba re beha holim’a lona Lithaba tse tsepameng ka tieo; le hona ho hlahisa lintho tsohle tsa mefuta holim’a lona ka tekano
  20. Re le nehile boipheliso holim’a lona ekasitana le bao uena o sa ba fepeng letho
  21. Ha ho letho le teng leo mehloli ea lona e seng ho Rona. Ha Re romelle letho lefats’eng haese ka tekanyo e lekaneng
  22. Re bile Re romella liphefo tse matlafatsang, le hona ho nesa pula e tsoang marung ho le neha metsi. Empa le se balebeli ba mehloli eo
  23. Ruri! Ke Rona ba fanang ka bophelo, le ho fana ka lefu, ke Rona ba salang E le majalefa
  24. Ruri Re’a tseba ka ba potlakelang pele har’a lona le ba le le sisitheho
  25. Bona! Mong`a hau U tla ba khobokanya ‘moho. Hobane Ruri U Seli, U hlokolosi
  26. Re hlotse motho ka letsopa le lets’o, le tsoang seretseng se khobiloeng la nehoa sebopeho
  27. Pele re hlotse Masabonoeng ka mollo o tlotlehang
  28. U be u hopole mohla Mong`a hau A neng A re ho manyeloi: “bonang! Ke morerong oa ho hlola motho ka letsopa le lets’o le tsoang seretseng le tla nehoa sebopeho
  29. Ho ba ke mo hlole le hona ho bolulela moea oa ka U halalelang ka ho eena, le oele fats’e ka boikokobetso kapela hae.”
  30. Manyeloi ohle a ile a ithapalatsa ka boikokobetso ‘moho
  31. Haese Iblis. Ea ileng a hana hoba har’a ba ithapalatsang
  32. Allah A re: “Oho Iblis! Ke lefeng lebaka le entseng hore u se ke oa ba har’a ba ithapalatsang?”
  33. Iblis a re: “Nka ithapalatsa joang ho motho eo u mo hlotseng ka letsopa le lets’o le tsoang seretseng, eaba le’a khojoa le nehoa sebopeho?”
  34. Allah A re: “Tloha mona ke hona, hobane o ea khesehang
  35. Thohako e tlaba holim’a hau ho fihlela Letsatsi la Kahlolo.”
  36. Iblis a re: “Mong`a ka! A k’u mphe nyehlisetso ho fihlela Letsatsi leo ba tlang ho tsosoa ka lona.”
  37. Allah A re: “Nyehlisetso o e filoe
  38. Ho fihlela Nako ea Pallo.”
  39. Iblis a re: “Mong`a ka! Ho latela hore u ntahletse thoko le tsela e nepahetseng, Ruri ke tla ntlafatsa tsela e fosahetseng malebana le batho ba lefats’eng, ke tla khelosa bohle tseleng e nepahetseng
  40. Ntle le makhabunyane a hau a ts’epahalang a bileng a hloekisitsoeng.”
  41. Allah A re: “Ena ke tsela e nepahetseng ea makhabunyane a ka, ebile e le setlamo ho ‘na
  42. Haele makhabunyane ha u ope o tlang ho ba le matla holim’a hae, ntle le ba ikenyang phosong ba o latele
  43. Ruri lihele ke sebaka seo ba se t`sepisitsoeng
  44. Se na le likhoro tse supileng, khoro ka `ngoe e na le karolo ea eona ea pallo
  45. Ba lokileng ba tla ba har’a lirapa le liliba
  46. Ho tla thoe ho bona: “Kenang ho tsona ka Khotso le Paballeho.”
  47. Re tla hlakola eng kapa eng ekabang teng e mpe ka hare ho lifuba tsa bona. E tla ba baena ba tla beng ba lutse litulong tse phahameng ba shebane ka mahlong
  48. Ho se khathatso ea letho e ka ba t`soenyang moo, kapa hona ho lelekoa sebakeng seo.”
  49. Bolella makhabunyane A ka hore, Ruri Ke Ts’oarela-joalo- joalo, ebile Ke Khaphatseha Mohau
  50. Empa kotlo Ea Ka ke kotlo e mahlonoko
  51. U be u ba bolelle ka baeti ba Abrahama
  52. Kamoo ba ileng ba buoa le eena kateng mohla baneng ba mo etetse, ha ba re: “Khotso.” A re: “Ruri re’a le ts’aba.”
  53. Ba re: “U se ts’ohe! Hobane Re u tliselitse litaba tse molemo tsa mora ea apesitsoeng bohlale.”
  54. A re: “Le ka tlisa litaba tse molemo ho ‘na tsa mora nakong ea botsofali ba ka? Li sa na le eng litaba tsa lona tse molemo?”
  55. Ba re: “Re u tliselitse litaba tse molemo e le ka ‘nete. Kahoo u se ke oa nyahama.”
  56. Abrahama a re: “Ke mang ea ka nyahamelang Mohau oa Mong`a hae haese feela ba khelohileng tseleng?”
  57. A re: “Joale ke le feng lebaka la lona, lona baromuoa ba Allah?”
  58. Ba re: “Re romeletsoe ho batho bohle ba oetseng sebeng
  59. Ntle le lelapa la lota. Re tla ba pholosa kaofela
  60. Ntle feela le mosali oa Lota, eo Re ikholisitseng hore o tla ba har’a ba tla salla morao.”
  61. Hoba baromuoa ba fihle lelapeng la Lota
  62. A re: “Le shebahala le le batho ba sa tsebahaleng ho ‘na.”
  63. Eaba ba re: “E, re mpa re u tliselitse seo ba bangata ba nang le khoao malebana le sona
  64. Re u tliselitse ‘nete, rona re ba boleli ba ‘nete
  65. U tsamae ka khitla le ba ntlo ea hau, uena u ba qhobe. Ho se be le’a mong oa lona ea tla hetla morao, empa le ee moo le laetsoeng ho ea teng.”
  66. Ke kamoo re ileng ra mo hlakisetsa taelo kateng, e le hore mesalla ea ba sebeng e tle e lahleheloe ke likamano esale hosasa
  67. Baahi ba motse oo ba ile ba tla ka nyakallo e kholo ha ba utloa litaba tsa baeti bana
  68. Lota a re: “Ke baeti ba ka. Kahoo le se ntlotlolle
  69. Empa le ts’abe Allah, le se nts’oabise!”
  70. Ba re: “Na ha Re’a ka Ra u hanela ho phomosetsa mong le mong?”
  71. A re: “Barali ba ka ke bana, haeba le tlameha ho ba nyala.”
  72. Ruri ka bophelo ba hau, ba tlankelletse ka botlaopa nyakallong eo ea bona katamelong ea lefu
  73. Ke moo ba ileng ba ripitloa ke ho qhoma ho ts’abehang esale ka meso
  74. Re ile ra ba menola le hona ho ba subuhlellanya, eaba Re ba nesetsa sebabole sa manyeta a besitsoeng
  75. Bonang! Ruri kahar’a tsena ke lits’upiso ho ba utloisisang mats’oao
  76. Metse eo e ne e le pel’a ‘mila hantle o ntseng o tsamauoa
  77. Bonang! Ruri kahar’a sena ke sesupo ho ba kholoang
  78. Le Balekane ba Moru, ene e le baetsalibe
  79. Re ile Ra iphetetsa ho bona; etsoe le bona ba ntse ba le pel’a ‘mila o moholo o totobetseng ho ka bonoa
  80. Le Balekane ba Al-hijr, ba ile ba latola baromuoa ba Rona
  81. Re ile Ra ba neha lits’enolo tsa Rona, empa ba ile ba phehella ho li nyahlatsa
  82. Ba ile ba ipetlela melingoana ka majoe a moralla, moo a ntseng a ituletse teng ka paballeho
  83. Empa ho reketla ho ile ha ba nanola esale ka matjeke
  84. Tsohle tseo ba neng ba li etsa ha li’a ka tsa ba tsoela molemo
  85. Ha re’a hlola maholimo le lefats’e le tsohle tse teng lipakeng tsa ona haese ka ‘nete. Ruri Hora e’a tla. Kahoo, bats’oarele ka bokhabane
  86. Ruri Mong`a hau! Ke `Mopi, Ea Tsebang tsohle
  87. Re u nehile litemana tse supileng tse pheta-phetiloeng hammoho le Qura’n ea Sebele
  88. U se penye mahlo a hau malebana le tseo re li apesitseng ba bang har’a bona: li se u koatise: u mpe u lepeletse mapheeo a hau ho ba kholoang
  89. Ebe u re: “Ruri ke mohlokomelisi ea hlakileng ea se nang ts’ekamelo,”
  90. Joaloka ha re kile ra romella ho ba arolang
  91. Joaloka ha Qura’n e ranthantsoe
  92. Kahoo, ka Mong`a hau, Re tla biletsa boikarabellong
  93. Mabapi le liketso tsa bona
  94. Ka hona phatlalatsa ponts’eng seo u se laetsoeng, o be u furalle ba kopanyang Allah le melimo ea bohata
  95. Re lekane ho u sirelelitsa khahlano le basomi
  96. Ba kopanyang Allah le melingoana: Empa haufinyane ba tla rua tsebo
  97. Re tseba hantle kamoo pelo ea hau e utloang bohloko kateng ke seo ba se buoang
  98. Empa u keteke lithoriso tsa Mong`a hau, u be har’a ba ithapalatsang ka lerato
  99. U sebeletse Mong`a hau ho fihlela u le makhatheng a lefu