16.The Bee

  1. Ruri taelo ea Allah e se e le haufi le ho phethahala, kahoo le se leke ho e potlakisa: Tlotla e be ho Eena, Ea okametseng tsohle tseo ba Mo kopanyang le tsona
  2. O romella manyeloi lefats’eng ka moea o halalelang ka Taelo ea Hae ho ope ea khahloang ke Eena har’a makhabunyane A Hae,: “Hlokomelisa hore ha ho `Mopi e mong ntle ho ‘Na, kahoo bolokang ts’ebeletso ea lona ho ‘Na.”
  3. O hlotse maholimo le lefats’e ka ‘nete. Ea okametseng tsohle tseo ba Mo kopanyang le tsona
  4. U hlotse motho ka there; Bona, motho eo a fetohe sera se pepenene sa Mong`a hae
  5. A hlola likhomo sebakeng sa lona: tseo le fumanang liaparo tse mofuthu le melemo e mengata, ebile e le lijo tsa lona
  6. Ke bokhabane ho lona, nakong eo le li orosang le nakong eo le li lebisang makhulong hoseng
  7. Le ho le jarela thepa e boima ho ea libakeng tseo le neng le ke ke la fihla ho tsona, kantle le ka meea e khathatsehileng. Hobane! Mong`a lona U Tletse Khauhelo, U Mohau
  8. Etsoe U hlotse lipere, li’moulo le li esele hore le tle le li kalle, le ho khaba ka tsona. E bile U hlotse tse ling tseo le sa li tsebeng
  9. Ho Allah ke boikarabello ho hlakisa Tsela E Topileng, empa litsela tse ling tsona li ts’okame. Hoja ebile thato ea hae eka be ba kaofela ha lona le tataisitse ka nepo kaofela
  10. Ke Eena Ea romellang pula ho tsoa marung: eo le thapisang linthane ka eona, e hlahisang limela tseo le fepang mehlape ea lona ka tsona
  11. Ka eona U le hlahisetsa poone, mehloare, litholoana tsa palema, merara le mefuta eohle ea litholoana. Ruri kahar’a sena ho teng sesupo ho batho ba nahanang
  12. Ke Eena Ea faneng ka taelo ho mots’eare le bosiu; le ho letsatsi le ngoeli; le linaleli tlas’a taelo ea Hae. Ruri kahar’a sena ke lits’upiso ho batho ba seli
  13. Le lintho tsohle tseo a le hloletseng tsona tse teng mona lefats’eng tse fapaneng ka mebala, Ruri! Kahar’a sena ho teng sesupo ho batho ketekang lithoriso tsa Allah
  14. Ke Eena ea faneng ka taelo ho leoatle ho ba taolong, hore le tle le fumane nama e hloekileng ho lona, le bile le hlahisa lipetja ho khaba. Le bona likepe li lelemela ho le arola, e le hore lona batho le tle le fumane nala ea Hae le hore le tle le fane ka liteboho
  15. A hloma lithaba tse tsepameng holim’a lefats’e esere la reketla ka lona; le liliba le litsela hore le tle le tsamaee
  16. Le mats’oao; ka linaleli ba fumane tsela
  17. Na ea hlotseng A ka ts’oants’oa le’a sa hlolang letho? Na le sa tla ke le amohele khalemo
  18. Le ka sitoa ho bala melemo ea Allah haeba le ka leka ho e bala. Hobane Allah U Ts’oarela ka Mehla, U Khaphatseha Mohau
  19. Allah U tseba tseo le li patang le tseo le li pepesang
  20. Haele bao ho bitsoang ho bona ntle ho Allah ha ba hlole letho, empa bona ka bo-bona ba hlotsoe
  21. Ba shoele, ha ba phele: ha ba tsebe mohla ba tlang ho tsosoa
  22. Ruri Mong`a lona ke `Mopi A le mong. Bohle ba sa kholoeng Bophelong Bo-tlang, lipelo tsa bona li hana ho amohela tsebo, ba ea ikhohomosa
  23. Ruri Allah U tseba tseo ba li patang le tseo ba li pepesang. Ruri ha A rate baikhohomosi
  24. Ha ho thoe ho bona: “Ke eng seo Mong`a lona A se senotseng?” ba re: “Lipale tse khale-khale,”
  25. Ba tla fana ka bopaki ba liketso tsa bona ka Letsatsi la Tsoho ka botlalo, le liketso tsa ba khelositsoeng ke bona tlas’a ho hloka tsebo. Ruri o mahlonoko mojaro oo ba tlang ho o jara
  26. Ba bileng teng pele ho bona ba ile ba ithera, eaba Allah U tsumula metheo ea metse ea bona, marulelo a ona a ile a ba oela holim’o; Kotlo ea ba fihlela hoja ba sa ile le khongoana holim’o ba sa lebella
  27. Mohla Letsatsi la Kahlolo U tla ba apesa ka masoabi, A re: “Ba kae batlatsetsi ba Ka, bao le neng le le khahlanong le tataiso ea ka?” Ba neng ba filoe tsebo ba tla re: “Ruri kajeno mahana- tumelo a apesitsoe masoabi le bohloko
  28. Bao meea ea bona e tla nkoa ke manyeloi ba sa le har’a phoso, ba tla inehela ka botlalo ka hore: “Ruri re ne re sa etse bobe ka tsebo.” Che, Ruri Allah U tseba tsohle tseo le neng le li etsa
  29. “kahoo kenang ka khoro ea Lihele, ho phela teng kahosafeleng. Ruri sebaka se tlontlollang ho bohle ba ikhants’ang
  30. Ho ba lokileng ho thoe, “Ke eng seo Mong`a lona A se senotseng? ba tla re: “Tsohle tse lokileng.” Ho ba etsang toka, ho teng toka Lefats’eng lena, le lehae le babatsehang Bophelong Bo-tlang. Ruri se babatsehang e tlabalehae la ba lokileng, –
  31. Ba tla kena kahar’a Lirapa tsa Edene; tseo linoka li phallang tlas’a tsona; teng ba tla ba le tsohle tseo ba li labalabelang. Ke kamoo Allah a putsang ba lokileng
  32. Bao meea ea bona e tla nkoa ke manyeloi ba sa hloekile, manyeloi a tla re: “Khotso e be le uena! Kahoo kena kahar’a serapa ka lebaka la tseo u neng u li etsa.”
  33. Na ba emetse hore manyeloi a fihle ho bona, kapa taelo ea Mong`a hau e phethahatsoe? Ho bile joalo le ho ba bileng teng pele ho bona. Ha Allah ea ba foselitseng, baiphoselitse bo-bona
  34. Litlamorao tsa liketso tsa bona tse mpe li fumane, seo ba neng ba se soma se ba etselitse sakana-la-nkope
  35. Ba khumamelang melimo ea bohata ba re: “Hoja e bile takatso ea Allah, re ka be re sa ka ra khumamela ho hong ntle ho Eena, rona le bo-ntat’a rona, kapa ho se likhanyetso tseo re li etsang kantle le taelo e tsoang ho Eena.” Leha ho le joalo, ba bileng teng pele ho bona ba‘nile ba etsa joalo. Na baromuoa ba ka qosoa ka ho hong kantle le molaetsa o hlakileng
  36. Ruri Re rometse moromuoa har’a lichaba tsohle, ka taelo e reng: “Sebeletsang Allah, le nene bobe.” Kahoo, har’a ba bang ba bona ho bile le bao Allah A ileng A ba tataisa, ho ba bang bona ts’ito e hlile ea ahela. Ak’u ha hlaule le lefats’e, u tle u bone seo e bileng pheletso ea ba ileng latola ‘nete
  37. Haeba u laba-labela tataiso ea bona, Allah ha A tataisa bao A ba tlohetseng ho kheloha. Ba joalo ha ba na mothusi
  38. Ba ikana ka likano tsa bona tse tiileng hore Allah a ke ke a tsosa ea shoang. Empa hoo ke ts’episo e tiileng ea ‘nete e teng ho Eena, le hoja boholo har’a batho bo sa hlokomele
  39. Hore a tle A ba manollele ka ‘nete tseo ba neng ba fapana ka tsona, mahana-tumelo a tla tseba hore ba ne ba le bohata
  40. Lentsoe la Rona holim’a ntho eo Re E rerang, ke hore feela Re Re ho eona, “E ba”! Efele e be teng
  41. Ba phaphathehi ba sieang malapa a bona ka baka la ts’ebeletso ea Allah kamor’a hoba ba be tlas’a khatello, Ruri re tla ba neha lehae le molemo lefats’eng lena, moputso oa Bophelo Bo-tlang o moholohali hoja ebe ba ne ba ka tseba
  42. Joaloka ba tsitlalletseng ba bile ba behile ts’epo ea bona ho Allah
  43. Re ‘nile Ra romella Baromuoa ba Rona pele ho uena, bao e neng e ntse e le batho bao Re neng Re ba nyenyelelitse, – haeba le sa tsebe letho botsang ba ntseng ba latetse molaetsa
  44. Molaetsa o jereng bopaki bo totobetseng esitana le ka mangolo; re bile ra u senolela Molaetsa, e le hore u tle u hlalosetse batho seo ba se senoletsoeng, ba tle ba tsebe ho nahana
  45. Na ba rerang liketso tse fosahetseng baikutloa ba ts’ireletsehile hoo Allah A ke keng A etsa hore lefats’e le ba metse, kapa hona hore khalefo ea Hae e ba hloibile ba sa ile le khongoana holimo
  46. Kapa hona hore A ba hloibile ba sa ntse ba nyolosa ba theosa hoo ba ke keng ba phonyoha ho hang
  47. Kapa hona hore A ba nehelle ka kotlo e butle-butle – Hobane Mong`a hau U Tletse Mosa, U Mohau
  48. Ha ba ithute ka lihloliloeng tsa Allah har’a lintho, – kamoo liriti tsa tsona li retelehang kateng ka ho le letona le le lets’ehali, le kamoo li ithapalatsang kateng kapel’a Allah ka boikokobetso bo boholo
  49. Ruri lintho tsohle tse maholimong le libopuoa tsohle tse phelang lefats’eng li ithapalatsa kapel’a Allah, ka mokhoa o ts’oanang le manyeloi; ha li ikhohomose
  50. Kaofela li ts’aba Mong`a tsona ea li Okametseng, li etsa kamoo li laeloang kateng
  51. Allah U itse: “Le se iketsetse melingoana. Hobane `Mopi A Inonts’i: ka hona ‘Ntsabeng.”
  52. Tsohle tse maholimong le lefats’eng li ikarabella ho Eena, tumelo eona ke Ea Hae ho isa kahosafeleng. Na le tla eba le ts’abo ho e mong ntle ho Allah
  53. Tsohle tse le khotsofatsang li tsoa ho Allah. Etsoe nakong eo le oeloang ke bomalimabe le bitsa ho Eena moo le batlang thuso
  54. Kamor’a hore a hlakole bomalimabe boo ho lona, bonang! Lequloana le leng la lona le kopanya Mong`a lona le melingoana
  55. Joaloka ha eka ho nyefoloa melemo eo Re ba sitsitseng ka eona. Leha ho le joalo, natefeloang ke bophelo le sa khona, hobane haufinyane le tla ruoa tsebo
  56. Ebile ba maneha karolo ea seo Re ba nehileng sona ka seo ba sa se tsebeng. Ka Allah! Ruri le tla botsoa mabapi le tsohle tseo le neng le li qapa ka bohata
  57. Ba bile ba maneha Allah barali, – Tlotla e be ho Eena! – bona ba ipha seo ba se ratang
  58. E mong oa bona ha a fihleloa ke litaba tsa tlhaho ea ngoana oa mosetsana, sefahleho sa hae se ea rothofala, a tlaloe ke mesarelo
  59. Ka masoabi o ipatela mehahabo ka lebaka la litaba tse mpe tseo a li fumaneng, “na o tla boloka lesea leo tlas’a mahlomola, kapa a le epele leroleng?” Aa! khetho e nyonyehang ha kakaang
  60. Ba sa kholoeng Bophelong Bo-tlang ho teng papiso ea bobe, ho Allah ho maname papiso e phahameng ka ho fetisisa. Ke Eena Ea matla Oohle, Ea Seli
  61. Hoja Allah U ne A ka otla batho ka lebaka la liketso tsa bona tse mpe, U ne A ke ke A siea sebopuoa leha se le seng se phelang lefats’eng, empa U li neha nyehlisetso ea nakoana ea pallo, ha nako eo ea tsona e se e atametse li ke ke tsa e busetsa morao leha e le ka hora, kapa ho e akofisa
  62. Ba manamisa Allah lintho tseo le bona ba sa li rateng, ba buoa leshano ka maleme a bona, ba re karolo eohle e molemo e tla ba ea bona. Ruri mollo e tlaba karollo ea bona, ba tla khoromeletsoa pele
  63. Ka Allah, Re rometse baromuoa lichabeng pele ho uena, empa Liabolosi o ile a etsa hore liketso tsa bona tse mpe li shebahale li khahleha. Esale eena mots’ehetsi oa bona kajeno, empa kahlolo e mahlonoko ke ea bona
  64. Re u senoletse
  65. Ke Allah ea romellang pula e theoha marung, eo ka eona A ts’osolosang lefats’e kamor’a lefu la lona. Bonang! Ruri kahar’a sena ke sesupo ho ba utloang
  66. Ruri likhomong ho teng thuto ho lona. Re le nehile hore le noe se teng kahar’a limpa tsa tsona, lipakeng tsa bolokoe le mali a tsona ho teng lebese le hloekileng le bileng le natefelang ba le noang
  67. Le litholoaneng tsa lipalema le merara, le fumana lino tse matlafatsang le eona phepo e matlafetseng le lijo. Bonang! Ruri kahar’a sena ke sesupo ho ba seli
  68. Mong`a hau U rutile notsi ho aha sehlaha maralleng, lifateng le matlong a batho
  69. Ebe e itjella litholoana tsohle le hona ho latela litsela tsa Mong`a eona tse pharaletseng. Kahar’a ‘mele ea tsona ho kolla seno se mebala e fapakaneng, ao e leng pheko ho batho. Ruri kahar’a ho sena ho teng sesupo ho ba nahanang
  70. Ke Allah Ea le hlotseng, A ba A etsa hore le shoe; har’a lona ho teng ea busetsoang morao botsofaling, e le hore a tle a se hlole a tseba letho kamor’a hoba a be le tsebo. Ruri Allah U Tseba Tsohle, U Matla Oohle
  71. Allah U fane ka limpho tsa boipheliso ho ba bang ba lona haholo ho feta ba bang. Ba filoeng limpho tse fetang tsa ba bang, ha ba fane ka limpho tseo ho bao matsoho a bona a matona a ba ruileng, hore ba tle ba lekane ka boemo. Na ke lereko la Allah leo ba le latolang
  72. Allah U le nehile balekane ho tsoa mahopong a lona, A ba A le neha bara le barali ‘moho le litloholo ho tsoa ho bona, A le etsetsa boipheliso ka lintho tsohle tse molemo. Na ke kahoo ba kholoang ho mafeela, ba sitoang ho leboha lereko la Allah
  73. Ba khumamela melimo ea bohata ntle ho Allah eo ka bo eona e senang mokhoa oa boipheliso, eka bang leholimong kapa lefats’eng, ebile e se na le matla
  74. Le se qape lit`soant`so mabapi le Allah. Hobane Ke Allah Ea Tsebang, lona ha le tsebe letho
  75. Allah U entse papiso ea banna ba ba beli: ea lekhoba le tlas’a taolo ea e mong le se nang taelo holim’a eng kapa eng, le ea e mong eo Re mo sitsitseng ka boipheliso bo tsoang ho Rona, e be o sebelisa boipheliso boo lekunutung kapa ponts’eng. Na bobeli ba ea lekana? Lithoriso li be ho Allah! Empa bongata ba bona habana tsebo
  76. Allah U boetse o behile papiso e ‘ngoe hape ea banna ba babeli, e mong oa bona ke setholo se se nang taolo holim’a eng kapa eng, ke moroalo oa Mong`a hae; hohle moo Mong`a hae a mo laelana ho ea teng, ha ho molemo oa letho oo a tlang le oona. Na monna ea joalo o lekana le’a sebetsang ka Toka a bile a latela Tsela e Otlolohileng
  77. Ruri Masabonoeng tsohle tse maholimong le tse lefats’eng ke tsa Allah le eona Hora ea Timelo ke ho panya ha leihlo, kapa ho feta moo. Allah U Matla holima tsohle
  78. Ke Allah Ea le nts’itseng lipopelong tsa bo-’ma lona ha le ne le sa tsebe letho, A le neha kutlo le pono le bohlale le maikutlo, e le hore le tle le fane ka liteboho
  79. Na ha bae s’o bone ha linonyana li ithapalalitse molaong oa Allah li tsitsitse lipakeng tsa moea le maru? Ha ho letho le li khakelelitseng haese Allah. Ruri ho sena ke sesupo ho ba kholoang
  80. Ke Allah Ea le nehileng matlo ho ba malapa a bolulo le phomolo, A le neha matlalo a likhomo hore le etse matlo ao le a fumanang a le bobebe ha le’a kuka nakong ea bohahlauli, ha le khefutsa bohahlauling ba lona, ebe le hloma litente tsa lona; ka boea le bolitse ba tsona le be le etse masela a bonolo a le futhumatsang ha nakoana
  81. Ke Allah Ea le nehileng ho tsoa linthong tseo a li hlolileng, moriti; A le neha libaka tsa bots’abelo lithabeng, le hona ho le neha liaparo tse le ts’ireletsang lebatameng esitana le eona kobo-khulu ho le ts’ireletsa lintoeng tse bakoang ke lona. Ke kamoo A phethahatsang melemo Ea Hae kateng ho lona; e le hore le tle le ithapalatse ho Eena
  82. Haeba ba u furalla, mosebetsi oa hau ke ho fetisa molaetsa o hlakileng
  83. Ba tseba molemo ea Allah, empa ba ea e latola. Ruri bongata ba bona ha bana teboho
  84. Ka letsatsi le leng Re tla tsosa Paki khahlanong le sechaba ka seng: ke moo ho se nang hoba le monyetla ho amohela kopo ea ts’oarelo ho mahana – tumelo, kapa oona molemo
  85. Ha ba etsang liphoso ba bona Kotlo, ha eke ke ea bebofatsoa hohang, kapa hona ho fumana nyehlisetso
  86. Ha ba neng ba maneha Allah batlatsetsi ba bona bo-mphato’a bona, Ba tla re: “Mong`a rona! Bana ke bo-mphato’a rona bao re neng re tloaetse ho memetsa ho bona kathoko ho uena.” Empa batlatsetsi ba bona ba tla ba tjolietsa ka hore: “Ruri le mashano!”
  87. Letsatsing leo ba tla totobatsa boinehelo ba bona ho Allah, tsohle tseo ba neng ba li qapa li ba lahlile kherehloa
  88. Ba latolang Allah, ba sitisa batho ho kena tseleng ea Allah, Ruri Re tla ba phaella kotlo holim’a kotlo hobane ba ne ba tloaetse ho baka pherekano
  89. Ka letsatsi le leng Re tla tsosa Paki khahlanong le sechaba ka seng e tsoang har’a bona, Re tla u tlisa u le paki khahlanong le bana. Re senotse Lengolo le hlalosang lintho tsohle, e le Tataiso le Mohau le Litaba tse Molemo ho Mamuslim
  90. Allah U laetse toka, ho etsa botle, le ho ba mosa ho mehaeno, o hanetse liketso tsohle tse tlontlollang le lehloeo le bokhopo. O le eletsa ho amohela khalemo
  91. Phethahatsang Selekane sa Allah ha le se le itlamme ka sona, le se koenehele likano tsa lona kamor’a hoba le ikane, le kamor’a hoba le etse Allah molisa holim’a lona. Ruri Allah U Tseba Tsohle tseo le li etsang
  92. Le se ts’oane le mosali ea pomang likhoele kamor’a hoba a lits’ohle hore li be matla. Kapa ho etsa likano tsa lona thetso lipakeng tsa lona, ka lebaka la sechaba se sengata haholo ho feta se seng. Hobane Allah U tla le beha tekong ka sena, Ruri o tla le hlalosetsa seo le neng le sa lumellane ka sona mohla Letsatsi la Kahlolo
  93. Hoja e bile thato Ea Allah, A ka be a le entse sechaba se le seng kaofela ha lona, empa U lesa bao A ikhethelang bona ho kheloha le ho tataisa bao A Ikhethelang bona; empa le tla botsoa tsohle tseo le neng le li etsa
  94. Le se fetole likano tsa lona thetso lipakeng tsa lona, esere ka mohlomong leoto la e mong la thella kamor’a hobale setlele ka tieo, la tlameha ho latsoa litholoana tse babang tsa ketso ea ho sitisa batho ho kena tseleng ea Allah, eaba kahlolo e ts’abehang e oela holim’a lona
  95. Le se rekise selekane sa Allah ka theko e eisehang! Bonang! Ruri moputso o ho Allah ke o babatsehang sebakeng sa lona, hoja feela le ne le tseba
  96. Seo se ho lona ha se na thuso, empa haele se ho Allah se tla sala e le seemahale. Ruri Re tla putsa ba tsitlaletseng ka moputso o babatsehang ho latela makhabane ao ba neng ba a etsa
  97. Motho ofe kapa ofe ea etsang toka, ekaba monna kapa mosali, e bile e le molumeli, Ruri Re tla mo neha bophelo bo ntlafetseng, Re tlaba putsa ka moputso o babatsehang ho latela makhabane ao baneng ba a etsa
  98. Nakong eo le phetang Qura’n, le kope ts’ireletso ho Allah khahlanong le Satane oa ho nenoa
  99. Bonang! Ruri ha a na matla holim’a ba kholoang ba behileng ts’epo ea bona ho Mong`a bona
  100. Bolaoli ba Satane bo holim’a ba thehileng setsoalle le eena feela le ba manehang Allah ka batlatsetsi
  101. Nakong eo Re nyokolang ts’enolo sebakeng sa e ‘ngoe, – ‘Allah U tseba ka botlalo seo A se senolang, – Ba re: “Uena u mpa u iqapetse.” Ruri bongata ba bona ha bo na tsebo
  102. E re: “Moea o Halalelang o tlisitse ts’enolo e tsoang ho Mong`a hae ka ‘nete, ho tla hlapants’a tumelo ea ba kholoang, e le tataiso le tsona litaba tse monate ho ba inehetseng ho Allah.”
  103. Re bile Re tseba hantle hore ba re: “Ke motho ea u rutang.” Leleme leo ba mo supang ka lona ke la balichaba, athe leleme lena ke la se-Arabia se hlakileng
  104. Haele ba sa kholoeng lits’enolong tsa Allah, Ruri Allah a ke ke a ba tataisa, kahlolo e mahlonoko ke’a bona
  105. Ke ba sa kholoeng lits’enolong tsa Allah, ba iqapelang mashano, ke bona ba leshano
  106. Mong le mong ea sa tl’o lumela ho Allah kamor’a hoba a be le tumelo, ntle le ea tla hatelloa, pelo ea hae eona e sale e sataletse tumelong, – empa ba koenehelang tumelo ha bobebe: khalefo ea Allah e holim’a bona. Ruri kahlolo ea bona ke e ts’abehang
  107. Sena ke ka lebaka la hobane ba ikhethetse bophelo ba lefats’e lena ho ena le bo-tlang, etsoe ke hobane Allah ha A tataise batho ba hlokang tumelo
  108. Bana ke bao Allah A kabileng lipelo, litsebe le mahlo a bona. Ke maoatla
  109. Kantle ho khoao, ba tla timela ho Bo-tlang
  110. Empa ruri Mong’a Hau,-Haele ba phaphathehang kamor’a likotlo qobello tse bileng teng holim’a bona, hamorao e be ba a loanela Tumelo le hona ho ba le mamello, – Ruri kamor’a mona Mong`a hau malebana le bona U Ts’oarela-joalo-joalo, U Khaphatseha Mohau
  111. Ka letsatsi le leng moea o mong le o mong o tla ipuelella ka bo-ona, moea ka mong o tla putsuoa seo o se entseng, e ke ke ea qhekelloa
  112. Allah U fana ka papiso: ea motse o phelang ka ts’ireletso le khutso, nala ea ona e hlaha likhutlong tsohle, empa o nyefola melemo ea Allah, eaba Allah U etsa hore o ke o latsoe tlala le tsitsipano ka lebaka la mekhoa e mebe eo batho ba oona ba entseng
  113. Eaba ho fihla Moromuoa har’a bona ea hlahetseng har’a bona, empa ba ile ba mo latola ka bohata, ba ripitloa ke khalefo nakong eo ba sa ntseng ba le har’a lits’ito tseo tsa bona
  114. Ejang lijo tse hloekileng tseo le lumeletsoeng ho lija, tseo Allah a le sitsitseng ka tsona; le lebohe nala ea Mong`a lona haeba ke Eena eo le mo sebeletsang
  115. Allah U le hanetse feela ka nama ea phoofolo e shoeleng, bobete, nama ea kolobe le nama eo eitseng ha e hlajoa eaba ho bitsoa lebitso le leng le ntle ho la Allah; ntle le ea tla khannoa ke boemo, eseng ho tlola molao kapa hona ho tlola meeli, – Ruri Allah U Ts’oarela ka Mehla, U Tletse Mohau
  116. Le se ke la buoa khahlanong le seo maleme a lona a sa se tsebeng, empa ka leshano le re: “Sena se molaong, sena ha se molaong,” le qapa leshano mabapi le Allah. Ruri haele ba qapang leshano khahlanong le Allah ba ke ke ba atleha
  117. Boithabisonyana bo fokolang e tla ba ba bona; le kahlolo e mahlonoko ke’a bona
  118. Ho Ma-Juda Re ba hanetse ka lintho tseo Re seng Re u phetetse tsona. Ha se Rona ba ba foSelitseng, empa ba ne ba atisa ho iketsetsa liphoso ka bo-bona
  119. Ba etsang sebe tlas’a ho hloka tsebo, hamorao ba inyatse le hona ho etsa tefelo, – – Ruri Mong`a hau U Ts’oarela ka Mehla, U khaphatseha Mohau
  120. Abrahama e bile mohlala, a le mamello ho Allah le ho ba le tumelo e tiileng tlhahong, a sa kopanye Allah le melingoana
  121. O ile a bonts’a teboho melemong ea Allah; Ea mokhethileng, a mo tataisetsa Tseleng e Otlolohileng
  122. Eaba Re mo neha tse molemo lefats’eng lena, ho Bo-tlang o tlaba har’a ba lokileng
  123. Kamorao ho moo eaba Re A u nyenyeletsa: “Latela tsela ea Abrahama, ea bileng le ‘nete Tumelong, o ne a sa kopanyanye Allah le melingoana
  124. Sabata sona se ile sa etsetsoa feela ba neng ba phehisana khang ka sona, Empa Allah U tla ahlola lipakeng tsa bona mohla Letsatsi la Kahlolo malebana le phapang ea bona
  125. Memela bohle Tseleng ea Mong`a hau ka bohlale le boshomaeli bo hlakileng; u supisane mabaka le bona ka mokhoa o babatsehang. Hobane Mong`a hau o tsebisisa hantle eo ea khelohang tseleng ea Hae, le ba amohelang tataiso
  126. Haeba u fana ka kotlo, u fane ka kotlo e ts’oanang le eo le uena u kileng oa ahloloa ka eona. Empa haeba u mamella ka ts’iamo, Ruri seo se molemo ho ba mamellang
  127. Mamella. Mamello ea hau e tsoa ho Allah; U se ikutloese bohloko ka bona; u se ke ua ituba ka merero ea bona
  128. Hobane Allah U na le ba bolokang its’oarang, le ba etsang toka. Ka lebitso la Allah, Ea Lereko, Mong`a hao