18.The Cave

  1. Thoriso e be ho Allah, Ea rometseng Lengolo ho lekhabunyane la Hae, leo A sa lumellang bolotsana kahar’a lona
  2. Le totobetse hore A hlokomelise ka kahlolo e Ts’abehang e tsoang ho Eena, le hore A fane ka Litaba tse Molemo ho ba kholoang; ba etsang liketso tse lokileng, hore bat la fumana moputso o babatsehang
  3. Moo ba tlang ho phela teng kahosafeleng
  4. Le hona ho khalema ba reng: “Allah U tsoetse mora,”
  5. Ha ba na tsebo ka seo, kapa bona bo-ntata bona. Ba buoa sebe ka melomo ea bona. Seo ba se buang ha se letho haese leshano
  6. Mohlomong ba nahana hore ha eba ba ke ke ba kholoa molaetseng ona, o tloha o thohotheloa ho inehela lefung ho latela mesebetsi ea bona
  7. Re hlotse lintho tsohle tse teng lefats’eng e le mekhabiso holim’a lona, ho ba beha tekong: le hona ho bona hore na ke bafeng har’a bona ba boits’oaro bo botle
  8. Ruri! Re tla fetola lintho tsohle tse teng holim’a lona lerole le mobu o ommeng
  9. Kapa u nahana hore batho ba Lehaha le Ba-Mongolo ke Mehlolo har’a lits’upiso tsa rona
  10. Bahlankana ba ile ba ts’abela lehaheng: ba re: “Mong`a rona! ts’ollela Mohau oa Hau ho rona, U sebetse taba ea rona ka toka.”
  11. Eaba re kiba kutlo ea bona moo Lehaheng ka lilemo tse ‘maloa
  12. Kamor’a moo eaba Re ba tsosa borokong, hore Re tle Re tsebe hore na mahlakoreng ana a mabeli ke le feng le ka tsebang ho lokolisa nako eo ba ileng ba e lula moo
  13. Re u phetela nalane ea bona ka ‘nete: E ne e le bahlankana ba kholoang ho Mong`a bona, Re ile Ra ba phaella ka tataiso
  14. Ra Kenya sebete ho bona nakong eo ba neng ba itlhophela leeto bare: “Mong`a rona ke Mong`a maholimo le lefats’e, ha ho molingoana ope eo re llelang ho eena ntle ho Eena, hobane ha re ka etsa joalo re tla be re buile linyonts’a
  15. Batho ba habo rona, ba ikhethets melimo esele ntle ho Eena le hoja ba se na bopaki bo hlakileng bo tsoang ho eona. Ha na ke mang ea etsang phoso e kholohali ho feta eo ea qapang leshano khahlano le Allah
  16. Haeba le ka ba furalla le tsohle tseo ba li khumamelang ntle ho Allah, eaba le tsoma sets’abelo Lehaheng; Ruri Mong`a lona U tla jala Mohau oa Hae holim’a lona le hona ho le bebofaletsa mathata a lona.”
  17. U ka be u ile oa bona letsatsi mohla le neng le chabile le siroha lehaheng la bona ho leba ka ho le letona, le nakong eo le neng le e ea malikelong, ba robetse hara Lehaha ba sa ikhurumetsa. Seo ebile se seng sa lits’upiso tsa Allah. Ea tataisoang ke Allah, u tataisong e nepahetseng, athe Ea mo tlohetseng ho kheloha,- ha u ke ke oa ba fumanela mosireletsi ea ka ba tataisetsang tseleng e nepahetseng
  18. U ka be u ile oa nahana hore ba tsohile, athe ba ntse ba robetse, Re ile Ra ba fetolela ka mahlakore bobeli, ntjanyana ea bona e otlolotse maoto a pele monyako. Ha u ne u ka atamela haufi le bona, Ruri u ne u tla menola tlhabela; u tlallane ke letsoalo la ho bona seo
  19. Ka mokhoa o ts’oanang Re ile Ra ba tsosa, e le hore ba tle ba botsane ka bo-bona. E mong oa bona o ile a re: “Re lutse nako e kae moo?” Ba ile ba re: “Re lutse letsatsi kapa karoloana ea lona,” Ha ba bang ba ile bare: “Ke Allah Ea tsebang ka botlalo hore na le lutse nako e kae.” Romang e mong oa rona ka chelete ena ea Selivera motseng, ho ea re shebela sejo se hloekileng seo re ka se jang moo. Ebe motho ea boits’oaro bo lokileng, ho se be motho ea ka tsebang ka rona
  20. Hobane haeba ba ka re tseba, ba tla re tlapunya ka majoe, kapa ba re khelosetse tumelong ea bona; re ke keng ra hlola re eba le katleho
  21. Re ile Ra ba beha pooaneng ho batho ba motseng, hore ba tle ba tsebe hore ts’episo ea Allah ke’a ‘nete, le hore Hora ea Pallo ha ho khoao ka eona. Eaba baahi ba motse ba simolla ho pheha khang ka bo bona, ba re: “Hahang moaho holim’a bona; ‘Mong`a bona o tseba ka botlalo malebana le bona.” Joale, ba ileng ba hlola nyeoe ea ba ba re: “Ruri re tla aha ntlo ea thapelo holim’a bona.”
  22. Bang ba re: “Ba ne ba le ba raro, ntja ea bona ke’a bone,” athe karolo e ngoe eona e re: “Ba ne ba le bahlano, ntja ea bona ke’a bots’elela,” Ba noha tlas’a ho hloka tsebo; ba bang ba re: “Ba ne ba supile, ntja ea bona ke’a borobeli.” E re: “Ruri ke Mong`a ka ea tsebang ka kotloloho palo ea bona. Ke ba fokolang feela ba tsebang ka bona. Kahoo, u se phehe khang le bona haese ha feela eba ke ka mokhoa o hlakileng, u se botse ope oa bona khahlanong le taba eo
  23. Kapa hore: “Ke tla etsa ntho e itseng hosane,” –
  24. U sa ka oa re;” Ka thato ea Allah!” U hopole Mong`a hau nakong eo u lebetseng, u re: “Mohlomong Mong`a ka o tla ntataisetsa katamelong ea tsela ea ‘nete ho feta ena.”
  25. Ba ile ba lula Lehaheng la bona lilemo tse makholo a mararo, le lilemo tse robong
  26. E re: “Ke Allah ea tsebang ka kotloloho lilemo tseobali lutseng. Etsoe makunutu a maholimo le lefats’e ke a hae. U na le pono e hlakileng le kutlo e batsi! Ha ba na mosireltsi ea kantle ho Eena, ha ho ope ea nang le kabelo ‘Musong oa Hae
  27. U phete Lengolo leo u le senoletsoeng le etsoa ho Mong`a hau. Ha ho ope ea ka fetolang mantsoe A Hae, u ke ke oa fumana sets’abelo kantle ho Eena
  28. U boloke moea oa hau o khotsofetse ‘moho le bohle ba memetsang ho Mong`a bona mesong le mantsiboea, moo ba ba tlang motlopotlo oa Hae; u se ba tlolise mahlo holimo, moo u labalabelang monyaka oa bophelo ba lefats’e lena; u se ke oa latela eo Re thatafalitseng pelo ea hae hore e se ke ea Re hopola, ea setseng litakatso tsa hae morao, mehopolo ea hae e se e tlotse meeli eohle
  29. E re ho bona: “‘Nete e tsoa ho Mong`a lona. Mong le mong ea nang le thahasello mo tloheleng a kholoe, ka ho ts’oana le eo ea senang thahasello le mo lese ho latola tumelo. Haele ba tlolang molao bona Re ba lokiselitse Mollo. Lephephe la ona le tla ba koahela joaloka marulelo. Haeba ba kopa ho tola, ba tla tolisoa ka metsi a ts’oanang le koporo e qhebilisitsoeng e chesang lifahleho. Ak’u bone kamoo ba tlang ho noa mothofu o ts’abehang esitana le bona bolulo bo bolileng kateng
  30. Haele ba kholoang ba etsa mesebetsi e hloekileng, – Ruri Re ke ke Ra lumela hore moputso oa mong le mong ea entseng ketso e lokileng e be o’a lahleha
  31. Ba joalo, Lirapa tsa Edene ke tsa bona, moo teng linoka li phallang haufi le bona; ba tla nehoa libenyele tsa khauta esita le hona ho apara liaparo tse tala tsa silika e bobebe e nang le mekhabiso ea khauta, ba phomotse holima Literone. Ruri oo ke moputso o babatsehang esitana le sona sebaka se machosi hakakang
  32. Ak’u ba etsetse papiso ea banna ba babeli: bao e mong le e mong oa bona Re mo sitsitseng ka lirapa tse peli tsa merara, tseo Re li kopetseng har’e ka lifate tsa palema, lipakeng tsa tsona ho len’goe
  33. Serapa ka seng se fana ka litholoana tse khotsofatsang. Ho phalla noka lipakeng tsa tsona
  34. E mong o ne a ena le litholoana tse ngata. Eaba moo a ileng a re ho mphato oa hae nakong eo neng a buisana le eena: “‘Na ke morui ho feta uena ka thepa, ebile ke hlompheha kahofetisisa bathong.”
  35. Eaba o ea serapeng sa hae, ka moelelo o fosahetseng. A re: “Ha ke nahane hore lintho tsena tsohle li sa tla hlola li fela
  36. Ebile ha ke nahane hore hora ea kahlolo e sa tla tla, haeba nka boela ho Mong`a ka, Ruri ke na le bo-’nete ba hore ke tla fumana puseletso e molemo ho feta ena.”
  37. Empa motsoalle oa hae nakong eo ba ntseng ba phehile khang, a re: “na ha o lumele ho Eena ea o hlotseng ka lerole le ka lehloele, eaba o o bopa o le motho
  38. Ruri! ke Allah Mong`a ka, nke ke ka kopanya Mong`a ka le motlatsetsi
  39. Hoja e be nakong eo o neng o kena ka har’a serapa sa hau o ile oa re: “Thato ea Allah e phethoe! Ha ho matla ntle le matla a Allah! Le ha o mpona ke le mofutsana ea o fetang ka thepa esita le ka bana
  40. Mohlomong Mong`a ka o tla mpha se molemo ho feta serapa seo sa hau, e be U romella lehalima le tsoang marung ho tla se ripitla hoo ekareng hoseng eaba se tsoha e le mofela
  41. Kapa e be hoseng ho hong metsi a teng moo ho sona a be a nyametse hoo o ke keng oa hlola o’a fumana
  42. Litholoana tsohle tsa hau li be li ripitliloe. Ebe o simolla ho akha matsoho a hau molemong oa tsohle tseo o li senyehetsoeng, tseo ha joale li fetohileng lesupi, e be o tla re: “nka be ke sa ka ka kopanya Mong`a ka le motlatsetsi!”
  43. Ha a na lequloana le ka mo thusang kahlanong le Allah, kapa hona hore a ka ipholosa
  44. Ke Allah feela ea ka fanang ka ts’ireletso, Ea ‘Nete. Etsoe ke Eena ea molemo ho putsa, e bile o molemo ho fana ka katleho
  45. U ke u ba etsetse papiso ka bophelo ba lefats’e lena bo joalo ka metsi ao Re’a romellang ho theoha marung, e be limela tsa lefats’e li’a e amohela; kamorao e be li’a omella hoo li ka fefoloang ke moea. Ruri! Allah U Matla A ho etsa lintho tsohle
  46. Thepa le bana ba lona ke liaparo tsa bophelo ba lefats’e lena. Empa ba etsang liketso tse lokileng, ba molemo mahlong a Mong`a bona ho ka putsuoa, ba bile bana le ts’epo e tiileng
  47. Le ke le ipotse tsa mohla Letsatsi leo ka lona Re tlang ho batalatsa maralla, le tla bona lefats’e le nyebekolloa; Re tla ba bokella hammoho ho sa tl’o sala le a mong oa bona morao
  48. Ebe joale ba hloptjoa ka mahlofo kapel’a Mong`a bona, eleng moo lentsoe le tla re: “Le tlile ho Rona joaloka ha Re ile Ra le bopa mathomong. Le ile la nahana hore Re ke ke Ra phethisa lits’episo hore le tla kopana le Rona!.”
  49. Buka ea liketso e tla behoa kapel’a lona, ke moo u tla bona ba molato ba le matsoalong ho latela se tla beng se ngoliloe kahar’a eona, ba tla re: “Jo’na oee! Ke buka ea mofuta ofe e sa sieeng letho le lenyane leha e le le leholo, e li ngolile kaofela!” Ruri! ba tla fumana tsohle tseo ba li entseng li ba tjametse, ho se ope eo Allah a mo qhekeletseng
  50. Bonang Re ile Ra Re ho manyeloi: “Khumamelang Adama,” Eaba a ea khumama haese Iblis. E ne e le e mong oa Masabonoeng, kahoo, o ile a nyelisa le hona ho ba khahlanong le taelo ea Mong`a hae. Na le ka khetha eena le tsoala ea hae ho ba metsoalle ea lona e ka le ts’ireletsang ntle ho ‘Na? Empa e le lira tsa lona? Ruri! Se nyonyehang ke poelo ea baetsalibe
  51. Ha ke’a ba bopela ho ba lipaki tsa tlholeho ea maholimo le’a lefats’e esitana le ho ba lipaki khahlanong le popo ea bona; kapa hona ho ba khetha e le bathusi ba ka ho khelosa batho
  52. Ka letsatsi le leng Allah U tla re: “Memetsang ho bao le neng le ba kopanya le ‘Na.” Kemoo ba tla memetsa ho bona, empa ba ke ke ba utloa thapelo ea bona, etsoe Re tla etsa timelo e tebileng lipakeng tsa bona
  53. Ke moo ba molato ba tla bona mollo, ba utloisise hore ba tla lahleloa kahar’a ona, ba ke ke ba fumana tsela ea ho phonyoha
  54. Re hlakiselitse batho kahar’a Qura’n ena mefuta eohle ea lipapiso; empa motho o manganga a fetisisang
  55. Ke eng se thibelang batho ho kholoa, empa tataiso e se e tlile ho bona esitana le hona ho kopa ts’oarelo ho Mong`a bona, haese feela hore e be ba na le taba-tabelo ea kahlolo ea batho ba mehleng ea pele hore eba oele, kapa hore e be ba tjametsoe ke timelo
  56. Re romella baromuoa joaloka bahlokomelisi le ho tlisa litaba tse molemo. Empa ba mahana-tumelo a pheha khang ka leshano, le ho sesefatsa ‘nete ka lona. Ba nka lits’enolo tsa Ka, le hohle moo ebang ba ea khalengoa joaloka papali
  57. Ke mang ea etsang phoso e kholohali ho feta eo ea phethetsoeng lits’enolo tsa Mong`a hae, eaba o oa likoenehela le ho lebala tseo matsoho a hae a lirometseng nale ho lebisa kahlolong? Ruri Re koahetse lipelo tsa bona ka lesira, hore ba tle ba se ke ba utloisisa letho, ebile e le litholo. Leha u ka oa ba bitsetsa tataisong, Ruri ba ke ke ba tataisoa ka nepo
  58. Empa Mong`a hau U Ts’oarela-jolao-joalo, U Tletse Mohau. Haeba A ka ba biletsa boikarabellong hajoale mabapi le tseo bali entseng, Ruri o ne A tla potlakela Kahlolong ea bona; empa nako ea bona ke’a pallo eo ba ke keng ba phonyoha ho eona
  59. Le eona metse eohle eo Re ileng Ra e ripitla ho latela liketso tse fosahetseng, Re ne Re ile Ra fana ka nako ea pallo kotlong ea bona
  60. Moshe o ile a re ho mosebeletsi oa hae: “Ruri nke ke ka emisa ho fihlela ke fihlile mateanong a maoatle a mabeli, le ha ke qhala lilemo-lemo tseleng
  61. Empa eitse ha ba se bafihlile mateanyetsong, ba lebala Tlhapi ea bona, eona e ile ea inkela tsela ea eona ka har’a metsi e le bolokolohing
  62. Hoba ba tsamae sebakanyana, eaba o re ho mosebeletsi oa hae: “A k’u re etsetse lijo tsa hoseng. Ruri! Haele leetong lena re teane le mathata a mangata.”
  63. A araba a re: “Na ha o oa bona, hore nakong eo re neng re ts’abela holim’a lefika, ke ile ka lebala tlhapi teng, – ke satane ea entseng hore ke lebale ho buoa ka eona, – e ile ea inkela tsela ea eona ka har’a metsi ka mokhoa o makhethe.”
  64. Moshe a re: “Sena ke sona seo re neng re tsomana le sona.” Kahoo, menahana le mehlala ea bona
  65. Ke moo ba ileng ba fumana e mong oa makhabunyane a Rona, eo Re mo sitsitseng ka Mohau oa Rona le ho mo ruta tsebo e tsoang boteng ba Rona
  66. Moshe a re ho eena: “Na nka o sala morao ho fihlela moo o tlang ho nthuta ‘Nete eo o ileng oa e rutoa?”
  67. Eaba eo o re: “Ruri u ke ke oa ba le mamello ho ‘na
  68. Ho tla joang hore u ka ba le mamello ka seo u sa kang oa ba le kutlisiso e feletseng ka sona?”
  69. Moshe a re: “Haeba e le thato ea Allah, Ruri u tla mphumana ke ena le mamello, ha ho letho leo ke tlang ho u hanyetsa ka lona.”
  70. Eo a re: “Ho lokile, haeba u tsamaea le ‘na; u se mpotse letho ho fihlela e le ‘na ea ka o bolellang sona.”
  71. Ba ile ba tsamaea ‘moho ho fihlela moo ba ileng ba kena sekepeng, e leng moo mphato oa hae a ileng a phunya sekepe seo lesoba. Eaba Moshe o re: “Lesoba leo o le etsetsa hore o tle o qoelise batho? Ruri o entse ntho e mohlolo
  72. A araba: “Na ha ke’a u bolella hore o ke ke oa ba le mamello ho ‘na?”
  73. Moshe a re: “Se nkhalefele hobane ke se ke lebetse, o se be pelo e mpe holim’a ka ho latela phoso ea ka.”
  74. Ba qhoba ka leeto la bona ho fihlela moo ba ileng ba kopana le mohlankana, eaba monna eo oa ‘molaea. Moshe a re: “O etsang eng! Ha eka o bolaea moea o se nang molato, o sa kang oa bolaea le haele motho? Ruri! O entse ntho e mpe ka mokhoa o makatsang!”
  75. A araba: “Ha ha ke’a ka ka u bolella hore u ke ke oa ba le mamello ho ‘na?”
  76. Moshe a re: “Haeba nka o botsa ho hong kamor’a sena, Ruri o mpe o nteleke pela hau. Hobane o tla be o ile oa mphumana molato.”
  77. Ba tsoela pele ka leeto la bona ho fihlela ba fihla bathong ba motse o mong, moo ba ileng ba kopa lijo, empa ba se ke ba ba amohela joaloka baeti. Ba fumana lerako le neng le se le le haufi le ho heleha, monna eo oa le tsosa. Eaba Moshe o re: “Hoja e bile thato ea hau, e ka be ba o batlile moputso sebakeng sa lona.”
  78. A araba: “Mona ke karohano lipakeng tsa ka le uena! Ke tla o hlalosetsa manollo ea lintho tseo o sa kang oa ba le mamello holim’a tsona
  79. Mabapi le sekepe, se ikarabella ho batho ba neng ba sotlehile ba sebetsa moo metsing, ke ne ke lakalitse ho se nts’a maemong a ts’ebetso, hobane ho ne ho e na le morena kamor’a bona ea inkelang sekepe sefe kapa sefe ka sheshe
  80. Mabapi le mohlankana eloa, eena batsoali ba hae e ne e le ba kholoang, re ile ra ts’oha hore mohlomong o tloha a ba hlokofatsa ka borabele le ho hloka teboho
  81. Ra lakatsa hore mohlomong sebakeng sa hae Mong`a bona aba putse ka mora e mong ea fapaneng le eo ka bohloeki le katamelong Mong`a hau
  82. Mabapi le lerako teng, lona e ne e le la likhutsana tse peli tsa bahlankana har’a motse, ka tlas’a lona ho ne ho le teng letlotlo leo eleng la bona, ntat`a bona u ne a bolokile, Mong`a hau U ne A rerile hore ba fihlele lilemo tse lokelang, ba tle ba iphumanele letlotlo la bona joaloka Mohau o tsoang ho Mong`a bona; ha ke’a ka le tsosa ka thato ea ka. Sena ke manollo ea lintho tseo o sa kang oa ba le mamello holim’a tsona.”
  83. Ba o botsa ka Zul-qarnain. E re: “Ke tla le phetela pale ea hae.”
  84. Ruri Re ile ra mo apesa ka matla lefats’eng le ho mo neha tsela holim’a lintho tsohle
  85. O ile a latela tsela e `ngoe
  86. Ho fihlela, a fihla moo letsatsi le phirimang teng, a fihlela le phirima kahar’a Seliba se mokhoabong, haufi le sona a fihlela batho: Ra Re: “Oho Zhul-qarnain! Ebang o ba neha kotlo kapa o ba lemosa ka mosa
  87. A re: “Mong le mong ea etsang phoso re tla mo ahlola, hamorao o tla boela ho Mong`a hae, ea tlang ho mo ahlola ka kahlolo e ts’abehang
  88. Empa ea kholoang a bile a etsa toka, – moputso oa hae e tla ba o molemo; Re tla mo putsa ona ka taelo e molemo.”
  89. Ke moo a ileng a latela tsela e ‘ngoe
  90. Ho fihlela moo letsatsi le chabang teng, a fumana le chabela batho bao Re sa kang ra ba neha ts’ireletso khahlanong le lona
  91. A ba lesa ba le joalo; Re ne Re tsebile lintho tsohle kapele ho eena
  92. A latela tsela e ‘ngoe
  93. Ho fihlela moo a ileng a fihla lipakeng tsa lithaba tse peli, moo a ileng a fumana batho tlas’a tsona ba neng sa utloisisi puo le ha e le lentsoe le le leng
  94. Ba re: “Oho Zhul-qarnain! Batho ba Gog le Magog ba baka pherekano lefats’eng. Kahoo, na re ka o neha tefo, e le hore o tle o ahe lerako lipakeng tsa rona le bona?”
  95. A re: “Matla ao Mong`a ka A ‘matlafalitseng ka ona a molemo ho feta tefo ea lona. Lona le ka mpa la nthusa ho aha: ke tla aha mokoallo lipakeng tsa lona le bona
  96. Mpheng likoto tsa lits’epe ke etse mokoallo, – ha a qetile ho koala lekhalo le lipakeng tsa lithaba tseo, A re: “Buts’oelang!” –babuts’oela ho fihlela li chesa, Eaba o re: “ntlisetseng koporo e qhebilisitsoeng ke tl’o li inela ka har’e.”
  97. Ke kamoo ba ileng ba sitoa ho le tlola esita le hona ho le phunya lesoba kateng
  98. A re: “Ona ke mohau o tsoang ho Mong`a ka; empa mohla ts’episo ea Mong`a ka e phethahatsoang, Ruri o tla le ripitla; hobane ts’episo ea Mong`a ka ke ‘nete
  99. Mohla letsatsi leo re tla menahanya khahlanong le a mang, Terompeta e tla letsoa. Re tla ba tlohela ho khahlelana holimo joalo ka maqhubu
  100. Re tla tlisa Lihele kapel’a mahana-tumelo ka mokhoa o hlakileng ho ka iponela
  101. Bao mahlo a bona a neng a koahetsoe ka lesira lits’enolo khopolong Ea Ka, ba sa nkutloe
  102. Mahana-tumelo a nahana hore ba ka ikhethela makhabunyane a ka ele bats’ireletsi kantle ho ‘Na? Ruri! Re lokisitse lihele e le kamohelo ea Mahana-tumelo
  103. E re: “Na re ka le tsebisa ka ba lahleheloang haholo ho latela mesebetsi ea bona
  104. Bao liketso tsa bona li khelohileng bophelong balefats’e lena, ha ba ne ba nahana hore ba etsa mesebetsi e lokileng
  105. Bao ke ba latolang Lits’enolo tsa Mong`a bona esita le hona ho nyelisa kopano ea bona le Eena. Kahoo, mesebetsi ea bona e mafeela, ka Letsatsi la Kahlolo ha ho kabelo eo Re tla ba neha eona
  106. Lihele e tla ba moputso oa bona: hobane ba latotse Tumelo, ba nka Lits’enolo tsa Ka le Baromuoa ba Ka e le motlae
  107. Haele ba kholoang, ba etsa liketso tse lokileng; Lirapa tsa Paradeisi e tla ba kamohelo ea bona
  108. Ba tla phela moo, ntle le ho lakatsa phetoho
  109. E re: “Hoja e be leoatle e ne e le enke ea ho ngola mantsoe a Mong`a ka, Ruri le ne le tla felloa ke mokelikeli oo, hoo mantsoe a Mong`a ka a neng a ke ke a fella, leha re ne re ka tlisa leoatle le leng ho thusa leo.”
  110. E re: “`Na ke motho joaloka lona. Ke Mong`a ka ea nts`enoletseng hore `Mopi oa lona ke `Mopi A le mong. Mong le mong ea nang le ts’epo ea ho kopana le Mong`a hae, mo leseng ho etsa liketso tse hloekileng, ho se be ope ea ka mo bapisang le Allah.” Ka lebitso la Allah, Ea Lereko, Mong`a hao