20.Taa-Haa

  1. Ta-Ha
  2. Ha Re’a senola Qura’n ena ho u beha mats’oenyehong, ka eona
  3. Haese feela hore ebe sekhopotso ho ba nang le ts’abo
  4. Ke ts’enolo e tsoang ho Eena Ea hlootseng lefats’e le maholimo a holimo-limo
  5. Ea Tletseng Lereko, ea tsepameng Teroneng
  6. Lintho tsohle tse maholimong le tsohle tse lefats’eng ke tsa Hae, le tse lipakeng tsa tsona le tse ka tlas’a lefats’e
  7. Leha eba u ka buela holimo, Ruri! O tseba menahano ea sephiring le e patehileng
  8. Allah! Ha ho `Mopi e mong ntle ho Eena. Mabitso ohle a matle ke’a Hae
  9. Na pale ea Moshe e se ile ea fihla ho uena
  10. Ha a bona mollo: a re ho lelapa: “Butleng! Ke bona mollo lefelleng. Mohlomong ke tla ea ho le khella mollo ho ona, kapa e be ke tla fumana tataiso ho ona.”
  11. Empa ha a atamela haufi le mollo oo, ha utloahala lentsoe: “Oho Moshe
  12. “Ruri! Ke ‘Na, Mong`a hau. Kahoo rola meqathatso ea hau, hobane u har’a phula e halalelang ea Tuwa
  13. “Ke u khethile, ka hona theha tsebe ho seo u se susumetsoang
  14. “Ruri Ke ‘Na Allah: Ha ho `Mopi e mong ntle ho ‘Na. Kahoo, nts’ebeletse le hona ho phetha lithapelo molemong oa ho nkhopola
  15. “Ruri hora e ea tla – ke tla e boloka e patehile, hore moea ka mong u tle u putsoe malebana le seo u se sebelelitseng
  16. “Ka lebaka leo, u se lumelle motho ofe kapa ofe ho u khelosa ho sena, ele ea sa kholoeng ho sona, ea mpang a sala morao litakatso tsa hae, esere oa timela!”
  17. “Moshe ke eng seo o se t`soereng ka letsoho la hau le letona?”
  18. Moshe a re: “Ke lere la ka leo ke ikokotlelang ka lona, le hona ho polela makhasi fats’e molemong oa linku tsa ka esita le melemo e meng.”
  19. Allah A re: “Moshe! Le lahlele fats’e.”
  20. Moshe a le lahlela fats’e, eaba le fetoha noha e hahabang
  21. Allah A re: “Le ts’oare, u se ts’abe letho: Re tla le busetsa hang bo loneng
  22. “U pholle lehlakore ka letsoho la hau, le tla boea le le lesoeu le se na kotsi, – Seo e tla ba sesupo se seng
  23. “Hore Re tle Re u bonts’e tse ling tsa lits’upiso tsa Rona tse kholohali
  24. “Tsamaea u ee ho Faro! Ruri u se a tlotse meeli eohle.”
  25. Moshe a re: “Mong`a ka! Atolosa sefuba sa ka
  26. “Mpebofaletse mosebetsi oa ka
  27. “U rarolle leleme la ka
  28. “E le hore ba tle ba utloisise puo ea ka
  29. “U be u ‘matahanye le lehlahana ho tsoa lapeng heso
  30. “Aarone, moen’a ka
  31. “Hlapants’a matla a ka ka eena
  32. “U etse hore re arolelane mosebetsi oa ka le eena
  33. “Hore re tle re keteke thoriso ea hau re sa khaotse
  34. “Re U hopole re sa khaotse
  35. “Hobane ke Uena Eo esale U re alositse.”
  36. Allah A re: “Oho Moshe! Re ananetse thapelo ea hau
  37. “Ruri! Le nakong e fetileng, Re ‘nile Ra ba molemo ho uena
  38. “Mohla re neng Re khothaletsa ‘ma’o ka ts’ususmetso, Molaetsa
  39. “Mo akhele ka har’a sethoto, ebe u se akhela ka har’a noka, noka e tla se qhelela lebopong, moo sera sa Ka, ebile e le sera sa hae, se tla mo nka teng. Ke u sitsitse ka lerato le tsoang ho ‘Na, hore u tle u holele thatong ea Ka
  40. “Khaitseli ea hau e atamelang, e re: “Na nka u bonts’a e mong ea tla mo anyesa le ho mo hlokomela?” Eaba Re u busetsa ho ‘ma’o, e le hore a tle a itlhakole meokho, a se ts’oenyehe. U kile oa bolaea motho, Ra u nts’a maqakabetsing ao a ts’abehang, le hona ho u leka ka teko e boima. U kile oa lula lilemo le batho ba Mediane. Joale, u atametse koano ho latela tlhokomelo ea Ka, Moshe
  41. “Ke u lokiselitse ‘Na
  42. “Tsamaea le moena oa hao ka lits’upiso tsa ka, le se be botsoa ho nkhopola
  43. “Tsamaeang ka bobeli le ee ho Faro. Ruri! U se a tlotse meeli eohle
  44. “Empa le buee le eena ka mosa, mohlomong a ka a utloisisa, kapa abale ts’abo.”
  45. Ba re: “Mong`a rona! Ruri! Re ts’oha hore a se tlohe a re hobosa, le hona ho re kharuma, kapa hona tlola meeli eohle.”
  46. Allah A re: “Le se ts’abe letho. Hobane Ke na le lona: Ke utloa tsohle, Ke bona tsohle
  47. «Tsamaeang le ee ho eena, le re: “Re baromuoa ba tsoang ho Mong`a hau. Lokolla bana ba Israele ba tsamae le rona, u se ke oa ba sotla. Re u tliselitse sesupo se tsoang ho Mong`a hau. Khotso e be ho bohle ba latelang tataiso
  48. “Ruri re senoletsoe hore motho ea tla latola le hona ho se tsotelle, kahlolo e tla ba holim’a hae.”
  49. Faro a re: “Moshe, joale ke mang Mong`a lona eo le le babeli?”
  50. Moshe a re: “Mong`a rona ke ea faneng ka tlholeho holim’a ntho efe kapa efe, eaba o e tataisa ka nepo.”
  51. Faro a re: “Joale, ke bofeng boemo ba batho ba khale?”
  52. Moshe a re: “Tsebo ea seo e polokelong ho Mong`a ka. Etsoe Mong`a ka ha a lebale esita le hona ho fosa
  53. “Eena ea alileng lefats’e joaloka moseme, le hona ho u bulela litsela holim’a lona; Eena ea theolelang pula lefats’eng e tsoa marung, eo ka eona Re hlahisang lijalo tse fapaneng
  54. “E jang le be le alose mehlape ea lona. Ruri! Ho sena ke lits’upiso ho batho ba nehiloeng kutloisiso
  55. Re le hlotse ka lerole la lefats’e, Re tla le busetsa ho lona, e be Re boetse Re le tlisa ho lona hape.”
  56. Re ile Ra mo bonts’a lits’upiso tsa rona, empa u ile a li latola le hona ho hanana le tsona
  57. O ile a re: “Moshe! Le tlile ho tla tla re phalalisa naheng ea rona ka boloi ba lona
  58. Empa le rona re ka hlahisa mehlolo e ts’oanang le eo ea lona; kahoo, etsang therisano lipakeng tsa rona le lona, eo ho eona re ke keng ra sitoa ho e phetha, kapa lona la sitoa ho e phethisa sebakeng se ka bang bohlokoa lipakeng tsa rona le lona.”
  59. Moshe a re: “Therisano ea lona e tla ba ka Letsatsi la Mokete, u tle u lokolle batho ho khobokana ‘moho ha letsatsi le se le phahame.”
  60. Faro a its’eka: a rala morero oa hae, a boela a khutla
  61. Moshe a re ho eena: “Sekhobo se be ho uena! u se qape leshano khahlanong le Allah, esere a u ripitla ka hoohle. Moqapi, o soetseha hampe haholo.”
  62. Eaba ba ea qaketsana, holima taba ena, empa ba e etsa lekunutu
  63. Ba re: “Ruri! Bobeli bona ke baloi: morero oa bona ke ho le phalalisa naheng ea lona ka mehlolo ea bona, le hona ho ripitla meetlo ea lona ea bohlokoa
  64. “Kahoo, hlophisang morero oa lona, joale e be le kena khabong ea ntoa: Ea tla hlola letsatsing lena, Ruri e tla be e le eena ea fumaneng katleho.”
  65. Ba re: “Moshe! U ka akha lithebere tsa hau pele, kapa u re lumella ho akha tsa rona pele?”
  66. Moshe a re: “Che, le ka akha lithebere tsa lona! Eaba mehala le mare a bona a fetoha linoha ho latela boupelli ba bona, tsa simolla ho hahaba.”
  67. Moshe o ile a tleloa ke letsoalo
  68. Ra Re: “Se ts’abe letho! Ruri! Ke uena ea hapileng tlholo
  69. “Akhela lere la hau le ka letsohong le letona: hang le tla koenya mehlolo eo kaofela eo ba e entseng. Tseo ba li entseng e mpa e le boupelli ba baloi, moloi a ke ke a atleha likarolong tsohle tseo a ka li nahanang.”
  70. Eaba baloi baoela fats’e ba ea ithapalatsa: Ba re: “Re kholoa ho Mong`a Aarone le Moshe.”
  71. Faro a re: “Na le kholoa ho Eena pele ke le neha taelo e joalo. Uena Moshe le Aarone ho bonahala hantle hore ke morupelli oa lona ea le rutileng boloi. Joale, Ruri ke tla le khaola matsoho le maoto a lona mots’ekalle, le hona ho le thakhisa likutung tsa lifate tsa palema, ke hona le tla tseba ka botlalo hore na ke mang lipakeng tsa rona ea ka fanang ka kahlolo e ts’abehang, e bile e ka tiisetsa.”
  72. Ba re: “Re ke keng ra u nka u le ka holim’a lits’upiso tse hlakileng tse tlileng ho rona, kapa hona hoba ka holim’a Ea Re hlotseng. Uena, u ka etsa seo u se etsang. Ha ho seo u ka se etsang molemong oa rona haese se teng bophelong ba lefats’e lena
  73. “Rona re khotsoe ho Mong`a rona, hore A tle A re ts’oarele libe tsa rona le ho re sireletsa ho boloi boo uena u neng u re tlama ho bo etsa. Ruri! Allah U molemo, e bile ke Rabosafeleng
  74. Ruri haele ba tla hlaha kapel`a Mong`a bona ba le molato, Ruri Lihele li ba loketse. Kamoo teng ba ke ke bashoa kapa hona ho phela
  75. Empa ba tla tla ho Eena e le ba Kholoang, ba sebelitse liketso tse lokileng, Ruri ba joalo maemo a bona ke’a phahameng
  76. Lirapeng tsa Edene tse linoka li phallang, ke moo teng ba tla phela kahosafeleng. Oo ke oona moputso oa ba itlhoekisang
  77. Re ile ra nyenyeletsa Moshe,: “Tsamaea le makhabunyane a ka har’a bosiu, u ba betlele tsela e o’meng ka har’a leoatle, le se ts’ohe hore ba ka tloha ba le hlasela, kapa hona ho ts’aba.”
  78. Eaba Faro o ba sala morao le lebotho la hae, ba ile ba metsoa ke leoatle, joaloka ha le ne le ba fekise
  79. Faro o ne a khelose batho ba habo, a fapana le ho ba tataisa
  80. Oho lona bana ba Israele! Re le pholositse ho lira tsa lona, Ra theha selekane le lona Thabeng ea Senai, eaba re le romella Manna le likhoale
  81. Ra Re: “Jang lintho tse hloekileng tseo Re le nehileng tsona, ho se be molao oo le o tlolang, esere khalefo ea Ka ea le oela holimo; haele bao khalefo ea Ka e tlang ho ba oela, Ruri ba tla be ba lahlehile
  82. Ruri kantle ho khoao Ke ‘Na ea ts’oarelang khafetsa ba sokolohang, ba kholoa esita le ho etsa toka, ebe kamor’a moo ba ba tataisong e nepahetseng
  83. “Oho Moshe! Ke se eng se neng se u potlakisitse ho tsoa bathing ba heno?”
  84. A araba“ba mehlaleng ea ka. Ke potlaketse ho uena Mong’a ka, ho U khahlisa.”
  85. Allah A re: “Re behile batho ba heno tekong bosieong ba hau, As-samiri o ba khelositse.”
  86. Moshe a boela ho batho ba habo, ka mesarelo le khalefo. A re: “Oho batho ba heso! Na ha se Mong`a lona ea entseng ts’episo e hlakileng ho lona? Na e be le bona nako ea pallo e le hole haholo le ho fihla, kapa e be le na le takatso ea hore eka Mong`a lona A ka le nehella khalefo ea Hae, e le hobane le sitiloe ts’episong ea lona ho ‘na?”
  87. Ba re: “Ha rea koenehela ts’episo ea rona ho uena, e matleng a rona. Empa re ile ra jarisoa mojaro oa khauta le silifera oa batho bana bohle, ke moo re ileng ra o lahlela ka har’a mollo, hobane ke kamoo As-samiri a neng a elelitse kateng
  88. «Eaba u ba hlahisetsa sets›oants›o sa namane, e neng e lla se ka khomo: Ke moo ba ileng ba re: “Sena ke molimo oa lona, e leng molimo oa Moshe le hoja Moshe a se a lebetse.”
  89. Na ba ne ba sa bone hore ha e ba arabele, e bile ha e na matla a ho ba hlahisetsa kotsi le hona ho ba molemo ho bona
  90. Aarone pele, o ne a ile a re: “Oho batho ba heso! Le mpa le behoa tekong ka sena, hobane Ruri Mong`a lona ke’ A Tletseng Lereko, kahoo ntateleng le hona ho mamela molao oa ka.”
  91. Ba re: “Ha ho kamoo re ka khaotsang ho ba basebeletsi ba eona kateng ho fihlela Moshe a khutletse ho rona.”
  92. Moshe a re: “Oho Aarone! Ke se eng se neng se u thibetse hoba lemosa nakong eo u neng u bona hore ba ea kheloha
  93. «Ho ntatela? ha u oa latela molao oa ka
  94. Aarone a re: “Oho mora oa ‹me›! U se ke oa tutla litelu le moriri oa ka! Ke ne ke t`sohile hore mohlomong u tla tloha u re: “u bakile pherekano har’a bana ba Israele, ha oa ka oa mamela lentsoe la ka.”
  95. Moshe a re: “Samiri, ke eng seo u ka se buoang?”
  96. Samiri a re: “ke ile ka bona seo ba sa se boneng, kahoo ke tlatsitse seatla sa ka lerole la mehato ea maoto a moporofeta, eaba ke let`sela ka har’a sets’oants’o sa namane. Ke kamoo moea oa ka o ntaetseng kateng.”
  97. Moshe a re: “Tloha mona! Etsoe haele bophelong bona kahlolo ea lona ke hore: “Se nkame! Malebana le uena ho teng ts’episo eo u ke keng oa e fetola. Hajoale u ka shebana le molingoana oo u ikhethetseng ho o khumamela. Ruri re tla u chesa, le hona ho hasanya lerole la ona holim’a leoatle.”
  98. Mopi oa lona bohle ke Allah A Inots’i, ha ho `Mopi e mong ntle ho Eena. O kenyelelitse lintho tsohle tsebong ea Hae
  99. Ke kamoo Re u phetelang tse ling tsa lintho tse kileng tsa etsahala khale, Re u rometse Molaetsa ho tsoa ho Rona
  100. Mong le mong ea tla furalla molaetsa oo, Ruri o tla fana ka mojaro oa bopaki mohla Letsatsi la Kahlolo
  101. Ba tla phomola tlas’a oona ba ntse bao jere, Ruri oo ke mojaro o bolileng mohla Letsatsi la kahlolo
  102. Mohla letsatsi leo ka lona Terompeta e tlang ho letsoa. Ka Letsatsi leo, Re tla khobokanya bohlebamolato, mahlo a bona a bile a le bolea ke letsoalo
  103. Ba tla bua ba hoeshetsa ka bo-bona, ba re: “Ha le’a lula lefats’eng matsatsi a mangata haese ka matsatsi a leshome feela.”
  104. Re tseba ka botlalo ka seo batla se buoa, nakong eo ba molemo har’a bona ba reng: “Ha le’a lula ho feta letsatsi le le leng!”
  105. Ba tla u botsa ka Lithaba. E re: “Mong`a ka o tla li fothola le hona ho li hasanya joaloka lerole,”
  106. “Á li siee e le lesupi li bataletse
  107. «Le ke ke la bona leha e le methipoloha, kapa ona matsoapo.”
  108. Mohla letsatsi leo ba tla latela sehoeletsi le ke keng la ba qhekella, mantsoe ohle a tla thola nyele malebana le ea Tletseng Lereko (Allah), ha ho seo le tla se utloa haese li›qi tsa maoto
  109. Mohla letsatsi leo ha ho ‘muelli ea tlabale thuso haese ho bao ea tletseng lereko a kileng A ba neha tumello, eo lentsoe la hae le Amohelehang ho Eena
  110. Ruri o tseba lintho tsohle tse ka pel’a bona le tsohle tse kamor’a bona, tseo ba ke keng ba li akaretsa ka tsebo ea bona
  111. Lifahleho tsohle li tla ikokobetsa ka pel’a ea phelang, Rabosafeleng. Eo ea tla beng a jere mojaro o bolileng, Ruri e tla be e le ea lahlehetsoeng ka letsatsi leo
  112. Ea tla beng a sebelitse liketso tsa toka, a ena le tumelo; Ruri ha a na hoba le letsoalo la ho hlokeloa toka, kapa hona ho qhekelloa moputsong oa hae
  113. Ke kamoo re senotseng Qura’n ka teng ka puo ea Se-Arab, ho hlalosa ka har’a eona tse ling tsa likahlolo, hore ba tle ts’abe Allah, kapa hona hore ba tle ba Mo hopole
  114. Ruri! Ea phahameng ka ho fetisisa ke Allah, Motlotlehi, ‘Nete! U se be lehala ka Qura’n pele ts’enolo ea eona e feletse ho uena, e re: “Mong`a ka! nkekeletse tsebo.”
  115. Re kile ra theha selekane khale-khale le Adama, empa u ile a lebala: eaba re fumana hore ha a na tsitlallo
  116. Re kile Ra Re ho manyeloi: “Khumamelang Adama”, a ile a khumama haese Iblis ea ileng a hana
  117. Eaba Re Re: “Oho Adama! Enoa ke sera ho uena le ho mosali oa hau, kahoo le se ke la mo lumella ho le qhelela thoko le Serapa, la tloha la iphumana le le mesarelong
  118. Ka har’a sona ho teng khora molemong oa lona hore le se ke la lapa, kapa hona ho hlobola
  119. Le hona ho hloka metsi, kapa hoba har’a mocheso oa letsatsi.”
  120. Empa Satane o ile a mo sebela, a re: “Oho Adama! Na nka u bonts’a sefate sa bophelo bosafeleng le matla a puso a ke keng a fela?”
  121. Eaba bobeli Adama le Eva ba ja litholoana tsa sona, bofeela ba bona ba hlahela ho bona, eaba ba simolla ho pata bofeela ba bona ka ho ipokella mahlaku a Serapa. Ke kamoo Adama a ileng a se ke a mamela Mong`a hae kateng, eaba o’a ekoa
  122. Empa Mong`a hae o ne a mo khethile, eaba o boela ho eena ka mohau le hona ho mo tataisa
  123. Allah A re: “Tlohang mona ka bobeli ba lona, e mong e tla ba sera ho e mong. Empa haeba tataiso ea Ka e ka tla ho lona, Ruri ea tla latela tataiso Ea Ka a ke ke a kheloha, kapa hona ho sareloa
  124. Empa ea tla mphuralla eena, Ruri bophelo ba hae bo tla ba bo khuts’oane, ke tla mo tlisa pokanong ea mohla Letsatsi la Kahlolo e le sefofu.”
  125. O tla re: “Oho Mong`a ka! Hobaneng ha U ntsositse ke le sefofu, empa mathomong pele ho lefu ke ne ntse ke bona?”
  126. Allah U tla Re: “Lits’enolo tsa rona li finyeletse ho uena, empa u ile oa iteballa ka tsona. Ka mokhoa o ts’oanang, le uena kajeno o lebetsoe.”
  127. Ke kamoo Re putsang ea sa tsotelleng, a bile a sa lumele lits’enolo tsa Mong`a hae kateng; Ruri kahlolo ea Bo-tlang e tlaba e ts’abehang, e bileng e ke keng ea fela
  128. A na ha se tataiso ho batho hore ba tsebe hore na ke matlobo- tlobo a ma kae ao Re ileng Ra a ripitla pele ho bona, ao ba tsamaeang malapeng a bona? Ruri! Ka har’a sena ho teng lits’upiso ho batho ba nahanang
  129. Hoja e se ke ea eba ka lebaka la lentsoe la Mong`a hau le tlileng pele, le eona nako ea pallo, Ruri kahlolo e neng e ke ke ea qojoa e ka be e fihlile lefats’eng lena
  130. Ka lebaka leo, u be le mamello ho seo ba se buoang, u keteke lithoriso tsa Mong`a hau ka mehla esale ka matjeke leha letsatsi le ea malikelong. U be u mo rorise lihoreng tse ling tsa bosiu esitana leha letsatsi le le hlohong tsa mengala, e le hore u tle u fumane katleho
  131. U se ke oa tsotella tseo re faneng ka tsona ho ba bang ba banyalani har’a bona ho ka ithabisa, lipalesa tsa bophelo ba lefats’e lena, tseo re ba behileng tekong ka tsona. Khora ea Mong`a hau e molemo, e bile ha e fele
  132. U be u khothaletse batho ba heno thapelo, le uena u be le mamello ho eona. Etsoe ha ho khora eo Re e kopang ho uena empa ke Rona ba u sitsitseng ka eona. Litlamorao tse monate ke tsa ba lokileng
  133. Ba re: “Hoja feela o ne a ka tlisa mohlolo o tsoang ho Mong`a hae ho rona! Na ha ho e s’o tle sesupo ho bona sa bopaki bo teng ka har’a mangolo a khale-khale?”
  134. Hoja e be Re ile Ra ba ripitla ka tse ling tsa likotlo pele ho mona, Ruri ba ka be ba ile ba re: “Mong`a rona! Hoja u mpile oa re romella moromuoa, eo re ka beng re ile ra sala lits’enolo tsa hau morao pele re ka soabisoa le hona ho tlotloloha
  135. E re: “E mong le e mong oa rona o sa khefutsa; kahoo le lona le khefutse! Ke hona le tla tseba hore na ke bo-mang majalefa a tsela e topileng, ke bo-mang ba tokeng. Ka lebitso la Allah, Ea Lereko, Mong`a hao