25.The Criterion

  1. Ea Hlohonolofetseng ke Eena ea rometseng ho Lekhabunyane la hae ts’iea ea botle le bobe, hore e tle ebe khalemo lichabeng
  2. Eo puso ea maholimo le’a lefats’e e leng ea Hae. Ea sa kang A ikhethela mora le eena motlatsetsi pusong ea Hae. Eena ea hlotseng lintho tsohle, A ba A li nyalanya ka tekanyo
  3. Empa ba ikhethela ho rapela lits’oants’o ntle ho Eena tse ke keng tsa hlola letho tseo ka bo-tsona li hloliloeng, tse ke keng tsa hlahisa kotsi ho hang le ho iketsetsa molemo kapa ho hlahisa lefu kapa bophelo kapa ona matla a ho tsosa bafu
  4. Empa mahana-tumelo ba re: “Sena ha se letho haese leshano leo a iqapetseng lona, hona le ba mo thusitseng.” ‘Nete ke hore, ke bona ba buang mashano le lenyatso
  5. Ba bile ba re: “Ke lit`somo tsa batho ba khale-khale tseo a li ngotseng, u li pheteloa hoseng le mantsiboea
  6. E re: “Ea tsebang makunutu a maholimo le’a lefats’e ke Eena ea senotseng
  7. Ba bile ba re: “Ke moromuoa oa mofuta ofe ea jang lijo le hona ho tsamaea har’a motse? Hobaneng ha ho sa romelloe lenyeloi ho eena, ho tla tla mo thusa ka tlhokomeliso
  8. “Kapa hobaneng a sa abeloa letlotlo, kapa hobaneng ha a se na serapa seo a ithabisang ho sona? Ebile baetsalibe ba re: “Ha ho seo le se latelang haese motho ea louoeng.”
  9. Bona kamoo ba qapang lipapiso ka uena! Empa ba khelohile, ba ke ba fumana tataiso
  10. Ea Hlohonolofetseng ke Eo haeba e ne e le Takatso ea Hae, A ka le nehang Lirapa tse machosi ho feta tseo, – tseo linoka li phallang tlasa tsona; le hona ho le neha Lipaleisi
  11. Che, ba latola Hora ea kahlolo, Re lokisitse Lelakabe bakeng sa latolang Hora e tlang
  12. Nakong eo le ba bonelang thoko haholo le lona, ba tla utloa ho phsatlaka le hona ho harolaka ha lona
  13. Nakong eo ba khothomeletsoang ka har’a sebaka se mopatisane ba tlameletsoe mmoho, ba tla rapella koluoa
  14. “Kajeno se rapelleng koluoa e le ‘ngoe, empa rapellang likoluoa tse menahantsoeng!”
  15. E re: “Na kahlolo eo e molemo ho feta serapa sa nyakallo se ts’episitsoeng bohle ba nenang bobe? Serapa seo e tla ba moputso oa bona, e bile e le pheletsong ea leeto
  16. “Batla phela ka har’a sona, ba ena le lintho tsohle tseo ba li labalabelang. Ts’episo ea Mong`a lona e ts’oanetseng ho phethahala.”
  17. Ka letsatsi le leng U tla ba bokella ‘moho le lintho tsohle tseo bali khumamelang kantle ho Allah, U tla botsa: “na ke lona ba neng ba khelosa makhabunyane a Ka, kapa ke bona ka bo- bona ba ikhelositseng tseleng
  18. Ba tla re: “Tlotla e be ho Uena! Ho ne ho sa lokele ho rona hore re ka ikhethela mots’ireletsi kathoko ho Uena; empa ke Uena ea ba nehileng lintho tse molemo le bo-ntat’a bona ho fihlela ba lebetse Molaetsa, hobane e ne e le batho ba lahlehileng.”
  19. Allah U tla re: “Ke kamoo ba le shanofatsang kateng ho seo le se buang, kahoo ha ho kamoo le ka qobang kahlolo, kapa ho fumana thuso kateng.” Etsoe mong le mong ea etsang liphoso har’a lona, Re tla mo latsoisa kahlolo e ts’abehang
  20. Baromuoa bao re ‘nileng Ra ba roma pele ho uena e ne e le batho ba ne ba ja lijo, ba bile ba tsamaea har’a metse. Re entse ba bang ba lona ho ba teko ho ba bang: na le sa tla ba le mamello? Hobane Allah ke Eena ea Bonang lintho tsohle
  21. Ba senang ts’abo ea ho kopano le Rona ba re: “Hobaneg ha manyeloi a sa ka a romelloa ho rona, hobaneng re sa bone Mong`a rona? Ruri! ban a le boikhomoso, boikhants’o ba bona bo boholo ka manyala
  22. Mohla ba bonang manyeloi, – ho ke ke ha eba le monyaka ho baetsalibe letsatsing leo; Manyeloi a tla re: “Ho na le thibella e hanetsoeng ka hoohle”
  23. Re tla shebana le liketso tseo ba li entseng, ebe Re li hasanya joaloka leroele
  24. Balekane ba Serapa, ba tla be ba le manoning lehaeng la bona, ba nyakaletse sebakeng sa phomolo
  25. Letsatsing leo leholimo le maru li tla petsoha ka lehare, manyeloi a tla romelloa a theoha ka mekhahlelo
  26. Puso Letsatsing leo, e tla be e le ea ‘nete le toka, e tsoang ho Ea Tletseng Mohau, e tla ba letsatsi le thata ho mahana-tumelo
  27. Ke letsatsi leo moetsalibe a tla itoma matsoho, a re: “Oho, hoja e be ke ile ka ikhethela tsela ea hoba ‘moho le Moromuoa
  28. Ke soabile! Hoja ebe ha ke’a ka ka ikhethela e mong ho ba motsoalle
  29. O nkeketse thoko le Molaetsa kamor’a ho o finyelle ho ‘na. Satane haesale e le moeki oa motho.”
  30. Ke moo moromuoa a tla re: “Oho Mong`a ka! Ruri! Batho ba heso ba nkile Qura’n ena e se na thuso.”
  31. Leha ho le joalo, re hlophisitse moporofeta e mong le e mong ele sera ho baetsalibe; empa Allah U lekane ho tataisa le ho thusa
  32. Ba latolang Tumelo ba re: “Hobaneng ha ho sa ka ha senoloa Qura’n ka nako e le ngoe ho eena? Ke kamoo e senotsoeng kateng e le hore Re tle Re tiise pelo ea hau ka eona; ebile Re e hlophisitse ka tatellano e nepahetseng
  33. Ha ho potso eo ba e tlisang ho uena, empa Rona Re u tlisetsa ‘nete le tlhaloso e chabileng
  34. Ba tla khobokangoang Liheleng ka lifahleho tsa bona: Ba tla ba maqakabetsing a ts’abehang, ba thoko-thoko le tsela e nepahetseng
  35. Re ile ra romella Moshe Lengolo esita le ho mo matahanya ‘moho le ngoana’bo Aarone ho ba Lehlahana la hae
  36. Ra fana ka taelo: “Tsamaeang mmoho le e sechabeng se latotseng Lits’enolo tsa Rona.” Sona sechaba seo Re ile Ra se ripitla larita
  37. Le batho ba habo Nooe, – ha ba ne ba latola baromuoa, Re ile Ra ba khamisa ka metsi, eaba Re ba etsa sesupo ho batho. Re hlophisitse timelo e mahlonoko malebana le baetsalibe
  38. Ka ho ts’oana le meloko ea Ba-Aad le Ba-Thamud, le balekane ba Rass, esita le meloko e mengata lipakeng tsa bona
  39. Moloko ka mong oa bona Re ile Ra romela ka mehlala le lipapiso, moloko ka mong Re ileng Ra o ripitla ea eba lesupi
  40. Mahana-tumeloba fetile haufi le motse o neng o netsoe ke pula ea tlokotsi. Na e be ha ba ka ba e elelloa? Empa ha ba ts’abe Letsatsi la Tsoho
  41. Ha ba u bona ba u etsa sesomo: “Na ke eena eo Allah A mo romileng e le moporofeta?”
  42. “Ruri! A ka be A re kheloselitse hole le melingoana ea rona hoja ra se ke ra kakatlela ka tieo ho eona.” Ke hona ba tla tseba mohla ba bonang timelo, hore na ke mang ea khelohetseng thoko haholo le tsela
  43. Na u kile oa bona motho ea ikhethelang molingoana oa hae ho latela litakatso tsa hae? Na u ka ba molebeli oa hae
  44. Kapa e be u nahana hore boholo ba bona bo oa utloa kapa ho utloisisa? Ba ts’oana le likhomo –Che, ba khelohetse thoko- thoko le tsela
  45. Ha u eso lellaletse mahlo a hau ho Mong’a hau, Kamoo A lelefatsang Moriti kateng – – hoja e be e bile thato ea Hae A ka be A le lesitse hona moo –empa, ke moo Re entse hore letsatsi e be moqhobi oa oona
  46. Joale, ebe Re o hulela ho Rona, – ka mokhoa o sa potlakang
  47. Ke Eena ea entseng Bosiu ho ba Sekhurumetso sa lona, Boroko e be Phomolo le Lets’eare e be Tsoho ea lona
  48. Ebile ke Eena ea romellang liphefo e le phatlalatso ea litaba tse molemo tsa Mohau oa Hae, ke Rona ba romellang lipula tse theohang marung
  49. Hore ka eona Re tle Re fane ka bophelo ho naha e neng e omeletse esita le ho batho le ho fa liphoofolo tsohle metsi ao Re li hlotseng ka ona
  50. Re abile metsi ka tekanyo har’a bona, hore ba tle ba keteke lithoriso tsa Rona, empa batho ba bangata ha ba tsotelle ka ho hloka teboho
  51. Hoja ebile thato ea Rona, Re ka be Re ile Ra romela mohlokomelisi motseng o mong le o mong
  52. Kahoo le se mamelemahan-atumelo, empa le tsitlalle khahlanong le bona ka molaetsa ona ka matla a maholo
  53. Ke Eena ea faneng ka boipuso ho maoatle a mabeli; le leng le lumellana le litatso tsohle, le monate, ha le leng le le bohla, le baba; o bile o sehile moeli esita le moeli o hanetsoeng lipakeng tsa oona
  54. Ke Eena ea hlotseng motho ka metsi, le ho phethahatsa tsoalano ea hae ka mali esita le kamano ka lenyalo; hobane Mong`a hau U matla holima tsohle
  55. Le hoja ba khumamela tse ke keng tsa ba atlehisa le ho ba hlahisetsa kotsi ea letho kathoko ho Allah. Ruri! Ea latolang tumelo haesale a thusa sebe khahlanong le Mong`a hae
  56. Ha ho seo Re u rometseng ka sona haese feela ho fana ka litaba tse molemo, le hona ho ba mohlokomelisi
  57. E re: “Ha ho moputso oo `na ke le kopang ona malebane le sena, mang kapa mang ea nang le tabatabelo a ka ikhethela tsela ea Mong`a hae.”
  58. Le be le behe ts’epo ea lona ho ea phelang, ea sa shoeng, le hona ho phetaka lithoriso tsa Hae. Etsoe U lekane, joaloka ha ele motsebi oa libe tsa makhabunyane a Hae
  59. Ea hlotseng maholimo le lefats’e le tsohle tse lipakeng tsa ona ka matsatsi a ts’eletseng, U hlomamisitsoe ka tieo Terone Ea Hae. Ea tletseng lereko! Le ka botsa mong le mong ea nang le tsebo malebana le Eena
  60. Ha ho thoe ho bona: “Ithapalatseng kapel’a Ea Tletseng Lereko!” Ba re: “Ke mang ea Tletseng Lereko? Na re ka ithapalatsa kapel’a eng kapa eng eo u re laelang eona?” Seo se eketsa lehloeo ho bona
  61. Thlohonolofalo e be ho Eena Ea hlomamisitseng linaleli tse pharaletseng leholimong, A ba A hlomamisa letsatsi le khoeli e fanang ka khanya ho lona
  62. Ke Eena Ea tsepamisitseng bosiu le mots’eare ka tatellano, molemong oa ba nang le tabatabelo ea ho hopola le hona ho fana ka liteboho
  63. Makhabunyane a nang le tumelo a Ea Tletseng Lereko, ke a tsamaeang lefats’eng ka hloko, ao e reng ba hlokang tsebo ha ba ba lumelisa, eba ba re: “Khotso;”
  64. Ba bileng ba sesang bosiu ba le kapel’a Mong`a bona, ba ithapalatsa le hona ho ema
  65. Ba reng: “Mong`a rona! Re qobise kahlolo ea Liheleng; hobane Kahlolo ea teng ke e mahlonoko
  66. Ruri! Ke lehae le bolileng le sona sebaka se fosahetseng ho phomola teng;”
  67. Bao e reng ha ba senyeheloa, ebe ha ba etse ts’enyo kapa hona ho ba le khonono; empa ba tsepame ‘nqa e le ngoe lipakeng tsa bobeli bona
  68. Ba bileng ba sa khumameleng mong le mong ntle ho Allah, kapa hona ho bolaea bophelo boo Allah a sa fanang ka tumello e joalo haese ha feela eba ho phethahatsoa toka, ba bileng ba sa etse bohlola – mong le mong ea etsang sena o tla jara boikarabello
  69. Kahlolo ea hae e tla menahangoa habeli mohla Letsatsi la Kahlolo, o tla loeba-loeba kamoo a le mahlomoleng ho isa kahosafeleng
  70. Ntle le a tla sokoloha le ho kholoa, a etsa liketso tse hloekileng; Allah U tla fetola liketso tsa bona tse fosahetseng ka tse lokileng. Hobane Ruri! Allah U ts’oarela-joalo-joalo, U Tletse Mohau
  71. Mong le mong ea sokolohang, a etsa liketso tse lokileng, O sokolohela ho Allah ka ts’okoloho ea ‘nete – –
  72. Ba bile ba sa tl’o pakela leshano, empa nakong eo ba fetang haufi le lintho tse nyongts’ang, ba feta ka tlhompho eohle
  73. Bao e reng ha ba pheteloa lits’enolo tsa Mong`a bona, ebe ha ebe litholo le tsona lifofu ke seo
  74. Ba bileng ba reng: “Mong`a rona! ak’u re nehe basali le tsoala e amohelehang ho rona, U be U re etse sitse ka mohau ho eta pele ba nenang bobe.”
  75. Bao ba tla putsoa ka sebaka se phahameng leholimong ka lebaka la mamello ea bona, ba tla kopana le kamohelo e mofuthu le mantsoe a khotso
  76. Ba tla phela kamoo kahosafeleng. Lehae la monyaka le sona sebaka sa phomolo e machosi
  77. E re ho ba latolang tumelo: “Mong`a ka ha A khathatseha ka lebaka la lona, ha le sa bitse ho Eena: Empa le latotse e le ka ‘nete, haufinyane kotlo e tla le oela holimo. Ka lebitso la Allah, Ea Lereko, Mong`a hao