26.The Poets

  1. Ta. Sin. Mim
  2. Tsena ke lits’enolo tsa Lengolo tse totobatsang
  3. Kamohlomong u tla ituba moeeng ka ho utloa bohloko, hobane ba sa kholoe
  4. Hoja ebe ke Thato Ea Rona, Re ka be Re romela sesupo ho bona se tsoang marung, hore ba tle ba lule ba kebisitse melala ka boikokobetso
  5. Ka linako tsohle ha sehopotso se etla ho bona se secha se tsoang ho Ea Tletseng Lereko, ba ea furalla
  6. Ba latola molaetsa; empa haufi ba tla tseba `nete ea seo ba ‘nileng ba se soma
  7. Na ha ba es’o bone lefats’e, – hore ke mefuta e molemo ea lintho tseo Re li melisang teng
  8. Ruri! Kahar’a sena ke sesupo; le hoja bongata ba bona bo sa lumele
  9. Etsoe Ruri! Mong`a hau U Matla Oohle, Mohau oa Hae o’a Khaphatseha
  10. Mong`a hau U ile A bitsa Moshe: “Tsamaea o ee ho batho ba etsang liphoso
  11. “Batho ba Faro. Na ba tla ts’aba Allah?”
  12. A re: “Mong`a ka! Ke t`saba hore ba tloha ba mphara ka leshano
  13. “Sefuba sa ka se tla petatsana. Puo ea ka e se hlake, kahoo nthome le Aarone
  14. “Ba bile ba na le qoso ea tlolo ea molao khahlano le ‘na, ka hona ke t`saba hore ba se tlohe ba mpolaea.”
  15. Allah A re: “Leletho, Tsoelang pele, bobeli ba lona ka lits’upiso tsa Rona. Ruri! Re tlabale lona, le hona ho le mamela
  16. “Joale, tsamaeang ‘moho le ee ho Faro, le re: “Re rometsoe ke ‘Maballi le Mong`a mafats’e ho uena
  17. “Lokolla bana ba Israele ho tsamaea le rona.”
  18. Faro a re: “Na ha re’a u holisa o le ngoana har’a rona? Oa lula lilemo tse ngata le rona bophelong ba hau
  19. “Eaba o etsa ketso eo u kileng oa e etsa, eo u e tsebang, oa ba e mong oa ba hlokang teboho!”
  20. Moshe a re: “Ke entse, nakong eo ke neng ke le ka har’a ba khelohileng
  21. “Ka lebaka la ho le t`saba ka baleha, Empa Mong`a ka U ile a nts’usumetsa ka taelo esita le hona ho nkhetha ke le e mong oa baromuoa ba Hae
  22. “Joale, sena ke ke tsela eo u mputsang ka eona, u nts’eolla ka hore: ke entse bana ba Israele makhoba.”
  23. Faro a re: “Joale, ke eng ‘Maballi le Mong`a mafats’e?”
  24. Moshe a re: “Mong`a maholimo le lefats’e le lintho tsohle tse teng lipakeng tsa ona, – haeba u batla ho rua tsebo.”
  25. Eaba faro o re ho ba neng ba mo pota-potile: “Na le’a utloa?”
  26. Moshe a re: “Mong`a lona le bo-ntat’a lona ho tloha ts’imolohong.”
  27. Faro a re: “Ruri! Moromuoa enoa ea romeletsoeng ho lona e feela e le lehlanya!”
  28. Moshe a re: “Mong`a bochabela le bophirima le tsohle tse lipakeng tsa tsona, ha feela ebale na le kutloisiso.”
  29. Faro a re: “Ha feela eba u ka ikhethela molimo e mong ntle ho ‘na, Ruri! Ke tla u koala chankaneng.”
  30. Moshe a re: “Le hoja ke u bonts’a se seng se hlakileng?”
  31. Faro a re: “Se bonts’e, haeba u e mong oa ba nang le ‘nete!”
  32. Eaba Moshe o akhela lere la hae fats’e, la fetoha noha
  33. A pholla lehlakore ka letsoho la hae, eaba le hlaha le le lesoeu ho babohi
  34. Faro a sebela Mahlahana a hae, a re: “Ruri! Enoa ke moloi oa sebele
  35. “Morero oa hae ke ho le phalalisa naheng ea lona ka mehlolo ena ea hae. Joale, ke eng seo le ka nkeletsang ka sona?”
  36. Ba re: “Ak’u ba boloke hanyane ka bobeli ba bona, joale e be u romella maqosa metseng
  37. “Ba u tlisetse litsibi tsohle tsa boloi.”
  38. Baloi bohle ba bokelloa hammoho ka nako e boletsoeng mohla letsatsi le neng le khethiloe
  39. Eaba ho thoe ho sechaba: “Na le se le khobokane hammoho?”
  40. “Hore re tle re latele baloi haeba ba ka ikhapela tlholo?”
  41. Eitse hoba baloi ba fihle ho faro, ba re ho eena: “Na ka ‘nete re tla fumana moputso haeba re fumana tlholo?”
  42. A re: “E ho joalo, e bile ka ‘nete le tla ba har’a ba atametseng haufi le ‘na.”
  43. Moshe a re ho bona: “Akhang lithebere tsa lona!”
  44. Eaba ba akha liketane le lithebere tsa bona, ba re: “Ruri! Ka matla a Faro, re tla ikhapela tlholo.”
  45. Moshe a akhela lere la hae fats’e, eaba le fetoha noha le koenya lintho tsohle tseo ba neng bali akhile ka ponts’o ea bohata
  46. Eaba baloi ba oela fats’e ba ithapalatsa
  47. Ba re: “Re kholoa ho Mong`a Mafats’e
  48. “Mong`a Moshe le Aarone.”
  49. Faro a re: “Le kholoa ho Eena joang ke’a s’o le nehe tumello. Ntle le khoao ke nkhekhe ea lona e le rutileng boloi! Empa ka ‘nete le tla tseba
  50. Ruri! Ke tla poma matsoho le maoto a lona mots’ekalle, e be ke’a le thakhisa kaofela ha lona.”
  51. Ba re: “Ha ho se ka re utloisang bohloko, hobane re tla boela ho Mong`a rona
  52. Takatso ea rona ke feela hore Mong`a rona o tla re ts’oarela libe tsa rona, hobane ke rona ba pele ba amohelang tumelo.”
  53. Eaba Re susumetsa Moshe: “Tsamaeang le makhabunyane A ka bosiu bohle, hobane le tla tla le setsoe morao.”
  54. Kemoo Faro a ileng a romella maqosa metseng
  55. A re: “Ruri! Ma-Israele ana ke lequloana le fokolang
  56. “Ba khahlanong le rona
  57. “Re lebotho le hlometseng le malala-a-laotsoe.”
  58. Ke kamoo Re ileng Ra ba lelekela thoko le lirapa, liliba tse ts’akhunyang
  59. Matlotlong le maemong ohle a hlomphehang kateng
  60. E joalo, Re ile Ra etsa hore bana ba Israele e be majalefa a lintho tseo
  61. Ba ba beha meja esale ka matjeke
  62. Ha bobeli bo bonana, ba neng ba ena le Moshe ba re: “Ruri! Re se re ts’oeroe.”
  63. Moshe a re: “Che, Mong`a ka o na le ‘na. Ke Eena ea tla ntataisa
  64. Eaba Re susumetsa Moshe: “Otla leoatle ka lere la hau.” Eaba leoatle le’a arohana, karolo e ngoe le e ngoe ea ipopa thajana
  65. Eaba Re atametsa lichaba ka bobeli haufi le moo
  66. Re ile Ra pholosa Moshe le bohle ba neng ba ena le eena
  67. Eaba Re khamisa lebotho la Faro ka metsi
  68. Ruri
  69. Empa Ruri! Mong`a hau o na le Matla Oohle, o Tletse Mohau
  70. Ak’u ba phetele pale ea Abrahama
  71. Mohla a neng a buoa le ntata’e le batho ba habo a re: “ke eng sena seo le se khumamelang?”
  72. Ba re: “Re khumamela lits’oants’o tse betliloeng, re ke ke ra khaohana le eona.”
  73. Abrahama a re: “Na li ea le utloa nakong eo le memetsang ho tsona, kapa hona ho le etsetsa botle kapa bobe
  74. Ba re: “Che, re fumana bo-ntat’a rona ba ntse ba li khumamela.”
  75. A re: “Na le’a bona eo le khumamelang
  76. “Lona le bo-ntat’a lona pele ho lona
  77. “Kaofela ha tsona ke lira ho ‘na; empa e seng Mong`a mafats’e
  78. «Ea ntlhotseng, Ke Eena ea ntataisang
  79. “Ea mphepang le hona ho mpha metsi
  80. «Ha ke kula, ke Eena ea mphekolang
  81. “Ea tla etsa hore ke shoe, A boele A ‘nehe bophelo hape
  82. “Eena Eo ke nang le khopolo ea hore, U tla nts’oarela libe tsa ka mohla Letsatsi la Kahlolo
  83. “Mong`a ka! Ak’u nkekeletse bohlale, U be U nkopanye le bohle ba lokileng
  84. “U mphe tlaleho e hlomphehileng melokong e tlang
  85. “U nketse e mong oa majalefa a Serapa sa Nyakallo
  86. “Ts’oarela ntate oa ka. Hobane le eena ke e mong oabakhelohileng
  87. “U tle u se ke oa ntlotlolla mohla letsatsi leo U tla tsosa batho ka lona
  88. “Letsatsi leo ka lona leruo le bara li ke keng tsa re thusa ka letho
  89. «Kantle le ea ikatamelitseng haufi le Allah ka pelo eohle
  90. “Serapa se tla atametsoa haufi le bohle ba nenang bobe
  91. “Lihele li tla hlahella ponts’eng ho bohle ba hlahlathellang bobeng
  92. “Ho tla thoe ho bona: “E kae melingoana eo le neng le e khumamela
  93. “Kantle ho Allah? Na eka le thusa le hona ho ithusa?”
  94. “Joale, batla lahleloa ka sefutho ka har’a Lihele,-bona le ba hlahlathellang bobeng
  95. “Le mabotho oohle a iblis hammoho
  96. “Ba tla phehisana khang kamoo
  97. “Ruri! Ka Allah, ka ‘nete re bile phosong e totobetseng
  98. “Nakong eo re neng re le lekanya le Mong`a Mafats’e
  99. “Le baeki ba rona ke ba neng ba khanathetse molato feela
  100. “Ha joale ha re na ‘muelli
  101. «Kapa ena motsoalle le ea hore utloela
  102. “Hoja re ne re ka ba le monyetla oa ho khutlela morao, Ruri! Re ne re tla ba har’a ba kholoang!”
  103. Ruri
  104. Ruri! Mong’a hau, Ke Eena Ea Matla Oohle, U Tletse Mohau
  105. Le batho ba habo Nooe ba kile ba nyelisa baromuoa ba Allah
  106. Ngoana bo bona Nooe o ne a re ho bona: “Na le sa tla ke le ts’abe
  107. Ke moromuoa ea t`sepahalang ea romiloeng ho lona
  108. Kahoo, ts’abang Allah, le ‘mamele
  109. Ha ho moputso oo ke le kopang ona holim’a sena; moputso oa ka o tsoa feela ho Mong`a mafats’e
  110. Ka hona, ts’abang Allah, le ‘mamele.”
  111. Ba re: “Re ka kholoa ho uena, empa batho ba eisehang ba u latetse morao?”
  112. A re: “Ke tseba joang ka tseo ba li etsang
  113. “Boikarabello ba bona bo ho Mong`a ka, hoja feela eba le utloisisa
  114. “Ha ke’a tla ho tla phalalisa ba kholoang
  115. “Ke rometsoe ho hlokomelisa pepeneneng.”
  116. Ba re: “Nooe, haeba u sa khaotse, u tla tlepetsoa ka majoe.”
  117. A re: “Mong`a ka! Ruri! Batho ba heso ba ea ntatola
  118. “Ak’u ahlole lipakeng tsa rona le bona ka kahlolo e senang leeme, U mpholose le ba kholoang bohle ba nang le ‘na.”
  119. Eaba Re’a mo pholosa hammoho le bohle ba neng ba ena le eena ka Arekeng
  120. Kamor’a ho moo Ra khamisa bohle ba setseng ka metsi
  121. Ruri ho sena ke sesupo, empa bongata ba bona ha bo kholoe
  122. Ruri! Mong’a hau, Ke Eena Ea Matla Oohle, U Tletse Mohau
  123. Ba-Ad ba ile ba latola Baromuoa ba Allah
  124. Ngoana bo bona Hud a re ho bona: “Na le sa tla ke le ts’abe Allah
  125. “Ke moromuoa ea t`sepahalang ea romiloeng ho lona
  126. “Kahoo, ts’abang Allah, le ‘mamele
  127. “Ha ho moputso oo ke le kopang ona; moputso oa ka o ho Mong`a mafats’e feela
  128. “Na le ka aha sefika holim’a leralla le leng le le leng ho ithabisa
  129. “Le aha le matlo a matle a bolulo, khopolong ea ho phela teng kahosafeleng
  130. “Ha le sebelisa matla a lona, le ea sebelisa joalo ka batho ba nang le matla oohle
  131. “Ts’abang Allah, le ‘mamele
  132. “Ts’abang Eena Ea le sitsitseng ka lintho tsohle tseo le li tsebang
  133. “U le setsitse ka makhomo le bara
  134. “Lirapa le liliba tse ts’akhunyang
  135. “Ke na le ts’abo ea Kahlolo ea mohla Letsatsi le Ts’abehang.”
  136. Ba re: “Ho ea ts’oana ho rona hore na u oa re khalema kapa u ba sieo hara bakhalemi
  137. “Tsena ha se letho, haese tsona linthoana tsa mehleng ea khale
  138. «Ha re ke ba ka amohelang mahloko kapa likahlolo!»
  139. Ba ile ba mo latola; Ra ba ripitla. Ruri! ho sena ke sesupo, empa boholo ba bona bo sa kholoe
  140. Ruri! Mong’a hau U Matla Oohle, Mohau Oa Hae o’a Khaphatseha
  141. Ba-Thamud, ba ile ba latola Baromuoa ba Allah
  142. Ngoana bo bona Salih a re ho bona: “Na le sa tla ke le Ts’abe
  143. “Ke moromuoa ea t`sepahalang ea romiloeng ho lona
  144. “Kahoo, ts’abang Allah, le ‘mamele
  145. “Ha ho moputso oo ke le kopang oona; moputso oa ka o ho Mong`a mafats’e feela
  146. “Na le hopola hore le ts’ireletsong ka lintho tsohle tseo le nang le tsona hajoale
  147. “Lirapa le liliba tse ts’akhunyang
  148. “Masimo a poone le lifate tsa lipalema tse behileng haholo hooli ka ‘nang tsa robeha
  149. “Le hona ho honya mafika ho etsa matlo ka botsebi bo matla
  150. “Empa ts’abang Allah le ‘mamele
  151. “Le se latele taelo ea ea lehlasoa
  152. “Ea jalang pherekano lefats’eng, ea sa rateng ho sokoloha.”
  153. Ba re: “uena u e mong oa ba louoeng
  154. “U motho joalo ka rona. Kahoo, hlahisa sesupo haeba u bua `nete.”
  155. Salih a re: “Bonang, kamele ke ena e ts’ehali. Le eona e na le tokelo ea ho noa Selibeng ka letsatsi le leng, le lona le na le tokelo e joalo ka letsatsi le leng, empa ka letsatsi le boletsoeng
  156. «Le se e nt`se kotsi esere la tloha la oeloa ke Kahlolo ea Letsatsi le Ts’abehang.”
  157. Empa ba ile bae khakhatha, eaba ba apareloa ke masoabi
  158. Ba oeloa ke kahlolo. Ruri! ho sena ke sesupo, empa bongata ba bona bo sa kholoe
  159. Ruri! Mong’a hau U Matla Oohle, U Tletse Mohau
  160. Batho ba habo Lota ba ile ba latola Baromuoa ba Allah
  161. Ngoana’bo bona Lota a re ho bona: “Na le sa tla ke le Ts’abe
  162. ‹Ke moromuoa ea t`sepahalang ea romiloeng ho lona
  163. “Kahoo, ts’abang Allah le ‘mamele
  164. “Ha ho moputso oo ke le kopang ho lona; moputso oa ka o ho Mong`a mafats’e feela
  165. “Har’a libopuoa tsohle lefats’eng le arorelana likobo le banna ba bang
  166. “Le siee bao Mong`a lona a le hloletseng bona? Che, le batho ba tlotseng meeli eohle.”
  167. Ba re: “Oho Lota haeba u sa khaotse, ruri u tla lelekoa.”
  168. A re: “Ke hloile liketso tsa lona
  169. “Mong`a ka! Ak’u mpholose le ba lelapa la ka ho tseo ba li etsang!”
  170. Re ile ra mo pholosa ‘moho lebalelapa la hae,-bohle
  171. “Ntle feela le mosali moholo ea neng a le har’a ba neng ba salatse morao
  172. Empa Ra ripitla bohle
  173. Ra ba nesetsa majoe a lengetana: E ts’abehang pula ho ba neng ba khaleng’oe
  174. Ruri! ho sena ke sesupo, empa bongata ba bona bo sa kholoe
  175. Ruri! Mong’a hau U Matla Oohle, U Tletse Mohau
  176. Balekane ba Moru ba ile ba latola Baromuoa ba Allah
  177. Shuaib a re ho bona: “Na le sa tla ke le Ts’abe
  178. “Ke moromuoa ea ts’epahalang ea romiloeng ho lona
  179. “Kahoo ts’abang Allah le ‘mamele
  180. “Ha ho moputso oo ke le kopang ona; moputso oa ka o tsoa ho Mong`a mafats’e feela
  181. «Fanang ka tekanyo e nepahetseng, le se ke la jalletsa
  182. «Le be le bekhe ka nepo le ‹nete
  183. “Le se ke la ja batho ling tsa bona, le ho etsa bokhopo ka ho fehla pherekano lefats’eng
  184. “Le ts’abe Eena Ea le hlotseng le meloko pele ho lona.”
  185. Ba re: “Uena u e mong oa ba louoeng
  186. “U motho joalo ka rona, re nahana hore u leshano
  187. “Ak’u etse hore lekumane la leholimo le re oele, haeba u buoa ‘nete.”
  188. A re: “Ke Mong`a ka Ea hlokolosi ka ho fetisisa malebana le tseo le li etsang.”
  189. Ba ile ba mo latola, eaba ba oeloa ke kotlo ea Letsatsi la mahlomola. Ruri! E bile Kotlo ea Letsatsi le Ts’abehang
  190. Ruri! ho sena ke sesupo, empa bongata ba bona bo sa kholoe
  191. Ruri! Mong’a hau U Matla Oohle, U Tletse Mohau
  192. Ruri sena ke Ts’enolo e tsong ho Mong`a Mafats’e
  193. E theohile le moea oa ‘Nete le Tumelo
  194. Pelong le kelellong ea hau, hore u tle u khaleme
  195. Ka puo e mathemaloli ea Se-Arabia
  196. Kantle ho khoao e teng ka har’a mangolo a halalelang a batho ba khale-khale
  197. Ana ha se sesupo ho bona ha barutehi ba bana ba Israele ba e tseba
  198. Hoja e be Re ile Ra le senolela e mong oa sechaba ntle le sa Ma-Arab
  199. A ba balla lona, ba ne ba ke ke ba kholoa ho lona
  200. Ke kamoo re etsang hore le kene lipelong tsa Baetsa-libe
  201. Ba ke ke ba kholoa ho lona ho fihlela ba bona kahlolo e Mahlonoko
  202. Empa e tla ba fihlela ka ts’ohanyetso ba sa elelloe
  203. Joale ba tla re: “Re tla fuoa nyehlisetso?”
  204. Ana ba lakatsa ho potlakela kahlolong ea Rona
  205. Na u oa hlokomela? Hore haeba Re ka ba neha nyehlisetso ea lilemo tse ‘maloa
  206. Ha ho fihla kahlolo eo e saleng ba e ts’episoa
  207. Tsohle tseo e saleng ba ithabisa ka tsona li ke ke tsa ba thusa ka letho
  208. Ha ho motse oo Re kileng Ra o ripitla o sa kang oa romelloa bahlokomelisi
  209. Molemong oa ho ba hopotsa, ha Re’a s’o ka Re eba bahanyapetsi
  210. T`senolo ena ha e ea tlisoa ke bo-liabolosi lefats’eng
  211. E bile ha e ea ba lokela, kapa ona matla a ho e hlahisa
  212. Ruri! ba qheletsoe thoko le ho e utloa
  213. Kahoo, u se bitse ho mang kapa mang ntle ho Allah, esere oa tloha oa ba e mong oa ba tla fumana kotlo
  214. U khaleme ba leloko la hau ba haufi le uena
  215. U be pelo-tlhomohi ho Ba-kholoang ba u latelang
  216. Empa haeba ba ke ke ba u mamela, e re: “Ruri! Ha ke na molato ho tseo le li etsang.”
  217. U behe ts’epo ea hau ho Ea Matla Oohle, Ea Tletseng Mohau
  218. Eena Ea u bonang nakong eo u emeng u rapelang
  219. Ea bonang le boikokobetso ba hau har’a baithapalatsang thapelong
  220. Hobane Ke Eena Ea Utloang le ho tseba tsohle
  221. Ana nka le bolella ka bao bo-liabolosi ba theohelang holim’a bona
  222. Ba theohela holim’a bohle ba leshano, ba khopo
  223. Ba ts’ollela litsebeng tsa bona lipuo tsa mafeela, boholo ba bona ba leshano
  224. Le Bareneketsi, – bohle ba fosahetseng ba ba sala morao
  225. Ana ha u es’o bone kamoo ba khelohileng ba phaqola hoohle
  226. Le kamoo ba buoang ka seo ba sa se etseng
  227. Kantle le ba kholoang, ba etsa liketso tse lokileng, le hona ho hopola Allah ka linako tsohle, le hona ho its›ireletsa kamor’a hoba ba tlatlaptjoe. Baetsalibe bona, haufinyane ba tla ruoa tsebo ka se seholo seo e tlang ho ba pheletso ea bona