27.The Ant
- Ta. Sin. Tsena ke lits’enolo tsa Qura’n, Lengolo le totobatsang lintho
- Tataiso; le tsona litaba tse molemo ho Ba-kholoang
- Ba phethang lithapelo le ho fana ka linyehelo, ba nang le bo- ’nete ka bophelo Bo-tlang
- Ha ele ba sa kholoeng Bophelong Bo-tlang, Re entse hore mesebetsi ea bona e bonahale e khahleha mahlong a bona, hore kaofela ha bona ba tle ba hlahlathele
- Bao ke bona ba loketsoeng ke kahlolo e ts’abehang, e bile Bophelong Bo-tlang ke bona bao e tlang ho ba bona ba lahlehetsoeng ka hofetisisa
- Ruri! u amohetse Qura’n ho tsoa ho Ea Mong, Ea Seli, Ea Tsebang Tsohle
- Bona! Moshe a re ho lelapa la hae: “Ke bona mollo thokoana mane; mohlomong ke tla le tlela le molaetsa ho ona, kapa ke le okhela ona, hore le tle le fumane mofuthu.”
- Empa eitse hoba a atamele haufi le ona, ho’a utloahala lentaoe: “Ba hlohonolofetseng ke ba har’a mollo ona le ba haufi le ona! Tlotlo e be ho Allah, Mong`a Mafats’e
- “Oho Moshe! Ruri! Ke ‘Na Allah, Ea Matla Oohle, Ea Seli
- “Lahlela lere la hau fats’e!” Empa Moshe ha a bona le meneka joaloka noha, a furalla a baleha; empa lentsoe le ile la re ho eena: “Oho Moshe! Se ts’abe letho! Ruri! Haele baromuoa ha ba na letsoalo ho bo teng ba Ka
- Empa haele ba entseng phoso, kamor’a moo eaba ba ea sokoloha. Hobane Ruri! Ke ‘Na Ea Ts’oarelang-joalo-joalo, Ea Tletseng Mohau
- Joale, beha letsoho la hau lehlakoreng la likhopo tsa hau, le tla khutla le le lesoeu, empa le se na kotsi. Sena e tla ba se seng sa lits’upiso tse robong tseo u tla ea le tsona ho Faro le sechaba sa hae. Hobane Ruri! Haesale e le batho ba tetebetseng sebeng.”
- Empa eitse hoba lits’upiso tsa Rona li finyelle ho bona li hlakile ponts’eng, ba re: “Sena ke boloi bo pepenene.”
- Ba li latola ka boikhomoso le boikakaso, le hoja meea ea bona e ne e na le khohelo holim’a tsona: bona kamoo pheletso ea baetsalibe e bileng ka teng
- Re ile ra fana ka tsebo ho Davida le Solomone; Ba re: “Lithoriso li be ho Allah, Ea re khethileng har’a makhabunyane a mangata a kholoang ho Eena!”
- Solomone e ne e le mojalefa oa Davida. A re: “Oho lona batho! Ruri! Re rutiloe puo ea linonyana, e bile re filoe nala ea lintho tsohle. Ruri! Sena ke molemo o hlakileng.”
- Mabotho a Masabonoeng le a batho le’a linonyana a kile a khobokana ‘moho kapel’a Solomone, eaba a hloptjoa ka mekhahlelo
- Ho fihlela a atametse haufinyane le phula ea bohloa, eaba bohloa bo le bong bo re: “Oho bohloa! Kenang ka matlung a lona esere mohlaope Solomone le mabotho a hae a tloha a le ripitla a sa le hlokomele.”
- Eaba salomone o’a bososela, a qaboloa ke puo ea bona, a re: “Mong`a ka! Ak’u ntaele hore ke be le teboho ka tlhohonolofatso eo U ntlhohonolofalitseng ka eona esita le batsoali ba ka, ke be ke etse tse lokileng tse ka U khahlisang, U be U nkenyeletse palong ea makhabunyane a Hau a lokileng.”
- Eaba o talima har’a linonyana, a nto re: “Ho tla joang hore e be ha ke bone hoopoe (mofuta o mong oa nonyana), kapa e be e har’a tse sieo
- Ruri! Ke tla e otla ka kotlo ea masisapelo, kapa ke e bolae, kantle leha eba e tla ntlela ka lebaka le totobetseng.”
- Empa ha ea ka ea senya nako ho ea pitsong, eaba e re: “ke fumane ntho eo uena u neng u sa e lemohe ho hang, ke tla ho uena ka litaba tse molemo tse tsoang Sheba
- “Ke fumane mosali a busa sechaba sa moo, e bile o nehiloe nala ea lintho tsohle, terone ea hae ke e makhabane
- “Ke fumane eena le sechaba sa hae ba khumamela letsatsi ntle ho Allah; Satane o entse hore mesebetsi ea bona e bonahale e khahleha mahlong a bona, e bile o ba sitisa ho kena tseleng ea ‘nete, hore ba tle ba tsamae ka nepo
- Ka ho ba khelosa ho se khumamele Allah, Eena Ea hlahisang Masabonoeng tsa maholimo le lefats’e, Ea bileng A tsebang tseo le li patang le tseo le li pepesang
- Ke Allah; ha ho `Mopi e mong ntle ho Eena! – Eena Mong`a Terone e Hloahloeng
- Eaba Solomone o re: “Re tla bona haeba feela u buoa ‘nete, kapa leshano
- “Tsamaea le
- Mofumahali oa Sheba a re: “Oho lona matona! Ruri! Ke amohetse Lengolo le hlomphehang
- Le tsoa ho Solomone, le baleha joana: “Ka lebitso la Allah, Ea Tletseng Lereko, Ea Mohau o Khaphatsehang
- “Se ikhohomose khahlano le ‘na, empa atamela ho ‘na joaloka ba ithapalatsang.”
- A re: “Oho lona matona! nkeletseng tabeng ena. Ha ke’a s’o ka ke iketsetsa liqeto ntle ho lona.”
- Ba re: “Re marena a nang le matla esita le bona bohlale bo ts’abehang, empa ke uena ea lokelang ho fana ka taelo; kahoo nahana seo o ts’oanelang ho se laela.”
- A re: “Marena nakong eo a kenang naheng, baa e ripitla le hona ho nyelisa hlompho ea baahi ba eona. Ke kamoo ba tla etsa kateng
- “Empa ke tla mo romella mpho, ke tla bona karabo ea seo baromuoa ba tlang ho khutla le sona
- Joale, eitse hoba moromuoa a finyelle ho Solomone, a re: “Eng! Na u lakatsa ho ka nthusa ka thepa? Empa seo Allah a ‘nehileng sona se molemo ho feta seo a u nehileng sona. Che, ke uena ea tla imona menoana ka mpho ea hau eseng ‘na
- “Boela ho bona. Ruri! Re tla ba hlsela ka mabotho ao ba ke keng baits’ireletsa ho oona, re tla ba phalalisa moo ka tlotloloho, etsoe ba tla be ba soabile.”
- Solomone a re: “Oho matona! Ke mang har’a lona ea tla ntlisetsa terone ea hae pele ba e tla ho ‘na ba ithapalalitse?”
- E mong har’a li-jinn a re: “‘Na nka e tlisa kapel’a hau pele u ema setulong sa hau. Ruri! Ke na le matla esita le bona bots’epehi ts’ebetsong e joalo.”
- E mong ea neng a sitsitsoe ka tsebo ea Lengolo a re: “‘Ke tla e tlisa ho uena ka ho panya ha leihlo. Eitse hoba a e bone e lutse kapel’a hae, eaba Solomone o re: “Sena ke ka mohau oa Mong`a ka, e le hore A tle A mphehe tekong ea hore ebang ke na teboho kapa e be ke tla ikhohomosa. Mong le mong ea nang le teboho, o etsa joalo molemong oa moea oa hae: mong le mong ea hlokang teboho, o etsa joalo molemong oa ho utloisa moea oa hae bohloko. Hobane Ruri! Mong`a ka U tsepame pusong, ha A Hloke Letho, U Tlotlehile,.”
- A re: “Fetolang maemo a terone ea hae, e le hore re tle re bone haeba o tla tsepama tataisong, kapa ebang o tlaba har’a ba sa amoheleng tataiso.”
- Hoba a fihle, o ile a botsoa: “Ana ke terone ea hau ee?” A re: “E batlile e ts’oana le eona; re nehiloe tsebo pele ho eona, re ile ra inehela ho Allah.”
- O ile a mo tlosa khumamelong ea tsohle ntle ho Allah, hobane o tsoetsoe ke batho ba hlokang tumelo
- Eaba ho thoe ho eena a kene paleising. Eitse hoba a e bone, a hopola hore ke letamo, eaba o phetla liaparo tse neng li koahetse maoto a hae. Solomone a re: “Ena ke paleisi e ahiloeng ka bokhabane ea khalase.” Eaba o re: “Mong`a ka! Ruri! Ke foselitse moea oa ka, ke inehela le Solomone ho Allah, Mong`a Mafats’e.”
- Re ile Ra romella ho Ba-Thamud Salih ngoana bo bona: “Sebeletsang Allah.” Le hoja ba ile ba khaoha likoto tse peli tse ngangisanang
- A re: “Oho batho ba heso! Hobaneng ha le potlakela sebeng ho fapana le se molemo?” Ke hobaneng ha le sa kope ts’oarelo ea Allah, hore le tle le fumane mohau.”
- Ba re: “Re u lakaletsa bobe le ba nang le uena. A re: “Takaletso ea lona ea bobe e ho Allah. Lona le mpa le le batho ba behiloeng tekong.”
- Ho ne ho le teng batho ba robong ba lelapa ba neng ba etsa litlolo tsa molao lefats’eng, ba sa sokolohe
- Ba re: “Re hlapanya ka Allah re tla mo tsometsa hammoho le lelapa la hae bosiu, e be kamor’a moo re re ho metsoalle ea hae: “Re ne re le sieo ho fenethoeng ha batho ba habo, re bua ‘nete e tsoileng matsoho.”
- Ba ile ba rera ba loha mano: Eaba le Rona Rea rera, baes’o elelloe letho
- Joale, ak’u bone seo e bileng pheletso ea morero oa bona, – Re ile Ra ba ripitla hammoho le baetsana ba bona kaofela
- Matlo a bona ke lithako le lesupi – hobane ba ne ba etsa liphoso. Ruri! Ka har’a sena ke sesupo ho batho banang le tsebo
- Re ile Ra pholosa ba neng ba kholoa, ba etsa tse lokileng
- Lota! a re ho batho ba habo: “na le sa tla etsa linyonts’a ka tsebo
- Na le sa tla robalana le banna feela basali ba ntse ba le teng? Eu, empa le batho hlokang kelello.”
- Empa karabo ea batho ba habo e bile feela hore; ba re: “Lelekang balateli ba Lota motseng oa lona, hobane Ruri! Ke banna ba labalabelang bohloeki!”
- Empa Re ile Ra mo pholosa le lelapa la hae ntle feela le mosali oa hae; Re ile Ra mo behella kathoko hore a tle a be har’a ba saletseng morao
- Eaba Re ba nesetsa majoe a lengetane. Pula e nyonyehang holima batho ba ileng ba khalengoa
- E re: “Lithoriso li be ho Allah, khotso e be ho makhabunyane A Hae ao A a khethileng! Ana ke Allah Ea molemo, kapa ba molemo ke batlatsetsi ba ba manamisang ho Eena
- Ana ha se Eena Ea Molemo Ea hlotseng maholimo le lefats’e le hona ho le romella pula e tsoang marung, eo ka eona Re hlahisang lirapa tsa litholoana tse hlabosang, seo lifate tsa sona li sa kang tsa lengoa ke lona. Ana ho teng `Mopi e mong kathoko ho Allah? Eu, empa batho ba maneha ba tlatsetsi ho Eena
- Kapa, ha se Eena Ea entseng lefats’e hoba lehae le tsepameng, A ba A theha linoka ho lona, le hona ho theha lithaba holim’a lona le hona ho tsepamisa moeli lipakeng tsa maoatle a mabeli? Ana ho teng `Mopi e mong ntle ho Allah? Che bongata ba bona ha bo tsebe letho
- Ana ha se Eena Ea arabelang ea bohlokong nakong eo a bitsang ho Eena, e be U mo imolla bothateng, A etse majalefa a lefats’e? Joale, ana ho teng `Mopi e mong ntle ho Allah? Ruri! ba nahana hanyenyane
- Ana ha se Eena Ea le tataisang har’a lefifi la naha le leoatle, Ea romellang liphefo tse phatlalatsang Mohau oa Hae? Ana o teng `Mopi e mong ntle ho Allah? Ea hloahloeng ke Allah kahofetisisa ho batlatsetsi bohle ba ba manehang ho Eena
- Kapa, Ea hlahisang tlholeho, A boele A e phete hape, Eena Ea le nehang nala ho tsoa leholimong le lefats’eng? Joale, ana ho teng `Mopi e mong ntle ho Allah? E re: “Hlahisang bopaki ba lona haeba le hlile le buoa ‘nete!”
- E re: “Ha ho ope ea ka tsebang ka tse patiloeng tsa maholimo le tsa lefats’e haese Allah; ha ba tsebe letho ka letsatsi leo ba tlang ho tsosoa ka lona
- Ana tsebo ea bona e pharaletse hoo ba ka fihlelang bophelo bo-tlang? Ba na le khoao. Ke lifofu.”
- Mahana-tumelo ba re: “Eng! Ha re se re fetohile lerole,-rona le bo-ntata rona, – ana re sa tla hlola re tsosoa hape
- “Ke `nete re ile ra ts’episoa sena.-rona le bo-ntata rona. Empa tsena tsohle ha se letho haese lits’omo tsa mehleng ea khale.”
- E re: “Hahlaulang le lefats’e le tle le bone seo ebileng pheletso ea ba bileng molato!”
- U se ke oa ikutloisa bohloko ka bona, le hona ho touta ka lebaka la merero ea bona
- Ba bile ba re: “Ke neng ts’episo ena e tlang ho phethahala haeba u hlile u buoa ‘nete?”
- E re: “Mohlomong karolo ea seo le ka se potlakelang se haufi le lona.”
- Empa ruriMong`a hau U Khaphatseha mohau ho batho, le hoja bongata ba bona bo hloka teboho
- Ruri Mong`a hau o tseba ka botlalo lintho tsohle tseo lipelo tsa bona li li patileng le tsohle tseo ba li pepesang
- Ha ho letho le patehileng leholimong le lefats’eng, empa se ngoliloe ka har’a buka e hlakileng
- Ruri! Qura›n ena e manolletse bana ba Israele boholo ba lintho tseo ba hohlanang ka tsona
- Ke Tataiso le Mohau ho ba kholoang
- Ruri Mong`a hau o tla ahlola lipakeng tsa bona ho latela Bohlale ba Hae, Eena Ea Matla Oohle, Ea Tsebang-Tsohle
- Kahoo beha ts’epo ea hau ho Allah, hobane u tsepame ‘neteng e hlakileng
- Ruri! U ke ke ua etsa hore bafu ba utloe le tsona litholo hore li utloe pitso nakong eo li seng li menotse tlhabela
- Kapa hona ho tataisa lifofu ho se hlahlathele. Kantle le ba kholoang lits’enolong tsa Rona, ba inehetse Islam
- Mohla lentsoe le phethahatsoang khahlanong le bona, Re tla hlahisa Sebatana sa lefats’e ho buoa le bona, hobane batho ba hlokile tumelo lits’enolong tsa Rona
- Ka letsatsi le leng Re tla khobokanya mabotho har’a lichaba tsohle mabotho a latolang lits’enolo tsa Rona, a tla hloptjoa ka mekhahlelo
- Ho fihlela ba atamelang kapel’a Mong`a bona, U tla re: “Le Latotse lits’enolo tsa Ka le hoja tsebo ea lona e ne e fokola malebana le tsona, kapa ke eng seo le neng le se etsa?”
- Lentsoe le tla phethahatsoa khahlanong le bona ka lebaka la ketso-phoso, etsoe ba ke ke ba eba le puo
- Ha ba es’o bone kamoo Re entseng hore ba phomole kateng bosiu, e be mots’eare U ba neha pono? Ruri! ho sena ke Lits’upiso ho batho ba kholoang
- Letsatsi leo Terompeta e tlang ho letsoa – bohle ba maholimong le lefats’eng ba tla simolla ho ts’oha, haese feela bao Allah A ka khahloang ke bona. Bohle ba tla tla ho Eena ba tseba bofokoli ba bona
- Na u bona lithaba tseo u nahanang hore li tsepame ka tieo, empa tsatsing leo li tla tsamaea joaloka maru: seo ke mosebetsi oa Allah ea phethahatsang lintho tsohle. Ruri! U Tseba ka botlalo tseo le li etsang
- Mang kapa mang ea etsang toka, o tla fumana moputso o molemo ho feta kamoo e neng e le kateng; ba joalo bats’ireletsehile matsoalong a Letsatsi leo
- Mang kapa mang ea etsang sebe, ba tla khothomeletsoa ka har’a mollo ka lifahleho. “Etsoe ha ho seo le ka putsoang ka sona haese seo le se entseng
- E re: “‘na ke laetsoe feela ho sebeletsa Mong`a motse ona Eo A entseng hore o halalele, Eena Mong`a lintho tsohle. Etsoe ke laetsoe hoba har’a bohle ba inehetseng thatong Ea Hae
- Le hona ho pheta Qura’n. Mang, kapa mang ea amohelang tataiso, o etsa seo molemong oa moea oa hae; Ha e mong a hlahalthela – e re: “‘Ke mohlokomelisi feela.”
- U be u re: “Lithoriso li be ho Allah Ea tla le bonts’a Lits’upiso tsa Hae, e le hore le tle le li tsebe. Etsoe Mong`a hau ha se hore ha A hlokomele tseo le li etsang