Ba phethang Lithapelo kamehla le hona ho fana ka Linyehelo, ba bile ba ena le tumelo e feletseng bophelong Bo-tlang
Ruri! Ba joalo ba na le tataiso e tsoang ho Mong`a bona. Ke bona ba tla atleha
Etsoe ho teng e mong har’a batho ea lefang molemong oa lintho tsa mafeela, hore a tle a khelose batho tseleng ea Allah kantle le tsebo, a bile a e etsa ts’itiso ea sesomo. Kahlolo ea ea joalo ke e soabisang
Nakong eo a pheteloang lits’enolo tsa Rona, o li furalla ka boikhohomoso joaloka ha eka ha a li utloa, hoo ekang ke setholo. Kahoo, mo tsebise ka litaba tsa kotlo e mahlonoko e mo tobileng
Bonang! Haele ba-kholoang ba bile ba etsa liketso tse lokileng, lirapa tsa nyakallo ke tsa bona
Tseo ba tla phela ka har’a tsona. Eo ke ts’episo ea Allah ea ‘nete. Hobane U Matla Oohle, U Seli
U hlotse maholimo ntle ho lits’iea tseo le ka li bonang, A ba A hlola lithaba tse tsepameng ka tieo lefats’eng, hoo li sa reketleng ka lona; A ba A hasanya liphoofolo ka mefuta holim’a lefatse. Re romella pula e tsoang leholimong eo ka eona Re hlahisang limela tsohle tsa mefuta tse molemo ho lona
Eo ke tlholeho ea Allah. Joale, mponts’eng se hlotsoeng ke tseo le li rapelang ntle ho Eena. Empa baetsalibe ba phosong e hlakileng
Ruri! Re ile Ra fana ka bohlale ho Luqman: “Bonts‘a teboho ho Allah; mong le mong ea nang le teboho, o fana ka eona molemong oa moea oa hae. Empa ea hlokang teboho – Ruri! Allah ha A na litlhoko, U Ts’oanetsoe ke thoriso
Bonang! Luqman a re ho mor’a hae ka keletso: “Oho mora oa ka! U se khumamele ope ntle ho Allah. Hobane Ruri! Ho khumamela melingoana ke phoso e ts’abehang –
Re ile Ra khothatsa motho hoba molemo ho batsoali ba hae: hobane ‘ma’e o mo tsoetse ka bofokoli holim’a bofokoli, o khusoa kamora lilemo tse peli, kahoo – “Bonts’a teboho ho ‘Na le ho batsoali ba hau. Hobane pheletso ea leeto la hau e ho ‘Na
“Empa ha ba tsitlalletse hore o khumamele mong kantle ho ‘Na eo o senang tsebo ka eena, o se ba mamele. Empa o phele le bona ka mosa bophelong ba lefats’e lena, o latele tsela ea ba relehelang ho ‘Na. Qetellong le tla boela ho ‘na, ke tla le bolella ‘nete ea tseo le neng le li etsa –”
“Oho mor’a ka! Ruri! Leha o ka etsa sebe se lekanang le tlhaku ea koro, kapa ebang se patehile tlas’a lejoe, kapa maholimong esita le lefats’eng, Allah U tla se hlahisa pepeneneng. Ruri! Allah U tseba tsohle, U hlokolosi
“Oho mor’a ka! Phetha lithapelo tsa letsatsi ka leng, u be u khothaletse mosa, u be khahlano le lehloeo, u be le mamello ho tsohle tse ka u oelang. Hobane Seo ke tlama-thata ea mehloli ea lintho tsohle
U se soenye linko ka nyeliso ha u buoa le batho, kapa hona ho tsamaea ka boikhohomoso lefats’eng. Hobane Allah ha A rate motho ea ikhohomosang
U be pelo-nolo boits’oarong ba hau, u bebofatse lentsoe la hau. Hobane lentsoe le khobolang ho feta ohle ke la esele ha e lla.”
Na ha le bone kamoo Allah A entseng hore lintho tsohle tse maholimong le tsohle tse lefats’eng li be molemo kateng ho lona, le kamoo A le sitsitseng kateng ka nala ea Hae eo le e bonang kapa le sa e boneng? Leha ho le joalo ho teng e mong har’a batho ea phehang khang ka Allah, ka ho hloka tsebo, kapa Tataiso le Lengolo ho ba fahlolla
Ha ba bolelloa ho latela seo Allah A se senotseng, ba re: “Che, re latela litsela tsa bo-ntat’a rona.” Eng! Le hoja liabolosi a ba hoehlela kahlolong ea Mollo
Mong le mong ea inehetseng ho Allah, e le moetsi oa botle, Ruri! O kakatletse letsoho le ts’epahalang. Ho Allah ke phello ea litaba tsohle
Ha mong a latola Tumelo, tatolo ea hae e se u kukunele: Poelo ea bona e ho Rona, Re tla ba bolella ‘nete ea tsohle tseo ba li entseng. Hobane Allah U Tseba tsohle tse kahar’a lifuba tsa batho
Re ba nehile boiketlo ba nakoana, hamorao re tlaba qhobela kahlolong e se nang khutlo
Haeba u ka ba botsa hore: “Ke mang ea hlotseng maholimo le lefats’e? Ba tla araba ba re: “Ke Allah.” E re: “Lithoriso li be ho Allah!” Empa bongata ba bona ha ba Utloisise
Lintho tsohle tse maholimong le lefats’eng ke tsa Allah. Ruri! Allah ha A hloke letho, U ts’oanetsoe ke lithoriso tsohle
Hoja ebe lifate tsohle tse lefats’eng ke lipene, leoatle ke enke, le bile le phaeletsoe ka maoatle a mang a supileng, mantsoe A Allah A ne a ke ke a lekana ho ngoloa ka tsona. Ruri! Allah U matla Oohle, U Seli
Tlholeho le tsoho ea lona bafung, e ts’oana feela le tlholeho le tsoho ea moea o le mong. Hobane! Allah Ke Eena Ea Utloang, Ea Bonang
Ha le e s’o bone kamoo Allah A e tsang hore bosiu bo sehe mots’eare tsebe kateng, le hore mots’eare o sehe bosiu tsebe kateng, le kamoo A tsepamisitseng letsatsi le ngoeli kateng hore li etse ts’ebetso ea tsona, le hore e ngoe le e ngoe e tsamaee mocheng oa eona tlas’a taelo ea Hae; le hore Allah U tseba ka botlalo tseo le li etsang
Ke hobane Allah ke ‘Nete, hobane seo ba bitsang ho sona ntle ho Eena ke Leshano, etsoe Allah ke Eena Ea Hloahloeng, Ea Moholo
Ha le e s’o bone kamoo likepe li sesang kateng holim’a leoatle tlas’a lereko la Allah? – Hore A tle A le bonts’e tse ling tsa Lits’upiso tsa Hae? – Ruri! Kahar’a sena ke Lits’upiso ho bohle ba nang le mamello ba fana ka liteboho
Empa haeba leqhubu le ka ba koahela joaloka sekhurumetso, ba bitsa ho Allah, ba mo neha lerato le tlotla e totobetseng. Empa hang ha A se A ba behile kathoko lefats’eng ba ts’ireletsehile, ba bang ba qea-qea lipakeng. Ha ho mong le mong ea latolang lits’upiso tsa rona haese moeki ea hlokang teboho
Oho lona batho! Sebeletsang Mong`a lona, le ts’abe letsatsi leo ka lona ho se nang hoba le ntate ea tla buella mora oa hae, kapa mora ea tla buella ntata’e. Ruri! Ts’episo ea Allah ke ea ‘nete. Le se ke la thetsoa ke bophelo ba lefats’e, kapa la lumella liabolosi ho le thetsa khahlanong le Allah
Ruri! Allah U na le tsebo ka Hora eo. Ke Eena Ea romellang pula lefats’eng, e bile U na le tsebo ea tse ka lipopelong. Ha ho moea ofe kapa ofe o nang le tsebo ea seo o tla se kotula kamoso, ebile ha ho moea o tsebang lefats’e leo o tla shoela ho lona. Ruri! Allah U tseba tsohle, U hlokolosi