32.The Prostration

  1. Alif. Lam. Mim
  2. Ts’enolo ea Lengolo leo ho seng khoao ho lona, – le tsoang ho Mong`a Mafats’e
  3. Kapa ba re: “O iqapetse lona?” Che, ke ‘nete e tsoang ho Mong`a hau, hore u tle u hlokomelise batho bao ho sa kang haeba le mohlokomelisi ea ileng a tla ho bona pele ho uena, hore ba tle ba amohele tataiso
  4. Ke Allah Ea hlotseng maholimo le lefats’e, le tsohle tse teng lipakeng tsa tsona ka matsatsi a ts’eletseng. U tsepame ka tieo Teroneng. Ntle ho eena ha le na ea ka le ts’ireletsang kapa eena ‘muelli. Na le sa tla ke le amohele khalemo
  5. U laola litaba tsohle tse lefat`seng le leholimong; pheletsong tsohle lit la boela ho Eena ka letsatsi, leo khakanyo ea mohopolo oa lona e leng lilemo tse sekete
  6. Ke Eena Eo, Motsibi oa tsohle tse patiloeng le tse pepeneneng, Ea Matla Oohle, Ea Mohau o Khaphatsehang
  7. Eena Ea entseng lintho tsohle ka tseo A li hlotseng ka botle, A simolla tlholeho ea motho ka letsopa
  8. A etsa peo ea motho ka lehloele le eisehang
  9. Eaba U oa mo ntlafatsa, A bululela moea oa Hae ka ho eena; A le neha kutlo, pono le lipelo, empa lona le fana ka liteboho tse fokolang
  10. Ba bile ba re: “Na ha re lahlehile lefats’eng, re ka boela ra hlooloa joang hape?” Empa ba hloka tumelo ka kopano le Mong`a bona
  11. E re: “Lenyeloi la Lefu, le ikarabellang ho lona, le tla nka meea ea lona: le tla khobokang’a ka pela Mong`a lona.”
  12. Hoja ebe le ne le tla bona nakong eo ba molato ba kebisitseng lihlooho tsa bona kateng kapel’a Mong`a bona, ba ntse ba re: “Mong`a rona! Hajoale re bone, e bile re utloile, kahoo re busetse morao; re na le bo-’nete ba hore re tla phetha toka: hobane ruri rea kholoa.”
  13. Hoja Re ne Re ratile joalo, Re ka be Re tataisitse meea eohle: empa Lentsoe la Ka le tla phethahala: “Ke tla tlatsa Lihele ka Li-Jinn le batho ha ‘moho
  14. Kahoo, latsoang – Hobane le ile la Lebala Kopano ea Letsatsi lena la lona, Le rona Re tla le Lebala – latsoang kahlolo e sa Feleng ka lebaka la liketso tsa lona tse mpe
  15. Ke feela ba-kholoang Lits’enolong tsa Rona, bao e reng ha ba hopotsoa ka tsona e beba oela fats’e ka boithapalatso, le hona ho pheta lithoriso tsa Mong`a bona, ba hloka boikhants’o
  16. Ba siea mealo ea bona molemong oa ho bitsa ho Mong`a bona ka Ts’abo le ka Ts’epo, ba fana ka tseo Re ba sitsitseng ka tsona
  17. Ha ho motho ea tsebang seo a se patetsoeng le se thabisang molemong oa hae, – ele moputso oa seo a neng a se etsa
  18. Na motho ea kholoang a ka ts’oana le’a phelang ka bobe? Ha ba ts’oane
  19. Empa ba-kholoang ba etsang liketso tse lokileng, Lirapa tsa phomolo ke mahae a bona – e le moputso oa liketso tsa bona
  20. Haele mahana-puso le ba khopo, phomolo ea bona ke mollong. Ka linako tsohle ha ba lakatsa ho tsoa kamoo, ba tla sutuletsoa kateng. Ho tla thoe ho bona: “Latsoang kahlolo ea mollo oo le neng le o latola e le leshano.”
  21. Ruri! Re tla etsa hore ba latsoe kahlolo lefats’eng lena pele ho e Boima, hore ba tle ba khutle mekhoeng
  22. Ke mang ea etsang phoso e kholohali haese ea kileng a hopotsoa lits’enolo tsa Mong`a hae, e be hamorao o’a li koenehela. Ruri! Re tla ahlola ba molato
  23. Ruri! Re ile Ra neha Moshe Lengolo; kahoo, le se be le khoao ho le amohela; Re ile Ra le hlophisa e le tataiso ho Bana ba Israele
  24. Eitse hoba ba be le tjantjello ba bile ba lumetse ka tieo lits’enolong tsa Rona, Re ile Ra thonya baetapele har’a bona ba neng ba ba tataisa ka taelo ea Rona
  25. Ruri Mong`a hau U tla ahlola lipakeng tsa bona mohla Letsatsi la Kahlolo likhohlano tsa bona
  26. Na ha se tataiso hore ba hlahlobe kamoo Re ileng Ra ripitla matlobo kateng pele ho bona, ao ba tsamaeang lithakong tsa ona? Ruri! Lengolo leo le jere lits’upiso kahar’a lona! Na ba sa tla ke ba utloe
  27. Na ha ba bone kamoo Re theolelang pula lefats’eng le omeletseng, eo ka eona Re hlahisang lijalo tseo e leng lijo ho liphoofolo tsa bona le ho bona? Ana ha ba na pono
  28. Ba re: “Ke neng Qeto eo ea lona e tlang ho tla haeba le na le ‘nete?”
  29. E re: “Mohla letsatsi la Qeto, ha ho kuno ho mahana-tumelo le ha ba ka kholoa, kapa hona ho nyehlisetsoa.”
  30. Kahoo ba furalle, u lete. Le bona ba lete