33.The Clans

  1. Oho Moporofeta! Ts’aba Allah, u se mamele Mahana-tumelo le Baikaketsi: Ruri! Allah U Tseba Tsohle, U Seli
  2. Empa latela seo u se senoletsoeng se tsoang ho Mong`a hau. Hobane! Allah U hlokolosi ka tseo u li etsang
  3. Beha ts’epo ea hau ho Allah, hobane Allah U lekane e le mots’epehi
  4. Allah ha A etsa lipelo tse peli ka hare ho motho ofe kapa ofe: kapa hona ho etsa basali ba lona bao le ba hlalang ka ho ba ts’oants’a le bo-’ma lona ka Sihar, le ho etsa bara bao le ikholisetsang bona bara ba lona. Sena empa e le puo feela ea melomo ea lona. Ebile Allah U le bolella ‘nete, U bonts’a tsela e nepahetseng
  5. Ba bitseng ka mabitso a bo-ntata bona. Seo se tla ba molemo ka ho fetisisa mahlong a Allah. Haeba le sa tsebe bo-ntata bona, e tla ba baena ba lona tumelong le metsoalle ea lona. Ha hona ho ba le phoso holim’a lona haeba le sa ka la hlokomela, se bohlokoa ke se maikutlong a lona. Allah U Ts’oarela-joalo- joalo, U Khaphatseha Mohau
  6. Moporofeta o haufi haholo ho ba-kholoang ho feta bona ka bo-bona, basali ba hae ke bo-’ma bona. Tsoalano ka mali e haufi haholo ho e mong le e mong oa bona molaong oa Allah ho feta ba-kholoang ba bang le ba ileng ba phaphatheha: kantle leha eba le ka etsa mohau ho metsoalle ea lona: Sena se ngoliloe Molaong
  7. Hopola hore Re nkile kano ho Baporofeta: le ho uena, Nooe, Abrahama, Moshe le ho Jesu mora oa Maria. Re ile Ra nka kano ea sebele ho bona
  8. E le hore Allah A tle A botse ka bo-’nete ba seo tumelo ea bona e bileng sona. U lokisitse kahlolo e mahlonoko khahlanong le mahana-tumelo
  9. Oho lona ba-kholoang! Hopolang molemo oa Allah ho lona mohla le neng le thulane le mabotho, ha Re romella setsokotsane se matla le lebotho kahlahlanong le bona leo le sa kang la le bona. Empa Allah U bona tsohle tseo le li etsang
  10. Mohla ba neng ba le khahlela ka mona le ka mona, le se le tsoeretse mahlo hoo lipelo tsa lona li neng li le haufi le liqoqotho, le apareloa ke menahano e fosahetseng malebana le Allah
  11. Ho bile le ba-kholoang ba ileng ba lekoa boemong boo, ba ile ba tsukutloa ke letsoalo le ts’abehang
  12. Baikaketsi le ba nang le maloetsi lipelong tsa bona, ba re: “Allah le Moporofeta oa Hae ha ho seo ba re ts’episitse sona haese mafeela-feela.”
  13. Lequloana le leng la bona le ile la re: “Oho lona banna ba Yathrib! Ha le ke ke la emela ntoa, kahoo boelang morao.” Sehlopha se seng se ile sa kopa tumello ea Moporofeta, sa re: “Malapa a rona a setse a sa sireletseha.” Morero oa bona ene e se letho, haese ho hlanola tlhabela
  14. Hoja lira li ile tsa ba khahlela ka mahlakore ohle, eaba ba khothaletsoa ho ikhula, ba ka be ba amohetse kantle le khanyetso ea letho
  15. Empa ba ne ba ikanne ho Allah hore ba ke ke ba koeneha. Boikano ho Allah bo lokela ho arabelloa
  16. E re: “Paleho e ke ke ea le thusa ka letho haeba le baleha lefu kapa polao; hobane mofutho oo le phelang har’a ona ke oa nakoana.”
  17. E re: “Ke mang ea ka le pholosang ho Allah haeba A le neha Kotlo, kapa ho le neha Mohau?” Kapa ho fumana motsoalle kapa mothusi ofe kapa ofe kantle ho Allah
  18. Allah U tseba bohle ba sitisang batho har’a lona le ba reng ho bo-mphato’a bona: “Atamelang haufi le rona!” Empa le se tle ntoeng haese feela ha nakoana
  19. Ba le honohela. Empa ha ba otloa ke ts’abo, u tla ba bona ba talimile ka lona ka mahlo a ntseng a panya-panya sa motho ea makhatheng a lefu: Hang hoba letsoalo le khutse, ba u chesa ka maleme a nchocho tlas’a lipelo tse telele thepeng. Ba joalo ba hloka tumelo, Ka lebaka leo, Allah U etsa liketso tsa bona lefeela: Seo se bobebe ho Allah
  20. Ba nahana hore Bafuthi ha ba ea beha lihlomo fats’e; hoja e be Bafuthi ba ntse ba tsoelapele, ba ne ba tla lakatsa ho ba lehoatateng har’a Baleleri, ba botsa ka lona; hoja ba ne ba le har’a lona, ba ne ba tla loana empa ka monyebe
  21. Ruri! Le na le mohlala o motle ho Moporofeta oa Allah ho ea ts’epetseng ho Allah le ho Letsatsi la Bofelo, a tsitlalla thorisong ea Allah
  22. Ba-kholoang ha ba bona Bahlabani ba Bafuthi, ba ile ba re; “Sena ke seo Allah le Moromuoa oa Hae ba re ts’episitseng sona, Allah le Moromuoa oa Hae ba re boleletse seo e leng ‘nete.” Seo sa matlafatsa tumelo le tjantjello ea bona boithapalatsong
  23. Har’a ba-kholoang ho na le batho ba ‘nete Selekaneng sa bona le Allah. Ba bang ba phethile kano ea bona, ba bang ba sa lebeletse; Empa ha ba ea fetoha le ha nyane
  24. Hore Allah A tle A putse batho ba ‘Nete ho latela ‘Nete ea bona, le hona ho ahlola Baikaketsi haeba e le Thato Ea Hae, kapa A retelehele ho bona ka Mohau: Hobane Allah U Ts’oarela joalo-joalo, U Mohau o Khaphatsehang
  25. Allah U leleketse mahana-tumelo kahlolong ea bona; ha ho molemo oo ba o fumaneng. Allah U lekane ho Ba-kholoang ntoeng ea bona. Allah U Matla, U Matla A ho phethisa Thato Ea Hae
  26. Ba bang ba batho ba Lengolo ban eng ba thusa mahana- tumelo – Allah U ile A ba theola maemong a bona, A ba A ts’ollela letsoalo lipelong tsa bona. Ba bang ba bona le ile la ba bolaea, ba bang la ba hapa
  27. A le etsa majalefa a naha ea bona, matlo a bona, thepa ea bona esita le naha eo le neng le sa e etele khafetsa. Allah U Matla holima lintho tsohle
  28. Oho Moporofeta! E re ho basali ba hau: “Haeba le rata bophelo ba lefats’e lena le mekhabiso ea lona, – tlohong! Ke tla le khotsofatsa, ke le lokolle ka tsela e nonofetseng.”
  29. Empa haeba le rata Allah le Moromuoa oa Hae le lehae la Bo-tlang, Ruri! Allah U hlophisitse moputso o moholohali sebakeng sa ba hloekileng har’a lona
  30. Oho lona basali ba Moporofeta! Haeba e mong oa lona o ne a le molato oa liketso tse nyonts’ang, Kahlolo ea hae e tla phaelloa habeli, hobane seo se bobebe ho Allah
  31. Mong le mong har’a lona ea ipabotseng ts’ebeletsong ea Allah le ho Moromuoa oa Hae, a bile a etsa tse lokileng, Re tla mo neha moputso oa hae o menahane habeli, e bile Re hlophisitse phepo ea maemo a phahameng sebakeng sa hae
  32. Oho lona basali ba Moporofeta! Ha le ts’oane le basali ba bang. Haeba le ts’aba Allah, empa le se bue ka mantsoe a hohelang, esere eo pelo ea hae e aparetsoeng ke maloetse a tloha a hoheleha, empa le buoe ka mantsoe a hlakileng
  33. Le lule ka khutso ka matlung a lona, le se ipapatse pooaneng joaloka Mehleng ea Pele ea Tlhoka-Tsebo. Le phethahatse Lithapelo tsa letsatsi ka leng, le hona ho fana ka linyehelo, le utloe Allah le Moromuoa oa Hae. Thato ea Allah ke ho tlosa lits’ila ho lona, beng ka lona, le ho le hloekisa hore le hloke koli
  34. Le phete ka tlhoko seo le se Phetetsoeng malapeng a lona, Lits’enolo tsa Allah le Bohlale ba Hae. Hobane Allah U hlokolosi haholo ka mehlolo eohle
  35. Banna le basali ba Ma-Muslim, le banna le basali ba-kholoang, le banna le basali ba inehetseng, banna le basali ba ‘nete, le banna le basali ba tsitlalletseng toka, le banna le basali ba ikokobetsang, le banna le basali ba fanang ka linyehelo, le banna le basali ba ilang, le banna le basali ba ipolokang khahlano le bobe le bona banna le basali ba hopolang Allah ka thata – Allah U hlophisitse ts’oarelo esita le moputso o babatsehang sebakeng sa bona
  36. Ha ho oa lokela ba-kholoang monna kapa mosali hore taba ha e nketsoe qeto ke Allah le Moromuoa oa Hae, e be kamor’a moo ba ba le khoao malebana le taba eo; mong le mong ea khahlanong le Allah le Moromuoa oa hae, o khelohetse thoko
  37. Hopola! O ile oa re ho eo Allah A neng a mo sitsitse ka molemo, le uena u neng u mo nehe molemo: “Boloka mosali oa hau lenyalong, O ts’abe Allah.” Empa u ne u patile kelellong ea hau seo Allah a neng a se tlisa leseling, u ne u ts’aba batho, Allah U na le tokelo ea hore u lokela ho mo ts’aba. Joale, eitse hoba Zaid a phethahatse setlamo sa ho khaola lenyalo la hae, eaba Re u kopanya le eena ka lenyalo, hore mohlomong ho se be le sebe ho ba-kholoang malebana le basali bao bara ba bona ba ikholiselitseng bona ba kileng ba ba nyalla eaba ho phethahatsoa setlamo sa bona sa karohano ka Lengolo lipakeng tsa bona. Taelo ea Allah e lokela ho phethahatsoa
  38. Ha ho na mathata ho Moporofeta ho seo Allah a se etsang ts’ebetso ea hae. Seo e bile tsela ea Allah ho batho ba khale ba seng ba fetile – taelo ea Allah e tlameha ho phethahatsoa –
  39. Ebile tloaelo ea ba neng ba phatlalatsa Melaetsa ea Allah, ba mo ts’aba, ho se e mong eo ba mo ts’abang ntle ho Allah. Allah U lekane ho bitsetsa batho tlalehong
  40. Muhammad ha se ntata motho ofe kapa ofe har’a lona, empa ke moromuoa oa Allah, ke mokoallo oa Baporofeta; etsoe Allah U hlokolosi holim’a lintho tsohle
  41. Oho lona ba-kholoang! Ketekang lithoriso tsa Allah, le etse sena khafetsa
  42. Le Mo tlotlise hoseng le mantsiboea
  43. Ee Eena Ea le Hlohonolofatsang le manyeloi A Hae, hore A tle A le lopolle koetseng Ea Lefifi A le tlise Leseling: e bile U Tletse Mohau ho Ba-kholoang
  44. Litumeliso tsa mohla Letsatsi leo ba tlang ho kopana le Eena e tlaba: “Khotso.” E bile U ba hlophiselitse mats’eliso a babatsehang
  45. Oho Moporofeta! Ruri! Re u romeletse ho ba Paki, le moromuoa oa litaba tse molemo le eena mohlokomelisi
  46. U bile u le leng’osa la Allah ka taelo ea Hae, le lona Lebone le Fanang ka Khanya
  47. U phatlalatse litaba tse molemo ho Ba-kholoang hore ba tla fumana Nala e babatsehang ho Allah
  48. U be u se ke oa inamela mahana-tumelo le Baikaketsi. U tlolise mahlo holimo litaba tsa bona tse khopo, u behe ts’epo ea hau ho Allah. Hobane Allah U lekane e le Mots’epehi
  49. Oho lona ba-kholoang! Ha le nyala basali ba-kholoang, le ba hlala pele le ba ama, ha ho nako eo le ka e balang (iddah) malebana le bona. Empa le ba nehe mpho, le ba lokolle ka mokhoa o amohelehang
  50. Oho Moporofeta! Re entse hore basali ba hau bao u ba lefeletseng mahali ba be molaong ho uena, le bao u ba phuthileng bao Allah A u nehileng bona e le bahapuoa ntoeng, le barali ba rangoana’o le maloma’o, le barali ba ‘mangoana’o le rakhali’ao ba ileng ba falla le uena, le mosali ea kholoang haeba a inehela ho moporofeta, eba moporofeta o lakatsa ho mo kopa lenyalo –sena ke monyetla ho uena feela, eseng ho ba-kholoang – etsoe Re hlokolosi ka tseo Re li khothalelitseng holim’a bona malebana le basali ba bona le ba ba phuthileng –hore u se be le bothata, hobane Allah U Ts’oarela-joalo-joalo, U Mohau o Khaphatsehang
  51. U ka ‘na oa behella eo u mo ratang kathoko, eaba u amohela eo u mo ratang, ebang u na le takatso ho e mong oa bao u ba beheletseng kathoko ha nakoana, ha ho na sebe ho uena haeba u ka mo amohela hape; seo se molemo; e le hore ba tle ba khotsofale, ba se ke ba utloa bohloko le hona ho khotsofalla seo u ba nehang sona. Allah U tseba se ka lipelong tsa lona, Allah U Tseba Tsohle, U Tletse Mamello
  52. Ha ho ea lumelleha ho uena ho nyala basali ba bang kathoko ho bao, kapa hona ho ba fapanyetsa ka basali ba bang le haeba o khahloa ke bottle ba bona kantle le bao u ba holisang. Allah ke moalosi holim’a lintho tsohle
  53. Oho lona ba-kholoang! Le se kene malapeng a Moporofeta, – moo le habileng lijo ntle le ho emela nako e lokelang, haese haeba o nehiloe tumello. Empa haeba le memiloe le kene, hang ha lijo tsa lona li felile, le tsamae. Le se ke la emela moqoqo. Hobane seo se ka tloha sa ts’oenya moporofeta, u tla ba lihlong ho le kopa hore le tsamae; empa Allah ha A lihlong malebana le ‘nete. Haeba le kopa se seng ho e mong oa basali ba Moporofeta, le se kope ka boits’oaro bo hloekileng. Seo se hloekile lipelong tsa lona le lipelong tsa bona. Ha le ea lumelloa ho ts’oenya Moromuoa oa Allah, kapa hona hore e be le ka nyala basali ba hae kamor’a hae. Hobane Ruri! Seo mahlong a Allah e ka ‘na ea eba sebe se seholo
  54. Ebang le hlahisa eng kapa eng pepeneneng, kapa le e patang, Ruri! Allah U tseba ka botlalo lintho tsohle
  55. Ha ho sebe ho basali ba ho hlaha ba lokolohile ho bo-ntat’a bona, le bara ba bona, kapa likhaitseli tsa bona, kapa bara ba likhaitseli tsa bona, kapa bara ba bo ausi’a bona, kapa basali ba bona le basebeletsi ba bona. Oho basali! Ts’abang Allah. Hobane Allah ke Paki holim’a lintho tsohle
  56. Allah le Manyeloi A Hae ba romella mahlohonolo ho Moporofeta. Oho lona ba-kholoang! Mo romelleng mahlohonolo le lona, le mo lumelise ka thlompho
  57. Ba khopisang Allah le Moromuoa oa Hae, Allah U ba rohakile lefats’eng lena le ho Bo-tlang, e bile U ba hlophetse Kahlolo e nyonyehang
  58. Ba ts’oenyang banna le basali ba-kholoang ka bokhopo, ba jara molato oa ketseletso le oa sebe se pepenene
  59. Oho Moporofeta! Bolella basali ba hau, barali ba hau le basali ba-kholoang ho apara liaparo tse ba koahetseng nakong eo ba nkang leeto. Seo se molemo, e le hore ba tle ba hlokomelehe, ba se hlekefetsoe. Allah U Ts’oarela-joalo-joalo, U Mohau o Khaphatsehang
  60. Ruri, haeba Baikaketsi, le bao lipelo tsa bona li koahetsoeng ke maloetsi le ba fehlang merusu ka har’a motse ba sa khaotse, Ruri! Re tla ba nehella ka lona, kamor’a moo e tlaba baahisane ba lona ha nakoana
  61. Ba tla rohakeha, hoohle moo ba fumanoang teng bat la ts’oaroa ba bolaoe
  62. Seo ebile tsela ea Allah litabeng tsa batho ba khale ba seng ba fetile; etsoe ha ho matla afe kapa afe ao o ka a fumanang ho fetola tsela ea Allah
  63. Batho ba u botsa ka Hora. E re: “Tsebo ea eona e ho Allah A Inots’i. Ke eng se tla etsa hore o utloisise? – Mohlomong Hora e se e le haufinyane
  64. Ruri! Allah U rohakile mahana-tumelo, U ba hlophiselitse Khanare ea Mollo
  65. Moo ba tlang ho phela kahosafeleng. Ha ho mots’oalle ea ka ba ts’ireletsang, kapa mothusi
  66. Letsatsi leo ka lona lifahleho tsa bona li tla phetholeloa ka har’a mollo, ba tla re: “Oho, hoja ebe re ile ra mamela Allah le moromuoa oa Hae
  67. Ba tla re: “Mong`a rona! Re ile ra mamela marena le banna ba phahameng ba habo rona, ba re khelositse tseleng
  68. “Mong`a rona! Oho, A k’u mpe U ba nehe Kahlolo e Menahaneng, U ba rohake ka thohako e matla.”
  69. Oho lona ba-kholoang! Le se ke la ts’oana le ba kileng ba khopisa le ho rohaka Moshe, empa Allah U ile A pakahatsa bohloeki ba hae khahlanong le seo ba neng ba mo phara ka sona: U ile a hlompheha mahlong a Allah
  70. Oho lona ba-kholoang! Ts’abang Allah, le bue ‘nete
  71. E le hore A tle A ntlafatse liketso tsa lona, A le ts’oarele libe tsa lona. Mong le mong ea mamelang Allah le Moromuoa oa Hae, o se a ntse a fihletse tlholo e babatsehang
  72. Ruri! Re tsepamisitse ‘nete Maholimong le Lefats’eng le Lithabeng, empa li hanne ho e nka, li na le ts’abo. Empa motho o ile a e amohela; – Le hoja a ne a iphasa ka lerapo le booatla
  73. Kahoo, Allah U ahlola Baikaketsi, banna le basali, le mahana- tumelo, banna le basali. Allah U retelehela ka Mohau ho ba- kholoang, Banna le basali: Hobane Allah U Ts’oarela-joalo- joalo, U Tletse Mohau