4.The Women
- Oho batho! Hlonephang Mong`a lona ea le hlotseng ka moea o le mong, ka ona a bopa molekane oa hae, bobeling boo ho hasana mats’oele-ts’oele a banna le basali, ts`abang Allah eo ho eena le batlang litokelo tsa lona ka bo mong, le be le hlonephe lipopelo tse le belehileng. Bonang! Allah haesale a le leihlo le nchocho holim’a lona
- Le nehe likhutsana mafa a tsona. Le se fetole letho le letle ka le lebe tlhokomelong ea lona ho ona, kapa hona ho kopanya mafa a bona le a lona. Ruri hoo ke sebe se seholo
- Haeba le ts’aba hore le tla sitoa ho sebeletsa likhutsana tsa banana ka toka, nyalang basali ba khetho ea lona, ba ba beli kapa ba ba raro ho isa boneng; empa ha le ts’aba hore le tla hloka toka lenaneng le kaalo, nyala a le mong, kapa makhoba a letsoho le letona la hau. Sena se nepahetse hore le se bake likhohlano
- Le nehe basali bao lebanyalang mpho e lokolohileng ea lenyalo ka pelo ehloekileng; empa ka boithatelo ba bona ba ka hana karolo e ‘ngoe ea eona, e nke ka ntle ho ts`abo ea letho
- Le se nehe balithotho mafa a bona ao le a bolokileng mafeng a lona, ao Allah a le nehileng oona ho ka a holisa; empa le ba fepe le ho ba apesa ka oona, le ba buise ka mosa le toka
- Likhutsana le li behe tekong ho fihlela lilemo tsa lenyalo; ha le fumana horebana le boikarabello, balokolleleng mafa a bona; le se ke la a ja bohlasoa ka mokhoa oa ts`enyo pele ba fihlela lilemo tse lumellehang. Eo e leng morui baholising ba likhutsana, a se ke a batla lits’enyehelo; empa ha e le mofutsana a lumelloe ho kuka lits’enyehelo tse lumellanang le boemo ba kholiso ea hae. Nakong eo le fanang ka mafa a likhutsana, ebang le lipaki ponts’eng ea bona. Empa Allah U lekane joaloka Motsebi oa tsohle
- Hona le karolo ea banna le basali ho tse siiloeng ke batsoali kapa batsoalani le bona, ba nehoe karolo ea bona; ho sa khethelle hore na lefa le le nyenyane kapa le leholo, – empa ho aroloe ka molao oa tekano
- Ekare nakong eo ho aroloang lefa hoa fumaneha hore ba leloko, likhutsana le bafutsana ba teng, ba feng karolo, le ba buise ka mosa
- Ba arolang mafa ba be le ts’abo e ts’oanang ea boits’oaro ba bona ho likhutsana, joaloka ha eka e ne e le bona ba siileng ts’oala e hlokang thuso e neng e tla ba le ts’abo ho bona. Ba ts’abe Allah, ba ba buise mantsoe a nepahetseng
- Ruri ba jang mafa a likhutsana ka bohanyapetsi, ba mpa ba itjella mollo, batla chesoa khanareng ea mollo
- Allah U le laela ka kabo ea mafa a bana bal ona: kabelo ea e motona e lekane le tse peli tsa ba bats’ehali, haeba hona le basali ba fetang bobeli, kabelo ea bona eba bobeli ho boraro ba lefa, haeba a le mong feela, kabelo ea hae eba karolo ea lefa. Ho batsoali e be bo ‘ngoe ho bots’elela ba lefa le seiloeng ke mora, haeba mofu a ne a e na le mora, kapa a se na eena, batsoali ba hae ke bona bajalefa, o tla abeloa bonngoe ho boraro; ha a ne a e na le baena kapa likhaitseli, o tla abeloa bonngoe ho bots’elela. Ka mora hoba lefa lefe kapa lefe le ajoe, kapa ka mora hoba melato e lefshoe. Har’a batsoali ba hau, kapa bana ba hau; u ke ke oa tseba hore na ke ba fe ba haufi le uena ba tla ba molemo mafeng a joalo. Ke melao e tsoang ho Allah. Allah U tseba tsohle, O Seli
- Kabelo ea hau ke karolo ea seo basali ba hau ba se siileng, habanebase na ngoana; empa haeba ba ne ba ena le ngoana, kabelo ea hau ke bonngoe ho bone ba seo ba se siileng, ka mora hoba lefa lefe kapa lefe le ajoe, kapa melato ebang e teng e lefiloe. Haeba e le uena ea sieang lefa kabelo ea bona (basali) ke bonngoe ho bone haeba u ne u se na ngoana, empa haeba u ne u e na le ngoana kabelo ea bona ke bonngoe ho borobeli ba seo u se sieang, ka mora hoba lefa lefe kapa lefe le ajoe, kapa melato eo u e entseng e lefiloe. Haeba monna, kapa mosali a e na le mojalefa ea sebakana, a siea batsoali kapa ngoana, ekaba monna kapa mosali ha feela a e na le moholoana’e kapa khaitseli, ka lehlakoreng la ‘ feela, e mong le e mong oa bobeli boo o tla fumana bonngoe ho bots’elela, empa ha ba feta bobeli ba tla arola bonngoe ho boraro, ka mora hoba lefa lefe kapa lefe le ajoe, kapa melato e lefiloe e sa utloise bohloko bajalefa ka kabo e fetang boraro ba lefa. Ke melao e tsoang ho Allah. Allah U tseba tsohle, o khotsofatsa bohle
- Tsena ke lipehelo tsa Allah. Mong le mong ea mamelang Allah le moromuoa oa hae, Allah U tla amoheloa lirapeng tseo linoka liphallang tlas’a tsona, moo teng batla phela kahosafeleng. Eo e tlaba katleho e kholohali
- Haele ea sa mameleng Allah le moromuoa oa hae, a tlola meeli ea Allah, Allah U tla mo lahlela mollong, moo teng o tla phela kahosafeleng; sa hae e tla ba timelo e soabisang
- Ba bang ba basali ba lona ba etsang bohlola, bitsang lipaki tse ‘ne tse tsoang har’a lona tse tla paka khahlanong le bona. Ha ba ka paka ka ‘nete hore ba molato, ba bolokeng ka khetheho ka matlung ho fihlela lefu le ba kuka, kapa ho fihlela Allah a ka ba khethela tsela e ‘ngoe (ho tsoa molaong o mocha)
- Bobeli batho ha le molato oa bohlola, ba ahloleng. Ebang ba baka, ba etsa mesebetsi e hloekileng, ba tloheleng. Ruri! Allah U khutla-khafetsa, mohau oa hae o ea khaphatseha
- Ts’oarelo ke ea Allah feela khahlanong le ba etsang libe ka botlaopa, kapele-pele ba khutle bainyatse ho Allah. Bana ke bao Allah a retelehellang ka ho bona. Ruri Allah U tseba kahosafeleng, O Seli
- Boinyatso ha bona thuso ho ba phehellang ho etsa liketso tse mpe ho fihlela e mong oa bona a le lekhatheng la lefu, e be o re: “joale ke ea inyatsa;” kapa ba tla shoa ba ntse bahloka- tumelo. Hoba joalo re se re lokisitse timelo e bohloko
- Oho lona ba kholoang! Ha le ea lumelloa ho kenela bahlolohali ba mehahabo lona ka sheshe, kapa hona ho ba qobella ho etsa se ratoang ke lona hore le tle le ba amohe karolo ea mahali ao le neng le ba nehile ona, ntle le haeba ba le molato oa bohlola bo pepenene. Le phele le bona ka mofuthu le mosa. Haeba le ka ba hloea ho ka etsahala hore le hloee se seng seo Allah a ka hlahisang botle bo boholo ka sona
- Ha u lakatsa ho nyala mosali e mong ho nka sebaka sa mosali oa hau, ebang u ne u se u nehile mosali oa pele mahali ho sa khethellehe hore na a na le bongata bo bokae, u se nke letho ho ona. Na u ka nka mahali ao ka sesomo, e be u etsa sebe ka kotloloho
- U ka khutlisa mahali joang ka mora hoba e mong oa lona a kene ho e mong, e bile ba nkile kano e boima ho uena
- Le se nyale basali baneng banyetsoe ke bo-ntata lona, haese se kileng sa etsahala khale. Ruri! Bohlola bo soabisang bo bile bo nyonyeha, e ne e le moetlo o silafetseng Ruri
- Bao le hanetsoeng hoba nyala ke bana: – bo-’ma’ lona le barali ba lona, likhaitseli le bo-rakhali’a lona, bo-mangoan’a lona le barali ba baena ba lona, barali ba likhaitseli tsa lona, bo – ‘-monyants’etsi le barali ba bo-me’-monyants’etsi, bahoehali ba lona le barali ba basali ba lona ba tlhokomelong ea lona, ba bile batsoetsoe ke basali ba lona bao le ileng la kopanela likobo le bona – empa haeba le sa ka la kopanela likobo le bona, ha hona sebe ho lona ha le ka nyala ba – le hanetsoe ka basali ba bara ba lona bats’oileng mathekeng a lona. Hape le hanetsoe ho nyala barali ba monna a le mong ka nako e le ‘ngoe, haese se kileng sa etsahala linakong tse fetileng. Ruri, Allah U ts’oarela-khafetsa, U tletse mohau
- Le hanetsoe basali bohle ba nyetsoeng, ntle ho bao matsoho a lona a matona a ba ruileng (bahapuoa). Ena ke melao ea Allah. Bohle ba sa boleloang mona, ha feela eba le ba batla ka matlotlo ao le nang le ona ka lenyalo le otlolohileng, ese bohlola. Ka hoba nyala le ba batlela khotsofalo le molemo e seng bohlola, ba neheng mahali a bona tje kaha e le ts’ebeletso. Ha hona sebe ho lona ha le ka fetola tekanyo ea mahali ka litumellano ka mora hoba le fane ka ona. Ruri Allah U tletse tsebo, o Seli
- Haeba hona le e mong ea ke keng a khona ho nyala basali ba bolokolohing ba kholoang, ba lokolleng ba nyalane le makhoba a kholoang ao matsoho a matona a lona a b aruileng. Ke Allah ea tsebang ka botlalo tumelo ea lona, le ba leloko le le leng. Ba nyaleng ka tumello ea beng ka bona, le be le ba nehe mahali a bona ka litumellano tse amohelehang, batla hlompha, base etse bohlola, kapa hona ho its’oara hampe. Ha ba se banyetsoe ka hlompho ha ba ka etsa bohlola, ba tla be ba ipitsetsa karolo ea kahlolo e fanoeng sebakeng sa basali ba seng bokhobeng ka mabaka ao. Sena ke sebakeng sa eo ea har’a lona ea ts’abang sebe. Empa haeba le ka ba le mamello seo se ka ba molemo ho lona. Allah U ts’oarela-khafetsa, U tletse mohau
- Allah U lakatsa ho le totobaletsa le hona ho le tataisa ka mehlala ea ba bileng teng pele ho lona, o lakatsa ho khutlela ka ho lona ka mohau. Ruri Allah U tseba tsohle, o Seli
- Allah U lakatsa ho retellehela ka ho lona ka mohau; empa ba latelang litakatso tsa bohata ba mpa ba lakatsa ho le khelosetsa hole-hole le tsela e otlolohileng
- Allah U lakalitse ho le bebofaletsa mathata, hobane motho o bopiloe a fokola
- Oho lona ba kholoang! Le se je maruo a lona lekeme-keme har’a lona ka boikhabo, haese feela eba le hoebisana ka setsoalle se amohelehang. Le se ke la bolaeana. Ruri! Allah ke Ramohau ho lona
- Ha ho le teng ea ka etsang joalo ka bokhopo le hona ho hloka toka, re tla mo akhela har’a mollo, seo se bobebe ho Allah
- Ha le ka ikhula khahlanong le libeng tse kholo tseo re le hanetseng tsona, Ruri re tla hlakola liketso tsa sebe ho lona e be re le kenya hekeng ea tlotla e kholo
- Le se ke la honohela ntho eo Allah a entseng hore ba bang ba fete ba bang ka eona. Hobane ho banna ho fanoe ho latela seo ba se kotutseng, le ho basali ho fanoe ka mokhoa o ts’oanang. Le se ke la honohelana ka bo-lona, empa le kope Allah ka matlotlo a hae. Ruri! Allah U tseba lintho tsohle
- Ho bohle re thontse bajalefa ba matlotlo a sihiloeng ke batsoali le ba leloko le hauts’oane; le ho bao ebang matsoho a lona a matona a entse selekane le bona, le ba nehe likarolo tsa bona. Ka `nete Allah ke paki holim’a lintho tsohle
- Banna ke basireletsi le bahlokomeli ba basali, hobane Allah U entse hore e mong oa bona a fete e mong ka matla, banna ba tlameha ho sebelisa matlotlo tlas’a tlhokomelo ea bona. Ka hona basali ba itlhomphang ke ba hlonephang le hona ho mamela banna ba bona, ba bile ba boulela sephiring seo Allah A ba laetseng ho se boulella. Haele basali bao le ts’abang hore ba ke ke ba le mamela, ba khalemeng, le be le hane ho kopanela likobo le bona, le hona hoba shapa ha ba ntse ba pheeletse. Haeba ba ka le mamela, le se ke la tsomana le mekhoa ea hoba khopisa. Ruri Allah U phahame ka ho fetisisa, o moholo
- Haeba le ts’aba hore ba ka ts’oha ba roba litumellano lipakeng tsa bona, thonyang bakhalemi ho tsoa ka lapeng la bo monna le la bo mosali. Haeba ba lakatsa ho bopa khotso, Allah U tla ba etsa ntho e leng ngoe. Allah U tseba tsohle, o hlokolosi
- Khumamelang Allah. Le se be le batlatsetsi ntle le eena. Le bonts’e mohau le boits’oaro ho batsoali, le hoba leloko la lona, ho likhutsana, le ho bahloki, ho baahaisane ba haufi le lona, le ho baahaisane ba ka thoko, ho bahahlaoli le mofeta ka tsela, le ho makhoba ao matsoho a lona a matona a ba ruileng. Hobane Ruri Allah ha a rate baikhants’ang le ho ikhohomosa
- Ba lekhonatha ka matlotlo a bona, ba bile khothaletsa bokhonatha ho ba bang, le hona ho pata tseo Allah A ba sitsitseng ka tsona tsa motlopotlo oa Hae. Ruri Re lokiselitse maila-tumelo timelo e soabisang
- Ba sebelisang matlotlo a bona ho iponahatsa ho batho, ba bile ba sa kholoe ho Allah le ho letsatsi la bofelo(ke metsoalle ea satane), ea kukileng satane ho ba molekane oa hae, Ruri eo molekane o nyonyeha hakakang
- Tahlehelo e ne e tlaba efeng ha ba ne ba khotsoe ho Allah le ho letsatsi la bofelo, ba bile ba sebelisa ka kotloloho seo Allah A ba sitsitseng ka sona. Ruri Allah U hlokolosi ka bona le ho tsohle tseo ba li etsang
- Ruri! Allah ha A fose le hanyenyane feela; ha feela e ba ho teng ketso e lokileng, U tla e menahanya A be A nehe moetsi oa eona ponts’eng ea hae moputso o moholohali
- Ho ne ho tla ba joang ho bona ha re ne re tlisitse paki e tsoang ho mehlobo eohle, joale e be re tlisa uena muhammad hoba paki khahlanong le bona
- Mohla letsatsi leo ba ileng ba hloka tumelo le ho se mamele Moromuoa ba ne ba tla lakatsa e ka ba ke be ba ile ba tsoakoa le mobu, empa ha ho seo ba ka se patang ho Allah
- Oho lona ba kholoang! Le se atamele thapelong le tauoe, ho fihlela le tseba seo le se buoang, kapa nakong eo le sa hloekang, haese ha le le leeton, ho fihlela le totse le ohle. Haeba le kula, kapa le le leetong, kapa e mong oa lona a etsoa ntloaneng ea boithuso, kapa eba le bile le kamano le basali, le sa fumane metsi, le ka nka mobu o hloekileng, la iphumula lifahlehong le matsohong ka ona (e leng tayamum). Ruri Allah U mosa, o ts’oarela khafetsa
- Ha u e s’o bone ba filoeng karoloana ea Lengolo kamoo ba ithekelang phoso ka teng, ba bile ba tsomana le ho le sutuletsa phosong moo ba lekang ho le nts’a tseleng e nepahetseng
- Ruri Allah U tseba hantle lira tsa lona. Allah U lekane hoba mots’oalle, Allah U lekane joalo ka mothusi
- Har’a Ma-Juda ho teng ba fetolang mantsoe ho tsoa tatellanong ea ona, ebe ba re: “Re’a utloa ha re ananele; re`a utloa ha re utloise letho” Ba boele ba re: “Re mamele!” ba sotha maleme a bona ka ho nyefola tumelo. Hoja ba ile ba re: “re’a utloa re ea phethisa; re etse hore re be le kutluisiso”; seo se ke be se bile molemo ho bona, se nepahetse ho fetisisa. Empa Allah U ba rohakile bakeng sa ho hloka tumelo ha bona, kahoo ha ba kholoe haese ba fokolang feela ba bona
- Oho lona ba filoeng Lengolo! Kholoang ho seo Re se senotseng hajoale se tihisang seo se teng ho lona, pele Re le sosobanya lifahleho Re li menolele ka hare, kapa Re ba rohake joaloka ha Re rohakile ba robi ba sabata. Molao oa Allah ka mehla o oa phethahatsoa
- Ruri Allah ha A ts’oarele ba mo kopanyang le batlatsetsi. O ts’oarela bohle, empa bao A ikhethetseng bona. Haele eo ea kopanyang batlatsetsi le Allah, Ruri o rerile sebe se se holohali
- Ha u e s’o bone ba ithorisang ka bohloeki? Che, Allah U hloekisa ea ratoang ke Eena, ba ke ke ba qhekelloa le ha ese ele hanyenyane feela
- Bona, kamoo ba qapang leshano ka teng khahlanong le Allah! Seo sona ke sebe se pepenene
- Ha u e s’o bone ba filoeng karoloana ea Lengolo? ba kholoa boselamoseng le melingoaneng ea bohata, ba bile ba re ka melingoana eo ho ba sa kholoeng: ba tataisitsoe ka nepo e kholo ho feta ba kholoang
- Ke bao Allah A ba rohakileng, eo Allah A mo rohakileng, o ke ke oa mo fumanela mothusi
- Kapa ba na le karolo pusong? Haeba ho joalo, bake ke ba fana le ha e se e le ka qobanyana feela ho batho
- Kapa ba honohela batho ka tseo Allah A ba sitsitseng ka tsona tsa motlopotlo oa Hae? Hobane Re se Re ile Ra fana ka Lengolo le bohlale ho lelapa la Abrahama, Ra ba sitsa ka naha e kholohali
- Har’a bona ho teng karolo e neng e lumela ho lona, ha karolo e ‘ngoe e ne e sa le lumele. Lihele li ba lekane hore ba ka chesoa ho ts’oana
- Ruri ba latotseng lits’enolo tsa rona, Re tla ba lahlela mollong. Ka mehla ha matlalo a bona a eboha ke ho tlaboha, e be Re ba apesa ka matlalo a macha e le hore ba tle ba latsoe kahlolo. Ruri Allah U matla ohle, O Seli
- Empa ba kholoang ba bile ba etsa mesebetsi e lokileng, Re tla ba amohela har›a lirapa tseo linoka li phallang tlas›a tsona, batla phela kamoo kahosafeleng, moo teng ba tla ba le balekane ba hloekileng, Re tla ba amohela moriting o pholileng
- Ruri Allah U laela ho busetsa tseo le neng le li ts›epetsoe ho beng ba tsona (mekoloto), haeba le ahlola lipakeng tsa batho, ahlolang ka toka. Ruri! Se ipabotseng ke sena seo Allah a le hlokomelisitseng sona. Ruri Allah U Utloa tsohle, U bona tsohle
- Oho lona ba kholoang! Mamelang Allah le moromuoa oa hae le bao har’a lona ba nang le matla a puso; haeba le na le khohlano ka se seng har’a lona, se lebiseng ho Allah le ho Moromuoa haeba ka ‘nete le ba kholoang ho Allah le ho letsatsi la bofelo. Ke sona se molemo, e bile se hlompheha ka ho fetisisa pheletsong
- Na ha u e s’o bone ba ikaketsang ka hore ba kholoa ho se senotsoeng ho uena le ho se senotsoeng pele ho uena, kamoo ba lakatsang ho ea ho melingoana ea bohata ho ea ahlola likhang tsa bona, empa ba ile ba laeloa ho khaotsa ho ea ho bona? Takatso ea satane ke ea hoba khelosetsa thoko-thoko le ‘nete
- Ha ho thoe ho bona: “tlohong ho se senotsoeng ke Allah, le tle ho moromuoa,” ke moo u tla bona baikaketsi ba u furalla ka ho nyonya
- Ho tla ba joang ha ba se ba apareloa ke bomalimabe ka lebaka la seo matsoho a bona a se rometseng nale? batla ho uena ba ikana ka Allah, “re ne re sa tsome letho haese maikutlo le litumellano tse amohelehang”
- Bao Allah U tseba se ka lipelong tsa bona; ba hlokomolohe empa ba khaleme, le ba eletse le hona hoba biletsa litabeng tsa meea ea bona ka linako tse hlakileng
- Ha Re e s’o romelle Roromuoa feela haese hore a mameloe ka thato ea Allah. Haeba ba ne ba iphoselitse ka bo-bona, e be ba ile ba tla ho uena ho tla kopa ts’oarelo ea Allah, le ho tla ho Moromuoa ho ka ba kopela ts’oarelo ea Allah; ba ke ba fumane hore Allah U ts’oarela-khafetsa, U khaphatseha mohau
- Empa, ka Mong`a hau ba ke ke ba eba le tumelo ho fihlela ba u etsa moahloli har’a likhang lipakeng tsa bona, ho se khanyetso meeng ea bona ho liqeto tseo uena u li fihletseng, bali amohele ka boithapalatso
- Haeba re ne Re ba laetse hore: “ipolaeng kapa sieang malapa a lona,” ke ba fokolang feela ba ke beng ba entse seo; haeba ba ne ba entse kamoo ba neng ba bolelletsoe ho etsa ka teng, ho ka be ho bile molemo ho bona, ba ne ba tla tiea tumelong ho feta
- Re ke be Re ba sitsitse ka moputso o moholohali o tsoang ho bo teng ba Rona
- Re bile Re ba tataiselitse tseleng e otlolohileng
- Haele ba mamelang Allah le Moromuoa, ba tla ba har’a ba Allah A ba bonts’itseng molemo, ba har’a Baporofeta le bats’epehi, bashoela-tumelo, lebalokileng. Ah! setsoalle se setle ha ka kang
- O joana motlopotlo oa Allah, Allah ke Motsebi oa tsohle
- Oho lona ba kholoang! Ebang hlokolosi, le hona ho beha lihloela nale, tsameang ka lihlots`oana kapa le ka tsamaea `moho
- Ruri har’a lona ho teng ea tla salla morao; e re ha bomalimabe bo le hlahela, o re: “Allah U bile lerato ho ‘na haele mona ke bile sieo har’a bona.”
- Haeba Allah a ka le sitsa ka motlopotlo oa hae, Ruri o ne a tla lla joaloka ha e ka ho ne ho se lerato le teng lipakeng tsa lona le eena, a re: “oho, ke lakatsa e ka nka be ke bile har’a bona, nka be ke fihletse katleho e kholohali!”
- Ba tloheleng ba loanele tsela ea Allah ba rekisang bophelo ba lefats’e lena ka theko ea bo-tlang. Haele ea loanetseng tsela ea Allah, ebang a bolailoe kapa a ikhapetse tlholo, Re tla mo sitsa ka moputso o moholohali
- Molato oa lona ke’ng le ke keng la loanela tsela ea Allah? Har’a banna le basali ba khatellong, le bana ba fokolang bao sello sa bona e leng: “Mong`a rona! Re pholose motseng ona oo batho ba ona e leng bahatelli! Oho hle! A k’u re nehe ho tsoang bo- teng ba Hau mots’oalle ea tla re ts’ireletsa! Oho, a k’u re nehe ho tsoa bo-teng ba hau mosireletsi
- Ba kholoang bona ba loanela tsela ea Allah; botlhoka-tumelo le bona ba loanela tsela ea bo-liabolosi. Kahoo le loants’e metsoalle ea liabolosi. Ruri bo-menemene ba satane bo ea fokola
- Na ha u e s’o bone bao ho itsoeng ho bona: “phuthang matsoho a lona, le rapele le hona ho fana ka linyehelo, eitse hoba ba laeloe ho loana; Bonang! Lequloana la bona le ts’aba batho joaloka ha ba ts’aba Allah, kapa ka letsoalo le fetang leo hole, ba re: “Mong`a rona! Hobaneng ha u ile oa re laela ho loana?” hoja e be u ile oa re neha phomolo ea nakoana! Oho ba bolelle u re: “monyaka oa lefats’e lena o oa fokola; empa bophelo bo-tlang bo tla ba molemo ho ea sesefang bobe; le ke ke la qhekoa le ha e se e le hanyenyane feela
- Hohle moo le leng teng, lefu le tla le fihlela, le ha le kabaka har’a matlo a mekato. Empa ha ba ka hlaheloa ke se ba thabisang ba re: “sena se tsoa ho Allah;” ha ba hlaheloa ke se sebe ba re: “Oho sena ke mesebetsi ea hau.” u re ho bona: “tsohle li tsoa ho Allah. Ho etsahala eng ka batho baa haele moo ho sa fihle likelellong tsa bona hore ba utloisise se etsahalang?”
- Botle bohle bo ka le hlahelang bo tsoa ho Allah, bobe bohle bo ka le hlahelang bo tsoa ho lona. Re u rometse joaloka Moromuoa ho batho, Allah U lekane hoba paki
- Ea mamelang Moromuoa, Ruri o mametse Allah; empa ba tla hloka kutlo: ha re’a u romella hore u kabale tlhokomelo holim’a bona
- Ba re: “re ea kholoa” Empa ha ba u furalla, mokhahlelo o mong oa bona o sesa busiu o loha mano khahlanong le seo o se bolelang. Empa Allah u ngola merero eo; kahona ba hlokomolohe, o behe ts`epo ea hau ho Allah. Allah O lekane ka ho sa feleng e le Morarolli oa litaba
- Na ha ba ipotse ka thata ka Koran? Hoja e ne e tsoa hobabang kathoko ho Allah, ba ke be ba fumane likhohlano tse ngata le ho se lumellane ha litaba ka har’a eona
- Empa ha ba ka fihleloa ke litaba tse molemo kapa tse ts’osang, ba ea lijala-jala, athe hoja e be ba ile ba li lebisa ho Moromuoa, joaloka ha hona le ba nang le matla a puso har’a bona, bao ereng ha qaka e le teng ebe ba ea e seka-seka; ba ke beng ba e tsebile. Hoja e se be ka lereko le mohau oa Allah le ke be le latetse Satane, ntle le ba fokolang feela ba lona
- Oho muhammad! Loanela tsela ea Allah – u ke ke ua jarisoa mojaro o tla u hlola, haese mojaro oa hau feela – empa u khothatse ba kholoang. Ka mohlomong Allah U tla thibela morusu oa botlhoka-tumelo. Hobane Allah U matla a ts’abehang, o na le matla a ho fana ka kahlolo
- Haele ea thusang ketsong ea botle, o tla fumana moputso oa bona, ka mokhoa o ts’oanang le eo ea thusang ketsong ea bobe; o tla fumana litholoana tsa bona. Allah U bona lintho tsohle
- Haeba motho a le lumelisa ka tumeliso e nepahetseng, e khutlisetseng ka tumeliso e fetang eo kapa le e khutlisetse e le joalo. Bonang! Allah U hlokolosi palong ea lintho tsohle
- Ruri ke Allah! Ha ho molimo o mong ntle ho Eena. U tla le khobokanya ‘moho mohla letsatsi la tsoho leo ka lona ho seng khoaho. Ke mang ea ka buoang ‹nete e fetang ea Allah
- Ke se feng se le fileng mathata haele moo le se le le likarolo li peli malebana le baikaketsi, hobane Allah Ubanehile tubeho sebakeng sa ho hloka tumelo ha bona? E ka le batla ho tataisa eo Allah a mo khelositseng? Oho muhammad haele eo Allah A mo khelositseng sebakeng sa hae u ke ke oa mo fumanela tsela
- Ba lakatsa e ka le ka hloka tumelo jaoloka ha ba e hloka, e le hore le tle le be maemong a ts›oanang le bona. Ka hona le se khethe mets›oalle har›a bona ho fihlela ba ka siea malapa a bona sebakeng sa ts›ebeletso ea Allah; haeba ba ka le koenehela bats‘oareng le ba bolae hohle moo le ba fumanang, le se ke la khetha mots›oalle kapa mothusi har›a bona
- Kantle le ba ba tlang ts›ireletso ho batho bao le nang le maqhama a sets›oalle le bona, kapa batlileng ho lona hobane lipelo tsa bona li ba hanetse ho luka ntoa khahlanong le lona, kapa hona ho luka ntoa khahlanong le mehahabo bona. Hoja e be Allah U ne a ratile a ke be A ba nehile matla holim’a lona, ba ke be ba le loants’itse. Kahoo haeba ba iphutha khahlanong le lona, ba bile ba sa luke ntoa le hona ho bopa khotso le lona, Allah ha A le lumella ho nka monyetla khahlanong le bona
- Le tla fumana ba bang ba bona ba lakatsa e ka ba ka fumana ts’ireletso ho lona, le ts’ireletso e tsoang ho batho ba bona. Ka linako tsohle ha ba kenetsoe ke bora eba ba oela lemeneng leo. Empa haeba ba sa suthe pel’a lona ba bile ba se na tihisetso ea khotso, kapa hona ho phutha matsoho a bona, joale ba ts’oareng le ba bolae hohle moo le ba fumanang. Athe khahlanong le ba joalo Re le nehile boikarabello bo hlakileng
- Ho se be molumeli ea ka bolaeang molumeli e mong, kantle le haeba ekaba ka phoso. Haeba ho ka etsahala hore e mong a bolae e mong ka phoso, o ts’oanela ho lokolla lekhoba la molumeli, le hona ho lefa mats’eliso lelapeng la bo mofu, kantle le haeba ba ka e hana ba e nka e le nyehelo. Haeba mofu e ne e le e mong oa lira tsa lona, e ne e le molumeli, ho lekane hore ‘molai a ka lokolla lekhoba le tumelong e le boinyatso. Haeba mofu e ne e le oa batho bao le nang le maqhama a selekane lipakeng, mats’eliso a ts’oaneloa ho lefshoa ho beng ka eena, le lekhoba le tumelong le ts’oanela ho lokoloha. Empa haeba hona le ba fokolloang ke matla malebana le sena, bona ba ts’oanela ho itima ka likhoeli tse peli tse tletseng. Sena e tla be ele boinyatso ho Allah. Allah ke Motsebi oa Tsohle, U Seli
- Haeba hona le ea ka bolaeang lesolomane ka boikemisetso, Ruri moputso oa hae ke lihele kahosafeleng. Khalefo le thohako ea Allah li malebana le eena, o lokiselitsoe timelo e ts’abehang
- Oho lona ba kholoang! Ha le etela linaheng tse ling ka ts’ebeletso ea Allah, ebang hlokolosi malebana le khethollo, etle esere ha motho e mong a le lumelisa ka khotso e be le re: uena ha u molumeli, moo le habileng lintho tsa mafeela tsa lefats’e lena hore le tle le mo ts’ekise tsona. Ruri ho Allah hona le mekhoa e mengata. Le ha ho le joalo, le lona le bile joalo, pele Allah A ts’ollella melemo ea hae ho lona. Ka lebaka leo ebang Seli malebana le khethollo. Hobane Allah Ruri o tseba tsohle tseo le li etsang
- Athe haele ba lutseng malapeng a bona, kantle le likooa, ha ba lekane le ba tsitlalletseng ho loanela tsela ea Allah ka thepa le ka botho ba bona. Allah U fane ka maemo a phahameng ho ba tsitlalletseng ka thepa ea bona le ka botho ba bona bo phahametseng ba pharameng malapeng a bona. Etsoe e mong le e mong Allah U ba ts’episitse botle, empa o ts’olletse moputso o moholo-hali ho ba tsitlaletseng o phahametseng ba pharameng malapeng a bona
- O fana ka lihlohlolo tsa maemo, ts’oarelo le mohau. Hobane Ruri Allah U ts’oarela-joalo-joalo, mohau oa hae o oa khaphatseha
- Bonang! Manyeloi a tla nka meea ea batho ba shoetseng sebeng, ke moo manyeloi a tla ba botsa a re: “le ne le le mathateng a joang?” ba tla re: “re ne re hateletsoe lefats’eng.” Joale e be manyeloi a re: “e be lefats’e la Allah le ne le se batsi hoo le ka beng le ile la falla tubehong e joalo?” Ruri ba na lehae la bona e tla ba lihele, pheletso e mpe Ruri ea leeto
- Haese ba fokolang feela har’a banna, basali le bana ba sa khoneng ho loha mano ba bile ba sa bonts’oa tsela
- Ruri ba joana ba na le tiisetso ea hore Allah U tla ba ts’oarela. Hobane Allah U Mohau, U ts’oarela-khafetsa
- Haele ea telang lelapa la hae ho ea loanela tsela ea Allah U tla fumana likhutloana tsa boits’ireletso li le ngata le motlopotlo lefats’eng, eo ea tla tela lelapa la hae, e be o phaphathehela ho ea batla ts’ireletso ho Allah le ho moromuoa oa hae, e be lefu le mo tsometsa moo, Ruri moputso oa hae o ho Allah. Allah U ts’oarela kahosafeleng, e bile U tletse mohau
- Nakong eo le ntseng le hahlaula le lefats’e, ha hona sebe ho lona ha le ka khutsufatsa lithapelo tsa lona haeba le ts’aba hore botlhoka-tumelo ba ka ‘na ba le hlasela. Hobane ka ‘nete botlhoka-tumelo ke lira tse pepenene ho lona
- Nakong eo u emeng har’a bona u ntse u itokisetsa ho ba etsetsa thapelo, lokolla sehlopha se seng feela sa bona ho ema le uena thapelong, u se lumelle ho nka lihlomo tsa sona. Ha ba se ba phethisitse lithapelo tsa bona, ba lumelle ho ema ba larile ka morao ho lona, ebe u lokolla sehlopha se seng se e s’o rapele ho etsa thapelo ‘moho le uena, u balumelle hoba hlokolosi ebile lihlomo tsa bona li laotsoe. Athe haele botlhoka-tumelo bona ba laba-labela hore mohlomong bohlasoeng ba mabotho a lona ka lihlomo le thoto ea lona, eka ba ka le tsometsa ka sefutho hang. Ha hona sebe ho lona ha le ka beha lihlomo tsa lona thoko, haeba pula e se e le qabeletse kapa le kula. Empa le be seli. Ruri Allah U loki selitse botlhoka-tumelo kahlolo e soabisang
- Ha le se le phethahalitse lithapelo tsa lona, le rorise Allah le lutse, le eme kapa le paqame. Ha le se le le ts’ireletsong, ts’oelang pele le etse lithapelo tsa lona ka tatellano. Hobane lihora tse tletseng tsa lithapelo li’a tlama ho ba kholoang
- Le se emise ho salama sera. Haeba le na le mathata, le bona ba na le mathata joaloka lona, le hoja lona le na le ts’epo ho Allah, bona ba e hloka. Ruri Allah U tseba kahosafeleng, U Seli
- Bona! Re u senoletse Lengolo le le nang le ‘nete, e le hore u tle u ahlole lipakeng tsa batho ka seo Allah a u bonts’itseng sona. U se be ‘muelli oa ba bohata
- Empa u kope ts’oarelo ea Allah. Allah U ts’oarela kahosafeleng, U tletse mohau
- U se ke oa buella batho bafoselitseng meea ea bona. Hobane Allah ha A rate ea bohata a bile a le har’a sebe
- Ba batla ho patela batho bonokoane ba bona, empa ba ke ke ba bo patela Allah. Allah U na le bona bosiu nakong eo ba ntseng baloha mano a sa khahliseng Allah. Allah U etselitse liketso tsohle tsa bona lesakana-la-nkope kahosafeleng
- Aha! Ke lona ba ka ba buellang bophelong ba lefats’e lena. Empa ke mang ea tla ba buella ho Allah mohla letsatsi la tsoho, kapa ke mang eo e tla ba mots’ireletsi oa bona
- Haele ea tla etsa sebe kapa a fosetse moea oa hae, hamorao ebe o tsoma ts’oarelo ea Allah, o tla fumana hore Allah U ts’oarela- joalo-joalo
- Haeba hona le’a ka etsang sebe, o se etsa joalo khahlanong le moea oa hae feela. Allah U tseba kahosafeleng, U Seli
- Haeba hona le’a ka etsang phoso kapa sona sebe, e be o se manamisa ea se nang molato, Ruri o itjarisa bo-eena ka bohata le sebe se nyarosang
- Empa hoja e se be ka lereko le mohau oa Allah holim’a, karolo e ‘ngoe ea bona e ka be e atlehile morerong oa bona oa ho u khelosa, empabatla ikhelosa bo-bona, ha ho kotsi eobaka u hlahisetsang eona hohang. Hobane Allah U u senoletse Lengolo le halalelang le bohlale, abaa u ruta seo u neng u sa se tsebe hohang. Lereko la Allah ho uena le leholo
- Ruri ha hona botle bo bo kaalo lipuong tsa bona tsa lekunutung, haese ho eo ea khothaletsang linyehelo, mosa le popo ea khotso har’a batho. Ea etsang joalo moo a habileng ho una monyaka oa Allah, holim’a hae re tla ts’ollela moputso o moholo-hali
- Haeba hona le’a ka bang khahlanong le moromuoa kamor’a hoba tataiso ea Allah e totobatsoe ho eena, ebe o latela tsela e ka thoko le’a bakholoang, Ruri re tla mo tlohella hona tseleng eo a sokolohetseng ho eona, ebe re mo lahlela liheleng – Ruri ena ke pheletso e mpe ea leeto
- Ruri! Allah ha a ts’oarele ea mo kopanyang le batlatsetsi. Empa o ts’oarela bohle bao a ikhethetseng bona. Haele ea kopanyang Allah le batlatsetsi Ruri o hlahlathela thoko-thoko le tsela
- Sebakeng sa hae ba bitsa feela ho melingoana ea basali; ha ho eo ba mo rapelang haese satane, lehlabaphieo
- Allah U ile a mo rohaka, satane A re: Ruri-Ruri ke tla khephola karolo e ngoe ea makhabunyane a hau e be ke’a e khelosa
- Ruri ke tla ba khelosa, ke tla tsosolosa litakatso ka hare ho bona, e be ke ba laela ho poma litsebe tsa likhomo, le hona ho fetola tlholeho ea Allah. Ea tla ikhethela setsoalle sa satane ho ena le sa Allah, Ruri o lahlehetsoe hoo tahlehelo ea hae e totobetseng
- Ruri satane o ba etsetsa lits’episo, o fehlile litakatso ka hare ho lipelo tsa bona, empa ha ho seo satane a ba ts’episang sona haese leshano
- Balateli ba satane lehae la bona e tla ba lihele, teng bake ke ba fumana ts’ireletso
- Empa ba kholoang bona, ba etsa liketso tse lokileng; Ruri re tla ba amohella ka har’a lirapa tseo linoka li phallang ka tlas’a tsona, kamoo teng batla phela kahosafeleng. Ena ke ts’episo e tsoang ho Allah ka ‘nete; etsoe ke mang ea ka buoang ‘nete sebele ho feta lentsoe la Allah
- E ke ke ea eba ho latela litakatso tsa lona, kapa litakatso tsa batho ba Lengolo tse ka pholosang mong le mong ea entseng sebe. Ea entseng sebe o tla fumana moputso oa sona, malebana le Allah a ke ke a fumana motsoalle ofe, kapa ofe ea ka mots’ireletsang kapa eena mothusi
- Mong le mong ea ka etsang liketso tse lokileng, hore na ekaba ea motona kapa e mots’eali e bile e le molumeli, Ruri batla kena Paradeising, ba ke ke ba qhekelloa leha e se e le hanyenyane feela
- Ke mang ea ka bang chatsi tumelong ho feta ea nyehetseng ts’ebeletso ea hae ho Allah ka ho etsa botle a bile a latela mehlala ea Abrahama ea kileng a ba le ‘nete tumelong? Ruri Allah ka bo-Eena U khethile Abrahama ele motsoalle oa Hae
- Lintho tsohle tse maholimong le tse lefats’eng ke tsa Allah. Ruri Allah U etselitse lintho tsohle lesakana-la-nkope
- Ba u botsa malebana le basali. U re: Allah U le nehile molao malebana le bona, le Lengolo leo le kileng la le pheteloa le fana ka molao malebana le likhutsana tsa basali tseo lona le sa faneng ka tseo le li laetsoeng malebana le bona le hoja le e na le takatso ea ho banyala; le bona bana ba tetemang, le tlameha ho sebeletsa likhutsana ka toka. Botle bohle boo le bo etsang, Ruri! Allah U hlokolosi ka bona kahosafeleng
- Haeba mosali a ts’aba bokhopo ba monna oa hae, kapa hona ho siuoa shalabeng, ha hona sebe ho bona ka bobeli haeba ba ka bopa khotso lipakeng tsa bona. Etsoe khotso e molemo. Empa meharo e bopeletsoe le kelello ea monna. Haeba le ka etsa tse lokileng le hona ho sesefa bobe, Ruri! Allah U tsebisisa hantle tseo le li etsang kahosafeleng
- Le ke ke la khona ho sebetsa ka tekano lipakeng tsa basali ba lona, ho sa tsotellehe hore na u lakatsa ho phethisa ha kae. Empa le se ke la furalla mosali a le mong kaofela ha lona, ka mokhoa oa ho mo siea shalabeng. Haeba le ka etsa botle le hona ho sesefa bobe, Ruri! Allah U ts’oarela-joalo-joalo, o tletse mohau kahosafeleng
- Empa haeba ba ka arohana, Ruri Allah U tla putsa ka bo mong ho tsoa motlopotlong oa hae o se nang tekanyo. Allah U hlokomela bohle, o tseba tsohle kahosafeleng
- Lintho tsohle tse maholimong le tse lefats’eng ke tsa Allah. Re ile Ra laela batho ba Lengolo pele ho lona, hajoale re laela lona hore le boloke ts’ebeletso ea lona ho Allah. Haeba le ka koeneha, Ruri! Lintho tsohle tse maholimong le tse lefats’eng ke tsa Allah, Allah ha A hloke, ke Mong`a lithoriso ka ho safeleng
- Lintho tsohle tse maholimong le tsohle tse lefats’eng li ikarabella ho Allah. Allah U lekane joalokaha e le mots’ireletsi
- Hoja o ne A ratile, oho batho, U ne A ka le ripitla, o ne A tla hlahisa batho ba bang sebakeng sa lona. E bile Allah a ka khona ho etsa joalo
- Mong le mong ea lakatsang moputso oa lefats’e lena, a tsebe hore ho Allah hona le moputso oa lefats’e lena le moputso oa bo-tlang. Ruri Allah U utloa tsohle, o bona tsohle
- Oho lona ba kholoang! Tsitlallelang holim’a toka le pake le Allah, le hoja e le khahlanong le bo-lona kapa malebana le batsoali ba lona, beng ka lona, ekaba malebana le barui kapa bafutsana, hobane Allah U haufi bobeling ba lona kamoo le le ka teng. Kahoo le se latele litakatso tsa lipelo tsa lona, hobane ka mohlomong le tloha le sotha ‘nete, haeba le ka kheloha kapa la oela ka thoko, Allah U tsebisisa hantle tseo le li etsang
- Oho lona ba kholoang! Kholoang ho Allah le ho Moromuoa oa Hae, le be le lumele ho Lengolo leo a ileng a le senolela Moromuoa oa hae, le ho Lengolo leo a ileng a le senolela ba bileng teng pele ho eena. Haele eo ea sa lumeleng ho Allah le ho Manyeloi a Hae, le Mangolong a hae, le ho Baromuoa ba hae, a bile a sa lumele ho letsatsi la bofelo, Ruri o khelohetse tubehong e thoko-thoko haholo
- Haele ba kholoang, e re kamorao ba e koenehele, ba boele ba lumele hape, khabareng ba ntoo e koenehela, ba phehelle ho se lumele, Ruri! Allah a ke ke a ba ts’oarela, kapa hona ho ba tataisetsa tseleng e nepahetseng
- Fanang ka litaba tse molemo tsena ho baikaketsi hore sebakeng sa bona hona le timelo e mahlonoko
- Ba ikhethelang botlhoka-tumelo hoba metsoalle ea bona hona le ba kholoang! Na e be ba shebile matla a matsohong a bona? Ruri! Matla ohle a ho Allah
- Allah U se a ile a le senolela temana ka hare ho Lengolo, hore haeba le ka utloa lits’enolo tsa Allah li nyatsuoa le hona ho nyefoloa, le se ke la lula le banyefoli bao ho fihlela ba ka fetohela moqoqong o sele. Haeba le ka lula le bona le tla tloha le ts’oana le bona. Hobane Ruri! Allah U tla bokella baikaketsi le botlhoka-tumelo hammoho, ka hare ho lihele
- Batho bana ke ba emetseng hore ba bone phetoho malebana le lona, haeba tlholo e ka tla ho lona e tsoang ho Allah, batla re: na ha re’a ka ra ba le lona? Empa haeba e le botlhoka- tumelo ba thulanang le katleho ba tla re: ha se moo re atlehile ho le feta; na ha se rona ba ileng ba le ts’ireletsa malebana le bakholoang? – Ruri! Allah U tla ahlola lipakeng tsa lona mohla letsatsi la tsoho, ‘Allah a ke ke a fana ka tsela efe kapa efe ea katleho malebana le botlhoka-tumelo
- Bonang! Baikaketsi ba batla ho qhekella Allah, empa ke Allah ea ba qhekelletseng. Ha ba ema thapelong bae etsa ka monyebe, haese feela hore ba bonoe ke batho, empa ha ho letho leobale nahanang ka Allah haese hanyane feela
- Ruri menahano ea bona e ea farasa, ka ho ipotsa hore na ba ka ikarabella ho ba kholoang kapa botlhoka-tumelo. Haele eo Allah A mo lesang ho kheloha, u ke ke oa mo fumanela tsela
- Oho lona ba kholoang! Le se ke la khetha botlhoka-tumelo hoba metsoalle ea lona hona le bakholoang. Na le lakatsa ho neha Allah bopaki bo hlakileng malebana le lona
- Bonang! Baikaketsi ba tla ba har’a khanare e tebileng ea mollo, u ke ke oa ba fumanela mothusi
- Kantle le haeba ba ka baka, ba basokolohe le hona ho tsitlalla ka tieo ho Allah, ba etse hore tumelo ea bona e hloeke malebana le Allah feela. Ruri! Bajoalo bahar’a ba kholoang. Allah U tla sitsa bakholoang ka moputso o moholohali
- Ke se eng seo Allah a ka se unang malebana le kahlolo ea lona ha feela eba le na le teboho ka mehau ea Hae, e bile le lumela ho Eena? Allah U arabela litaba tsohle, U hlokolosi kahosafeleng
- Hlokomelang! Allah ha a rate lipuo tse mpe ha li phatlalatsoa haese ha feela eba motho o kile a etsa bobe. Ruri! Allah U utloa tsohle, o tseba tsohle kahosafeleng
- Haeba le etsa botle pepeneneng kapa le bo etsetsa lekunutung, le hona ho ts’oarela libe, Ruri Allah U ts’oarela-kahosafeleng, U matla a ts’abehang
- Bonang! Haele ba sa lumeleng ho Allah le ho Baromuoa ba Hae, ba bile ba batla ho etsa khethollo lipakeng tsa Allah le Baromuoa ba Hae ka hore: re lumela ho ba bang, re hanana le babang, re batla ho ipatlela tsela lipakeng
- Ruri bana ke botlhoka-tumelo ka ‘nete; sebakeng sa bona re lokisitse timelo e tlotlollang
- Empa haele ba kholoang ho Allah le ho Baromuoa ba Hae, ba bile ba sa khetholle lipakeng tsa bona, Ruri Allah U tla ba neha meputso ea bona; hobane Allah haesale a ts’oarela- kahosafeleng, mohau oa Hae o oa khaphatseha
- Bathoba Lengolo ba u kopa hore u etse hore buka ea sebele e theohele ho bona e tsoang leholimong. ba kile ba kopa Moshe ntho e kholo mehleng ea khale, ba re: a k’u re bonts’e Allah pepenene. ba ile ba ilibangoa ke lehalima sebakeng sa nyeliso eo ea bona.’Ba ile ba ikhethela ho rapela namane kamor’a hoba lits’upiso tse hlakileng tsa puso ea Allah li finyelle ho bona. Leha ho le joalo re ile ra ba ts’oarela ka seo! Eaba re sitsa Moshe ka matla a puso a totobetseng
- Nakong eo Re neng Re amohela selekane sa bona Re ile Ra phahamisetsa tlhoro ea thaba ea tur ka holimo-limo ho bona: eaba re fetola se sebe ka se setle ho bona ra re: *kenang mokoallong oo ka boikokobetso!* Ra boela Ra fetola tse mpe ka tse ntle Ra Re: *le se ke la tlola lipallo tsa sabata!* eaba Re nka selekane sa tihisetso ho bona
- Empa ka lebaka la ho roba selekane hoa bona, le hona ho latola lits’enolo tsa Allah, le ka polao e sehloho ea bona ea Baporofeta, ba bile ba re: *lipelo tsa rona li thatafetse,* – empa Allah U litse lipelo tsa bona ka boka ho latela nyefolo ea bona, e le hore ba tle ba se ke ba lumela letho haese ba fokolang feela ba bona
- Le ka lebaka la ho nyefola tumelo hoa bona, le lipuo tsa bona malebana le Maria ka ho mo manamisa molato o moholo oa bohata
- Le ho latela puo ea bona e reng: re bolaile Jesu mora oa Maria, moromuoa oa Allah-empa habaea ‘molaea kapa hona ho mo thakhisa, empa ho bona ho hlahela joalo; bonang! Ba latolang malebana le sena, bahar’a lipelaelo ka sona; habana tsebo ka sona haese ho latella likhakanyo feela; ka ‘nete’ Ruri ha ba ea ‘molaea
- Empa Allah U ile a mo nkela ho eena. Ruri Allah U matla Oohle, U Seli kahosafeleng
- Ha ho le’a mong oa batho ba Lengolo ea ke keng a lumela pele ho lefu la hae, ebile mohla letsatsi la tsoho Jesu e tla ba paki khahlanong le bona –
- Ho latela liphoso tsa Ma-Juda, re ile ra ba hanela ka lintho tse lokileng tseo pele li neng li le molaong ho bona, le ho latela ts’itiso e kholo ea bona tseleng ea Allah
- Le hona ho nka tsoala le ho ja ba ne ba e hanetsoe, le ka ho ja matlotlo a batho hoa bona ka keko le bohata. Ruri sebakeng sa botlhoka-tumelo re lokisitse timelo e mahlonoko
- Athe haele bahar’a bona ba sa thekeseleng tsebong, ‘moho le ba kholoang ho seo u ileng oa se senoleloa, le ho se ileng sa senoloa pele ho uena, haholo-holo ba tsitlaletseng thapelong, le ba lefang zakaat, ba kholoang ho Allah le ho letsatsi la bofelo, Ruri re tla ts’ollela moputso o moholo-hali ho bona
- Bona! Re u senolela joalokaha re ile ra senolela Nooe le Baporofeta ba bileng teng kamorao ho eena. Re ile ra senolela Abrahama le Ishmaele, Isaaka le Jakobo, le Meloko, ea eba Jesu le Jobo, Jonah, Aarone le Salemone, eaba re fana ka lipesalema ho Davida
- Pejana ho mona re se re ile ra u hlalosetsa nalane ea Baromuoa ba bang, ha ba bang bona Baromuoa re e s’o u hlalosetse ea bona; ho Moshe teng Allah U kile a buoa sefahla mahlo
- Ke Baromuoa ba faneng ka litaba tse molemo, ebile e le tsa tlhokomeliso hore batho ba tle ba se ke ba pheha khang malebana le Allah kamor’a baromuoa. Hobane Allah U matla- ohle, O Seli kahosafeleng
- Empa Allah ka bo-Eena ke paki malebana le seo A u senoletseng sona; U se senotse ho tsoa tsebong ea hae sebele; le manyeloi ke lipaki. Allah bopaking U lekane
- Bona! Bahlokang tumelo, ba bile ba sitisa ba bang tseleng ea Allah, Ruri ba tubehong e thoko-thoko haholo
- Athe haele botlhoka-tumelo ba bile ba etsa liphoso, Ruri Allah a ke ke a ba ts’oarela, kapa hona hore a ba tataisetse tseleng
- Haese feela tsela ea liheleng, moo teng batla phela kahosafeleng. Seo se bobebe ho Allah
- Oho batho! Moromuoa o tlile ho lona ka ‘nete e tsoang ho Mong`a lona. Ka hona kholoang; seo se molemo ho lona. Empa haeba le tsitlaletse ho hloka tumelo, Ruri! Lintho tsohle tse maholimong le tsohle tse lefats’eng ke tsa Allah. Allah U tseba tsohle, o Seli kahosafeleng
- Oho bathobaLengolo! Le se ke la feteletsa litaba tumelong ea lona, kapa hona ho buoa lintho tse sa lokang malebana le Allah haese ‘nete feela. Messia Jesu mora oa Maria, e ne e se ho hong haese feela moromuoa oa Allah, le lentsoe la hae leo a ileng a le phatlalatsa ho Maria, le moea o tsoang ho Eena. Ka hona kholoang ho Allah le ho Baromuoa ba hae, le se ke la re *boraro* (bo teroneng) – linyonts’a! Seo se molemo ho lona! – Allah ke molimo a le mong feela. Se phahameng ka ho fetisisa ke botlotlehi ba hae ba hore A kabale mora. Ruri lintho tsohle tse maholimong le tsohle tse lefats’eng ke tsa hae. Allah U lekane hoba mohlokomeli oa tsohle
- Messia o ne a sa ts’oafe ho sebeletsa Allah, le ona manyeloi a halalelang, ha a tsoafe. Haele ba ts`oafileng ts`ebeletso ea hae le hona ho e nyefola, Ruri kaofela ba joalo o tla ba bokella pel’a hae
- Joaloka ba kholoang ba bile ba entse mesebetsi e lokileng, Ruri o tla ba lefa meputso ea bona ka botlalo, ebile o tla phaella meputsong ea bona ka motlopotlo oa hae; athe ba ts’oafileng le hona ho nyefola, Ruri o tlabaneha kotlo ea timelo e mahlonoko
- Etsoe malebana le Allah ba ke ke ba fumana motsoalle ofe kapa ofe ea ka ba ts’ireletsang kapa hona hoba thusa
- Oho batho! Hajoale ho tlile ho lona bopaki bo tsoang ho Mong`a lona, etsoe re le romeletse leseli le hlakileng
- Athe haele ba kholoang ho Allah, ba bile ba mamaretse ka tieo ho Eena, Ruri u tla ba amohella mohaung le lerekong la hae, etsoe U tla ba tataisetsa ho eena ka tsela e otlolohileng. bau kopa tlhakisetso ka molao. U re ho bona: *Allah U le hlakiselitse malebana le beng ka lona ba mahole. Hore haeba monna a ka shoa a se na bana, a e na le khaitseli, khaitseli’ae o tla fumana karolo ea lefa, athe hoja e be e ne e le khaitseli’ae e shoeleng e se na bana, monna (khaitseli ea mosetsana) e ne e tla ba eena moja lefa leo. Haeba monna eo a e na le likhaitseli tse peli, joale karolo ea bona e tla ba bobeli ho boraro balefa leo, etsoe haeba hona le baena, monna le mosali, karolo ea monna e tla ba karolo e lekanang le ea basali ba ba beli. Ke kamoo Allah a le hlakiselitseng ka teng, e le hore le tle le se ke la fosa. Etsoe Allah ke motsebi oa lintho tsohle. Ka lebitso la Allah, Ea Lereko, Mong`a hao